LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g19 No. 2 maq. 8-9
  • Ho ba le Mamello

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho ba le Mamello
  • Fadimehang!—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO BA LE MAMELLO HO BOLELANG?
  • KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE RE MAMELLE?
  • KE JWANG O KA RUTANG NGWANA WA HAO HORE A MAMELLE?
  • Na ke Kgona ho Amohela Dintho ka Moo di Leng ka Teng?
    Batjha ba a Botsa
  • Ke Itshwara Jwang ha ke Eletswa?
    Batjha ba a Botsa
  • Ruta Bana ba Hao Hore ba Ikokobetse
    Fadimehang!—2017
  • Batswadi, Thusang Bana ba Lona ho ba le Tumelo e Matla
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Fadimehang!—2019
g19 No. 2 maq. 8-9
Mme o thusa moradi wa hae ya ferekaneng hobane kheike eo a neng a e etsa e tswile hampe

NTLHA YA 3

Ho Ba Le Mamello

HO BA LE MAMELLO HO BOLELANG?

Motho ya nang le mamello, ke motho ya sa duleng a utlwisitswe bohloko ke dintho tse mpe tse mo hlahetseng. Ho hlokahala hore motho a be le tsebo e le hore a etse sena. Feela jwalo ka ha ngwana a ke ke a kgona ho ithuta ho tsamaya ntle le hore a we, ka tsela e tshwanang a ke ke a atleha bophelong ntle le hore a hlahelwe ke mathata.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HORE RE MAMELLE?

Bana ba bang ba a nyahama haeba ba kopana le mathata, ba sa atlehe dinthong tse ding ebile ho fumanwa diphoso ho bona, ba bang bona ba nyahama ka ho felletseng. Le ha ho le jwalo, ba lokela ho hopola dintlha tsena tse latelang:

  • Re ke ke re atleha nthong e nngwe le e nngwe eo re e etsang.​—Jakobo 3:2.

  • Bohle re hlahelwa ke mathata.​—Moeklesia 9:11.

  • Kgalemelo e re thusa hore re ithute diphosong tsa rona.​—Liproverbia 9:9.

Ha ngwana wa hao a amohela ha a hlahetswe ke mathata, seo se tla mo thusa hore le nakong e tlang a kgone ho a hlola.

KE JWANG O KA RUTANG NGWANA WA HAO HORE A MAMELLE?

Haeba ngwana wa hao a sa atlehe.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ya lokileng a ka nna a wa esita le ka makgetlo a supileng, mme ka sebele o tla ema.”​—Liproverbia 24:16.

Thusa ngwana wa hao ho ithuta hore ha a hlahelwa ke bothata, a nahane hore na ke bo ka lokisehang kapa tjhe. Ka mohlala, o tla etsang haeba a feitse tlhahlobo sekolong? A ka nna a nyahama mme a re: “Ho a tshwana, ha hona ntho eo ke kgonang ho e etsa!”

Ruta ngwana wa hao ho kgaotsa ho dula a utlwile bohloko, ka hore o bone hore na ke dintho dife tseo a ka di etsang hantle nakong e tlang. Sena se tla mo thusa hore a hlole bothata boo mme a kgaotse ho utlwa bohloko.

O se ke wa mo bolella hore na a etseng ho rarolla mathata a hae. Ho ena le hoo, o mo thuse ho re a ipatlele hore na a ka rarolla bothata boo jwang. O ka nna wa mo botsa hore na o ikemiseditse ho etsang e le hore a sebetse hantle dithutong tsa hae.

Ha re etsahallwa ke dintho tse bohloko.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ha le tsebe hore na bophelo ba lona bo tla ba jwang hosasane.”​—Jakobo 4:14.

Bophelo ba a fetofetoha. Motho ya ruileng a ka futsaneha hosane mme motho ya phetseng hantle a ka tsoha a kula. Bibele e re: “Ba lebelo ha ba hlole peisong, le ha e le hore ba matla ba a hlola ntweng, hobane bohle ba hlahelwa ke nako le ketsahalo e sa lebellwang.”​—Moeklesia 9:11.

Motswadi o etsa sohle seo a se ka kgonang ho sireletsa ngwana wa hae dinthong tse ka mo utlwisang bohloko. Empa ke nnete hore motswadi a ke ke a kgona ho sireletsa ngwana wa hae nthong e nngwe le e nngwe e ka mo utlwisang bohloko.

E ka nna yaba ngwana wa hao o sa le monyane hore a ka kopana le mathata a ho fellwa ke mosebetsi kapa mathata a ditjhelete. Empa o ntse o ka nna wa mo thusa ka mathata a mang a kang ho lahlehelwa ke motswalle le ho hlokahallwa ke motho eo a mo ratang.a

Ha ngwana a bontshwa diphoso tsa hae.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Mamela keletso . . . e le hore o ka hlalefa bokamosong ba hao.”​—Liproverbia 19:20.

Ha motho a kgalemela ngwana wa hao, seo ha se bolele hore ha a mo rate empa se bontsha hore o batla ho mo thusa hore a etse dintho tse molemo.

Haeba motswadi a kgalemela ngwana wa hae, seo se tla ba tswela molemo ba le babedi. Ntate e mong ya bitswang John o re: “Haeba ngwana a sa kgalemelwe, a ke ke a ithuta diphosong tsa hae. Empa o tla dula a etsa diphoso mme batswadi ba tla tlameha ho ikarabella diphosong tseo. Ebile seo se ka etsa hore motswadi le ngwana ba sulafallwe ke bophelo.”

O ka thusa ngwana wa hao jwang hore a rue molemo ha a kgalemelwa? Haeba ngwana a kgalemelwa sekolong kapa ke motho e mong, o se ke wa re ho yena o ne a sa lokelwa ho kgalemelwa. Ho e na le hoo, o ka nna wa re:

  • “O nahana hore ke hobaneng ha motho eo a ile a o kgalemela?”

  • “O ka lokisa bothata boo jwang?”

  • “O tla etsang nakong e tlang ha o kopana le boemo boo?”

Hopola hore ha ngwana wa hao a kgalemelwa, seo se tla mo tswela molemo hona jwale le ha a se a hodile.

a Sheba sehlooho se reng “Thusa Ngoana wa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa” makaseneng ya Molula-Qhooa wa July 1, 2008.

Mme o thusa moradi wa hae ya ferekaneng hobane kheike eo a neng a e etsa e tswile hampe

BA KWETLISE HONA JWALE

Ha ngwana a ithuta diphosong tsa hae ebile di sa mo nyahamise, seo se tla mo thusa hore a kgone ho ithuta dintho tse ntjha mme a ipabole ho tsona le hoja di ka bonahala eka ho thata ho ithuta tsona

Behela Bana ba Hao Mohlala

  • Na ke amohela diphoso tsa ka, kapa ke beha batho ba bang molato?

  • Na ke bua ka dintho tseo ke hlolehileng ho di etsa, hona ke ithutileng ho tsona?

  • Na ke a thaba ha batho ba bang ba entse diphoso?

Seo Batswadi ba Bang ba se Buang . . . 

Jeff o re: “Re ne re sa thuse bana ba rona mathateng a ba hlahelang. Ho mamella mathata ke sa le monyane ho nthusitse hore ke be motho ya molemo. Bana ba rona ba ile ba hola ba na le boikarabelo hobane re ne re sa ba tefisi.”

James o re: “Haeba nna le mosadi wa ka re foseditse bana ba rona, re ne re kopa tshwarelo. Ke dumela hore batswadi ba lokela ho bolella bana ba bona diphoso tseo ba ileng ba di etsa nakong e fetileng, hobane seo se tla ba thusa ho bona hore ho etsa diphoso ke karolo ya bophelo.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share