LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g19 No. 1 maq. 12-15
  • Tlasa Mmuso wa Modimo “Kgotso e Tla ba Ngata”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tlasa Mmuso wa Modimo “Kgotso e Tla ba Ngata”
  • Fadimehang!—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • MMUSO WA MODIMO O TLA TLA NENG?
  • MMUSO WA MODIMO O TLA BUSA JWANG?
  • O TLA FUMANA MOLEMO OFE TLASA MMUSO WA MODIMO?
  • Nnete ka Mmuso wa Modimo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • Eba le Tshepo
    Fadimehang!—2018
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Tse Ding
Fadimehang!—2019
g19 No. 1 maq. 12-15
Batho ba thabela bophelo Paradeiseng

KA MOO BOTHATA BO TLA HLOLWA KA TENG

Tlasa Mmuso wa Modimo “Kgotso e Tla ba Ngata”

Haufinyane Mmuso wa Modimo oo esale re o lebelletse, o tla etsa hore batho ba phele hammoho ka kgotso mme ba momahane. Lengolo la Pesaleme ya 72:7 le ile la re tshepisa hore “kgotso e tla ba ngata.” Empa Mmuso wa Modimo o tla qala ho busa neng? O tla busa jwang? Hona o tla o tswela molemo jwang?

MMUSO WA MODIMO O TLA TLA NENG?

Bibele e ile ya bua esale pele ka dintho tse neng di tla bontsha hore Mmuso wa Modimo o se o le haufi. Dintho tsena kaofela tse akarelletsang ho lwantshana ha ditjhaba, tlala, malwetse, ditshisinyeho tsa lefatshe le ho eketseha ha tlolo ya molao, ke “letshwao” le bontshang hore Mmuso wa Modimo o haufi.—Matheu 24:3, 7, 12; Luka 21:11; Tšenolo 6:2-8.

Boprofeta bo bong bo re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le dinako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etswe batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, . . . ba sa mameleng batswadi, ba se nang teboho, ba sa tshepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano le ha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitshwaro, ba bohale bo tshosang, ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba ikgohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho ena le ho rata Modimo.” (2 Timothea 3:1-4) Le hoja nakong e fetileng e ne e le batho ba mmalwa ba etsang dintho tsena, empa hona jwale di etswa ke batho ba bangata.

Boprofeta bona bo ile ba qala ho phethahala ka selemo sa 1914. Sena ke nnete hobane borahistori, ditsebi tsa dipolotiki le bangodi ba ile ba bolela ka moo lefatshe le ileng la fetoha ka teng ka mora selemo sena. Ka mohlala Peter Munch, e leng rahistori ya buang Sedanish o ile a ngola a re: “Ntwa e ileng ya qhoma ka 1914 e ile ya tlisa phetoho e kgolo historing ya batho. Pele ho selemo seo, batho ba ne ba nahana hore maemo a lefatshe a tla nne a tswelepele ho ntlafala, . . . empa maemo a ile a fetoha, ho ile ha eba le dikoduwa tsa tlhaho, ha etsahala dintho tse tshosang, ha ba le lehloyo ebile batho ba sa sireletseha.”

Ka lehlakoreng le leng, ho lokela ho senyeha pele ho loka. Dintho tse mpe tse etsahalang di bontsha hore Mmuso wa Modimo o se o le haufi le ho busa. Haele hantle e nngwe ya dintho tseo Jesu a ileng a bua ka tsona e neng e tla bontsha hore bofelo bo haufi ke e reng: “Ditaba tsena tse molemo tsa Mmuso di tla bolelwa lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona hore e be bopaki ho ditjhaba tsohle; jwale e ntano ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.

Ditaba tsena tse molemo ke molaetsa o ka sehloohong oo Dipaki Tsa Jehova di buang ka ona. Nnete ke hore, sengolwa sa bona se ka sehloohong se bitswa, Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova. Hona jwale e fumaneha ka dipuo tse ka bang 338, hangata Tora ya ho Lebela e bua ka dintho tse thabisang tseo Mmuso wa Modimo o tla di etsetsa batho.

MMUSO WA MODIMO O TLA BUSA JWANG?

Karabo e akarelletsa dintlha tsena tse 4 tsa bohlokwa:

  1. Mmuso wa Modimo o ke ke wa sebedisa baetapele ba dipolotiki hore ba buse.

  2. Babusi ba lefatshe ba ke ke ba batla ho kgaotsa ho busa, empa ka bowatla ba tla batla ho lwantsha Mmuso wa Modimo.—Pesaleme ya 2:2-9.

  3. Mmuso wa Modimo o tla tlameha ho fedisa mebuso ya batho ba batlang ho tswelapele ho hatella batho. (Daniele 2:44; Tšenolo 19:17-21) Ntwa ena ya ho qetela e bitswa Armagedone.—Tšenolo 16:14, 16.

  4. Bohle ba kgethang ho tshehetsa Mmuso wa Modimo, ba tla pholoha ka ntwa ya Armagedone mme ba tla phela lefatsheng le letjha la kgotso. E tlaba seo Bibele e reng ke “bongata bo boholo” mme ba tla balwa ka dimillione.—Tšenolo 7:9, 10, 13, 14.

    MMUSO WA MODIMO O TLA ETSETSA BATHO ENG?

    Ha Jesu a ne a le lefatsheng, o ile a etsa tse ding tsa dintho tse neng di bontsha hore na o tla etsang ha e se e le Morena Mmusong wa Modimo. O ile a fodisa ba kulang le ba holofetseng. (Matheu 4:23) Hape a fepa batho ba dikete. (Mareka 6:35-44) O ile a boela a laola matla a tlhaho.—Mareka 4:37-41.

    Jesu o ruta batho ba mo potolohileng

    Ka hodimo ho tsohle, Jesu o ile a ruta batho ho phedisana hammoho le ka kgotso. Batho bao ka boikokobetso ba sebedisang seo Jesu a ba rutileng sona, ba ba le mekgwa e metle e tla ba thusa hore ba phele ka ho sa feleng ebile ba thabile tlasa puso ya hae. Ha hona titjhere e ka kgonang ho thusa batho ka tsela ena. Mehlala ya dithuto tsa Jesu o ka e fumana ho se tsebahalang ka hore ke Thuto ya Hae ya Thabeng, e fumanwang ho Matheu kgaolo ya 5 ho ya ho kgaolo ya 7. Re kopa hore o ipalle tsona. Di na le mantswe a bonolo empa molaetsa wa tsona o matla ebile o ama pelo.

O TLA FUMANA MOLEMO OFE TLASA MMUSO WA MODIMO?

Mohato wa pele oo o lokelang ho o nka e le hore o kene Mmusong wa Modimo ke ho ithuta Bibele. Haele hantle Jesu o ile a rapela Modimo a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Ha batho ba hlokomela hore Jehova ke Modimo ya phelang, seo se tla ba tswela molemo ka ditsela tse ngata. Nahana ka dintlha tsena tse pedi: Ya pele, ba ba le tumelo e matla ho yena. Tumelo ena e etsa hore ba be le mabaka a utlwahalang a hore Mmuso wa Modimo ke wa sebele le hore o se o le haufi le ho busa. (Baheberu 11:1) Ya bobedi, Lerato leo ba ratang Modimo le baahelane ka lona le a hola. Hape ho rata Modimo ho ba susumelletsa hore ba mo mamele ka ho rata. Ha lerato leo ba ratang baahelane ba bona ka lona le ba susumelletsa hore ba sebedise seo Jesu a ileng a re ke Molao wa Kgauta, ha a re: “Ka moo le batlang hore batho ba le etse ka teng, le ba etse ka tsela e tshwanang.”—Luka 6:31.

Jwalo ka ntate ya lerato, Mmopi wa rona o re batlela se molemo. O batla hore re fumane seo Bibele e reng ke “bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:19) Bophelo ba kajeno ha se “bophelo ba sebele.” Batho ba dimillione ba phela ka thata. E le hore o bone hore na ha ho buuwa ka “bophelo ba sebele” ho buuwa kang, hlokomela tse ding tsa dintho tse thabisang tseo Mmuso wa Modimo o tla di etsetsa batho.

SE BOLELWANG KE BOPHELO BA SEBELE

  • “Matsatsing a hae [Kreste ha e se e le Morena] ya lokileng o tla atleha, kgotso e tla ba ngata . . . O tla ba le bafo . . . ho ya dipheletsong tsa lefatshe.”—Pesaleme ya 72:7, 8, 13, 14.

  • “[Modimo] O fedisa dintwa ho isa pheletsong ya lefatshe. O roba seqha mme o robakanya lerumo.”—Pesaleme ya 46:9.

  • “Ho tla ba le dijothollo tse ngata lefatsheng; ho tla ba le nala hodima ditlhoro tsa dithaba.”—Pesaleme ya 72:16.

  • “Ba tla haha matlo mme ba dule ho ona; ka sebele ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona. Ba ke ke ba haha mme e mong a dule teng; ba ke ke ba lema mme e mong a je. . . . Bakgethwa ba ka ba tla sebedisa mosebetsi wa matsoho a bona ka botlalo.”—Esaia 65:21, 22.

  • “Tente ya Modimo e ho moloko wa batho. . . O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme [maswabi] kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”—Tšenolo 21:3, 4.

Batho ba thabela bophelo Paradeiseng

Tlasa Mmuso wa Modimo batho ba tla sireletseha mme ba be le dijo tse ngata

NTLHA YA BOHLOKWA

DITHUTO TSA JESU DI FA BATHO MATLA A HORE BA ETSE DINTHO TSE NEPAHETSENG. BATHO BA MAMELANG SEO JESU A BA RUTILENG SONA BA TLA PHELA KA KGOTSO BA MOMAHANE TLASA MMUSO WA MODIMO

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share