LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g21 No. 2 maq. 10-12
  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Lenyalo la Hao?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Lenyalo la Hao?
  • Fadimehang!—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEO O LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO O KA SE ETSANG
  • 3 Tlhompho
    Fadimehang!—2018
  • Tsela ya ho Bontsha Kananelo
    Fadimehang!—2017
  • 1 Botshepehi
    Fadimehang!—2018
Fadimehang!—2021
g21 No. 2 maq. 10-12
Ntate o boema fofane mme o bua le molekane wa hae ya lapeng ka video.

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Lenyalo la Hao?

Ha banyalani ba sebedisa theknoloji hantle, e ka matlafatsa lenyalo la bona. Ka mohlala, e ka ba thusa hore ba buisane letshehare lohle ha ba se mmoho.

Le ha ho le jwalo, banyalani ba bang ba sebedisa theknoloji hampe mme seo se etsa hore . . .

  • ba se ke ba qeta nako ba le mmoho.

  • ba tle le mosebetsi hae le ha ho sa hlokahale.

  • ba se ke ba tshepana hape ba se ke ba tshepahala.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

Monna le mosadi ba sebedisa difono tsa bona ha ba ntse ba paqame betheng bosiu.

HO QETA NAKO HA MMOHO

Monna ya bitswang Michael o re: “Ka dinako tse ding ha ke na le mosadi wa ka, ho tshwana le ha eka ha a yo. O dula a shebile fono ebe o re, ‘Haesale ke sa kgone ho e sheba ho fihlela hona jwale.’ ” Monna ya bitswang Jonathan o re maemong a jwalo “banyalani ba ka ba mmoho empa ba ikutlwa eka ba dibakeng tse pedi tse fapaneng.”

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Ke hangata hakae molaetsa kapa fono e llang e kenakenanang le nako eo o e qetang le molekane wa hao?​—BAEFESE 5:33.

MOSEBETSI

Batho ba bang ba sebetsa mesebetsi e ba hlokang hore ba dule ba ikemiseditse ho araba difono kapa diimeile tsa bona ka nako le ha e le efe. Ba bang ba sebetsang mesebetsi e sa ba hlokeng hore ba dule ba araba difono le diimeile, ba utlwa ho ntse ho le thata hore ba se ke ba sebetsa ha ba le hae. Monna ya bitswang Lee o re: “Ho thata hore ke se ke ka araba fono kapa molaetsa o mong le o mong o amanang le mosebetsi wa ka le hoja e le nakong eo ke e behelletseng ka thoko bakeng sa mosadi wa ka. Mosadi ya bitswang Joy o re: “Ke sebeletsa hae, ka hoo ho thata hore ke emise ho sebetsa. Ke lwana ka thata hore ke lekalekanye dintho.”

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na o mamela molekane wa hao ka hloko ha a bua le wena?​—LUKA 8:18.

BOTSHEPEHI

Batho ba bangata ba re ba kile ba qabana le balekane ba bona hobane molekane e mong a belaella seo e mong a se etsang Inthaneteng. Ba bang ba a dumela hore ba kile ba beha dintho Inthaneteng tseo ba sa batleng hore balekane ba bona ba di bone.

Batho ba bangata ba a dumela hore marangrang a na le dikotsi tse ngata tse sa bonahaleng bakeng sa banyalani ebile a etsa ho be bonolo hore ba etse bofebe. Ha ho makatse hore boramolao ba sebetsanang le tlhalo ba re marangrang a qhala manyalo a mangata.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na o patela molekane wa hao melaetsa ya motho eo o neng o buisana le yena wa bong bo sa tshwaneng le ba hao?​—LIPROVERBIA 4:23.

SEO O KA SE ETSANG

KGETHA DINTHO TSE LOKELANG HO TLA PELE

Motho ya sa jeng a ke ke a phela hantle mmeleng. Ka tsela e tshwanang, motho ya se nang nako bakeng sa molekane wa hae, lenyalo la hae le tla ba le mathata.​—Baefese 5:​28, 29.

KELETSO YA BIBELE: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—BAFILIPI 1:10.

Buisana le molekane wa hao ka ditlhahiso tse latelang tseo o ka thabelang hore le di sebedise kapa o ngole tsa hao tse tla le thusa hore theknoloji e se ke ya kenakenana le lenyalo la lona.

  • Jang ha mmoho le ha e ka ba ha nngwe ka letsatsi

  • Behang nako eo ka yona le ke keng la sebedisa disebediswa tsa elektronike

  • Ipeheleng letsatsi leo le tla ilo ithabisa ka lona le le bang

  • Timang difono ha le ilo robala

  • Ipeheleng metsotso e 15 letsatsi le letsatsi le buisana mme le behile disebediswa tsa elektronike hole

  • Timang Inthanete ka nako e itseng letsatsi le letsatsi

DIPOTSO TSEO BANYALANI BA KA BUISANANG KA TSONA

Ka mora hore wena le molekane wa hao le nahane ka dipotso tsena ka bomong, buisanang ka dikarabo tsa tsona.

  • Le ka sebedisa theknoloji ka ditsela dife ho matlafatsa lenyalo la lona?

  • Ho ya ka maikutlo a hao, ke hakae theknoloji e kenakenanang le nako eo le e qetang le le mmoho?

  • O ka rata hore le etse diphetoho dife?

  • Na o kgona ho siya mosebetsi mosebetsing? Na molekane wa hao a ka dumellana le wena hore ho jwalo?

  • O ka bontsha ho lekalekana jwang ha ho tluwa tabeng ya nako eo o lebelletseng hore molekane wa hao a o fe yona?

    KELETSO YA BIBELE: “E mong le e mong a nne a batle, eseng se molemo ho yena, empa se molemo ho motho e mong.”​—1 BAKORINTHE 10:24.

Jason le Alexandra.

“Ke sebeletsa hae, ka hoo ke leka ho ipehela nako ya ho tjhaisa. Ke boetse ke kwala diimeile tsa ka ka mora nako e itseng e le hore ke sebedisetse fono ya ka dintho tse ding tse kang ho sheba nako ka ntle le ho sitiswa ke mosebetsi.”​—JASON LE MOSADI WA HAE ALEXANDRA

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share