BANYALANI
3 Tlhompho
E BOLELANG?
Banyalani ba hlomphanang ba a kgathallana esita le ha ba sa utlwane ka ntho e itseng. Buka e bitswang Ten Lessons to Transform Your Marriage e re: “Banyalani bana ba qoba ho ba boemong bo ka etsang hore ba se ke ba utlwana. Ho ena le hoo, ha ba na le mathata ba buisana ka ona. Ba mamelana ka tlhompho ha e mong a bua mme ba leka ho fumana mokgwa o tla ba kgotsofatsa ka bobedi.”
MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Lerato . . . ha le batle dithahasello tsa lona.”—1 Bakorinthe 13:4, 5.
“Ho hlompha molekane wa ka ho bolela hore ke a mo ananela ebile ha ke batle ho etsa letho le tla mo utlwisa bohloko kapa la senya lenyalo la rona.”—Micah.
KE HOBANENG HA SEE E LE SA BOHLOKWA?
Banyalani ba sa hlomphaneng ba dula ba phoqana ebile ba tshwayatshwayana diphoso, e leng seo bafuputsi ba reng ke matshwao a bontshang hore ba ka qetella ba hlalane.
“Ho kobisa kapa ho etsa metlae e ditshila ka mosadi wa hao, ho tla mo diha seriti, ho etse hore a se ke a o tshepa ho be ho senye le lenyalo la lona.”—Brian.
SEO O KA SE ETSANG
ITLHAHLOBE
Ipehele beke e le nngwe o sheba meqoqo ya hao le dintho tseo o di etsang. Ebe o a ipotsa:
‘Ke tshwaile molekane wa ka diphoso kapa ke mo babaditse ka makgetlo a ma kae?’
‘Ke bontshitse ka ditsela dife hore ke hlompha molekane wa ka?’
BUISANA LE MOLEKANE WA HAO
Ke mokgwa ofe wa ho bua kapa wa ho etsa dintho o etsang hore molekane wa hao a bone hore o a mo hlompha?
Ke mokgwa ofe wa ho bua kapa wa ho etsa dintho o bontshang hore molekane wa hao ha a o hlomphe?
DINTHO TSE KA O THUSANG
Ngola dintho tse tharo tseo o ka ratang hore molekane wa hao a di etse ho bontsha hore o a o hlompha. Bolella molekane wa hao hore le yena a etse se tshwanang. Mo fe pampiri eo o ngotseng dintho tseo ho yona, le yena a o fe ya hae mme le leke ho botshana tlhompho dinthong tseo e mong a di ngotseng.
Ngola dintho tseo o di ratang ka molekane wa hao. Mo bolelle hore o ananela dintho tseo haholo.
“Ho hlompha molekane wa ka ho bolela hore ke etsa dintho tse bontshang hore ke a mo ananela ebile ke batla hore a thabe. Dintho tse nyenyane tseo ke di buang kapa ke di etsang di ka bontsha hore ke a mo hlompha.”—Megan.
Ntho e ka sehloohong ha se hore na o bona e ka o hlompha molekane wa hao kapa tjhe, empa potso ke hore na yena o ikutlwa jwang ka taba ena.
MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12.