LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g19 No. 2 maq. 14-15
  • Ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng
  • Fadimehang!—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG HO BOLELANG?
  • KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG?
  • KE JWANG O KA RUTANG NGWANA WA HAO HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG?
  • 7 Boitshwaro
    Fadimehang!—2018
  • Hangata Batho ba Etsa Diqeto ba Itshetlehile ka Eng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Na Diqeto Tseo re di Etsang di Nepahetse Kapa di Fosahetse?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
Fadimehang!—2019
g19 No. 2 maq. 14-15
Ngwanana o shebile ha mme wa hae a bontsha nkgono hore o dihile sepatjhe

NTLHA YA 6

Ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng

HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG HO BOLELANG?

Batho ba etsang diqeto tse nepahetseng, ba tseba se nepahetseng le se fosahetseng. Ho bona se nepahetseng le se fosahetseng, ha se a itshetleha ka hore na ba ikutlwa jwang ka nako eo. Le ha ho le jwalo, ba tataiswa ke melaomotheo ya Bibele ha ba etsa diqeto, ho sa tsotellehe hore na batho ba a ba bona kapa tjhe.

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG?

Ha bana ba shebelletse thelevishene, ba shebile di movie, ba mametse mmino ebile ba bua le batho bao ba kenang sekolo le bona, ba fumana tlhahiso leseding e sa tshwaneng ka ho etsa diqeto tse nepahetseng le tse fosahetseng. Ka hoo, seo se ka etsa hore ba ipotse hore na seo ba se dumelang ke nnete kapa ke leshano.

Sena se etsahala haholo nakong ya botjha. Buka ya Beyond the Big Talk e re: “Ba lokela ho utlwisisa hore batho ba bang ba tla ba susumelletsa hore ba itshware ka tsela e itseng, e le hore ba amohelehe ho bona. E boetse e re ba lokela ho ithuta ho etsa diqeto tse nepahetseng le ha metswalle ya bona e ke ke ya thabela seo. Ho hlakile hore batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona ho etsa diqeto tse nepahetseng ba sa le banyane.”

KE JWANG O KA RUTANG NGWANA WA HAO HO ETSA DIQETO TSE NEPAHETSENG?

Ba rute ho kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: ‘Batho ba hodileng ka ho feletseng . . . matla a bona a ho lemoha a kwetliseditswe ho kgetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’​—Baheberu 5:14.

  • Sebedisa mantswe a tla etsa hore ba tsebe phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Etsa sena letsatsi le leng le le leng mme o etse hore ba hlakelwe ka hore o bue mantswe a kang: “Sena ke nnete, sena ke leshano,” “Hona ke botshepehi, hwane ha se botshepehi” le “Hona ke ho bontsha mosa, hwane ha se ho bontsha mosa.” Ha nako entse e ya, ngwana wa hao o tla ithuta hore na keng seo a lokelang ho se etsa le seo a sa lokelang ho se etsa.

  • Ba hlalosetse hore na ke hobaneng ha ntho e itseng e nepahetse kapa e fosahetse. Ka mohlala, ba botse dipotso tse kang: Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho bua nnete? Ho bua leshano ho ka senya setswalle sa rona le ba bang jwang? Ke hobaneng ha ho utswa ho fosahetse? Thusa ngwana wa hao hore letswalo la hae le sebetse e le hore a kgone ho etsa diqeto tse nepahetseng.

  • Hlakisa bohlokwa ba hore na ke hobaneng ha a lokela ho etsa diqeto tse nepahetseng. O ka nna wa re: “Haeba o bua nnete, batho ba tla o tshepa,” kapa “Haeba o le mosa, batho ba tla thabela ho ba le wena.”

Etsa bo nnete ba hore lelapa la hao le etsa diqeto tse nepahetseng.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Itekoleng e le lona.” ​—2 Bakorinthe 13:5. BIBELE E HALALELANG.

  • Haeba ke lebelletse hore bana ba latele melao ya ka tlung, ke lokela hore le nna ke e latele, e le hore ka botshepehi nka re:

    • “Lelapeng la rona ha re bue leshano.”

    • “Ha re lwantshane ebile ha re omanyane.”

    • “Ha re hlabane ka mantswe.”

Bana ba hao ba tla tseba hore sena ha se molao feela, empa se tla thusa lelapa hore le hlomphehe.

  • Buisana le bana ba hao ka dintho tse amang lelapa la lona. Ba rute o sebedisa dintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi. O ka bapisa seo o se rutang bana ba hao le seo ba se rutwang sekolong kapa seo ba se shebellang thelevisheneng Botsa ngwana wa hao dipotso tse kang: “O ne o ka etsang boemong bona?” “Lelapa la rona le ka be le sebetsane le boemo boo jwang?”

Ba thuse hore ba se ke ba tshaba ho etsa se nepahetseng.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ebang le letswalo le molemo.”​—1 Petrose 3:16.

  • Ba babatse ha ba entse se setle. Ha ngwana wa hao a entse se nepahetseng, mo bolelle hore o motlotlo ka yena ka hore ebe o kgethile ho etsa se nepahetseng. Ka mohlala, o ka re ho yena: “Ke motlotlo ka wena ka hore ebe o buile nnete.” Haeba ngwana wa hao a o bolella hore o entse ntho e fosahetseng, ka boikokobetso mo lebohe ka hore ebe o buile nnete, pele o ka mo kgalemela.

  • Mo kgalemele ha a entse ntho e fosahetseng. Thusa ngwana wa hao hore a amohele phoso eo a e entseng. Bana ba lokela ho bolellwa ha ba entse diphoso mme ba tsebe hore ha ba lokela ho etsa se fapaneng le seo ba se rutilweng ka tlung. Batswadi ba bang ha ba kgalemele bana ba bona ha ba entse diphoso hobane ba nahana hore seo se tla ba nyahamisa, empa ho kgalemela ngwana ha a entse phoso ho tla mo thusa ho kgetholla se nepahetseng ho se fosahetseng.

Ho fumana tlhahiso leseding e eketsehileng ka ho hodisa bana, kena ho www jw.org/st-za kapa o skene letshwao lena.

Ngwanana o shebile ha mme wa hae a bontsha nkgono hore o dihile sepatjhe

BA KWETLISE HONA JWALE

Ha bana ba hlokomela hore batswadi ba bona ba bua nnete, seo se tla etsa hore le bona ba bue nnete ho sa tsotellehe hore na batho ba a ba bona kapa tjhe.

Behela Bana ba Hao Mohlala

  • Na bana ba ka ba a bona hore ke phela ka melao eo re ipehetseng yona ka tlung?

  • Na nna le molekane wa ka re ruta dithuto tse tshwanang?

  • Na ha ke entse phoso ke ya ikemela mme ke re: “Melao e na ke ya bana feela”?

Seo Batswadi ba Bang ba se Buang . . .

Nicole o re: “Re ne re bua ka melemo eo batho ba bang ba neng ba e fumana ha ba ne ba etsa dintho tse nepahetseng. Hape re ne re bua ka dintho tse bohloko tse ileng tsa etsahalla batho ba ileng ba etsa diqeto tse fosahetseng. Ha bana ba rona ba re bolella ka ngwana e mong ya ileng a etsa qeto e fosahetseng, re ile ra buisana le bona ka taba eo e le hore le bona ba se ke ba etsa se tshwanang.”

Yolanda o re: “Ha moradi wa rona a ntse a le monyane, re ile ra mo bolella hore a ka kgetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng mme re ne re mo bolella hore na ditlamorao tsa qeto eo a e etsang ke dife. Sena se ile sa mo thusa ho iketsetsa diqeto. Ena e ne e le thuto ya bohlokwa ka ha kaofela ha rona re lokela ho etsa diqeto bophelong, ho sa tsotellehe hore na re baholo kapa re banyane.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share