LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp24 No. 1 maq. 4-5
  • Hangata Batho ba Etsa Diqeto ba Itshetlehile ka Eng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Hangata Batho ba Etsa Diqeto ba Itshetlehile ka Eng?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • NA RE LOKELA HO ETSA DIQETO TSE RE THABISANG FEELA?
  • NA RE KA ETSA DIQETO HO YA KA MAIKUTLO A BATHO BA BANG?
  • NA HO NA LE TSELA E MOLEMO YA HO ETSA DIQETO?
  • Na Diqeto Tseo re di Etsang di Nepahetse Kapa di Fosahetse?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Selelekela
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Ho Etsa Diqeto Tse Nepahetseng
    Fadimehang!—2019
  • Eba le Letswalo le Letle Mahlong a Modimo
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
wp24 No. 1 maq. 4-5
Mohlankana ya hlahileng sehloohong se fetileng o tshwere compass ha a ntse a hlwa thaba. O fihla selomong.

Na re ka tshepa maikutlo a rona ha re etsa diqeto?

Hangata Batho ba Etsa Diqeto ba Itshetlehile ka Eng?

Batho ba bangata ba a dumela hore ho na le diketso tse nepahetseng le tse fosahetseng. Ka mohlala, ba bangata ba hloile dipolayano, peto le ho hlekefetswa ha bana ka thobalano empa ba a thaba ha batho ba tshwarwa ka toka, ba bontshwa mosa le kutlwelobohloko. Feela ho thweng ka dintho tse kang hore na motho o etsa thobalano le mang, hore na o bua nnete kapa tjhe le hore na o hodisa bana ba hae jwang? Batho ba bangata ba dumela hore motho e mong le e mong a ka ikgethela hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Ba dumela hore qeto e nngwe le e nngwe e nepahetse ha feela e ba thabisa ebile e thabisa le batho ba haufi le bona. Na tsela ee ya ho etsa dintho e ba tswela molemo?

NA RE LOKELA HO ETSA DIQETO TSE RE THABISANG FEELA?

Hangata matswalo a rona a a re tataisa ha re etsa diqeto, e leng boikutlo bo ka pelong ba se nepahetseng le se fosahetseng. (Baroma 2:​14, 15) Ho tloha ba sa le banyenyane, bana ba kgona ho bona phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Ba ka ba ba ikutlwa ba swabile ha ba entse ntho e fosahetseng. Ha re ntse re hola, matswalo a rona a susumetswa ke hore na re ithuta eng malapeng a bo rona, metswalleng ya rona, ho matitjhere, sebakeng seo re dulang ho sona, bodumeding le ditsong tsa rona. Ha re etsa diqeto, matswalo a rona a tla re bolella hore na diqeto tseo di dumellana le dintho tseo re di rutilweng kapa tjhe.

Tsela eo re ikutlwang ka yona ka se nepahetseng le se fosahetseng e ka re susumeletsa ho bontsha batho ba bang kutlwelobohloko, kananelo kapa toka. E ka boela ya re thusa hore re se ke ra etsa dintho tse tla utlwisa batho bao re ba ratang bohloko kapa tse tla re tlotlolla le ho etsa hore re ikutlwe re le molato.

Na re ka tshepa maikutlo a rona ha re etsa diqeto? Ha a bua ka nako eo e neng e ntse e le motjha, Garrick o re: “Ke ne ke ikutlwa eka nka etsa ntho e nngwe le e nngwe eo ke e batlang. Bophelo bo jwalo bo ile bo ile ba mpakela mathata a mangata, ka kopanela boitshwarong bo bobe, ka sebedisa dithethefatsi hape ke ne ke rata ho lwana.” O ile a hlokomela hore bophelo boo a neng a nahana hore bo nepahetse ha bo monate.

NA RE KA ETSA DIQETO HO YA KA MAIKUTLO A BATHO BA BANG?

Hangata re etsa diqeto re nahanne ka hore na batho ba bang ba tla ikutlwa jwang ka diqeto tseo re di etsang. Seo se ka re thusa hore re ithute boiphihlelong ba bona. Haeba re etsa diqeto tseo ba lelapa, metswalle le batho bao re dulang le bona motseng ba nkang hore di nepahetse ba tla re hlompha.

Na ka mehla tsela eo batho ba nahanang ka yona e nepahetse? Motjha e mong ya bitswang Priscila, o ne a etsa dintho tseo dithaka tsa hae di neng di tlwaetse ho di etsa mme o ile a kopanela boitshwarong bo bobe ba ho etsa thobalano pele ho lenyalo. Ha morao o ile a hlokomela hore ho etsa dintho tseo batho ba bang ba nkang hore di nepahetse ho ne ho sa mo thabise. O re: “Ha ke ne ke etsa dintho tseo batho ba bang ba neng ba di etsa, seo se ne se sa nthuse ka letho. Dintho tseo di ne di etsa hore ke etse diqeto tse bowatla le ho beha bophelo ba ka kotsing.”

NA HO NA LE TSELA E MOLEMO YA HO ETSA DIQETO?

Maikutlo a rona le a batho ba bang ke a bohlokwa ha re etsa qeto ya hore na keng e nepahetseng le e fosahetseng. Empa ho itshetleha ka maikutlo a rona kapa a batho ba bang feela ha se ka mehla ho ka re tswelang molemo. Ka dinako tse ding ho ka utlwisa rona le batho ba bang bohloko hobane re sa tsebe hore na diqeto tseo re di etsang ha e le hantle di tla ba molemo kapa tjhe. (Diproverbia 14:12) Hape ha re a kgodiseha hore dintho tseo rona le batho ba bang re dumelang hore di nepahetse di tla re tswela molemo kapa hore na maikutlo a rona a tla fetoha ha nako e ntse e eya. Boitshwaro bo neng bo nkwa bo fosahetse pele hona jwale bo se bo amoheleha, ha diketso tse neng di amoheleha pele hona jwale di se di nkwa di fosahetse.

Mohlankana o eme tseleng e nang le mafika mme ho na le matshwao a lemosang. Batho ba bang ba tsamayang tseleng eo ba hlokomoloha matshwao ao.

Na ka mehla tsela eo batho ba nahanang ka yona e nepahetse?

Na ho na le tataiso e molemo e ka re thusang ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng? Na ho na le melao ya boitshwaro eo re ka e sebedisang mehleng ee e tla re tswela molemo bophelo bohle ba rona?

Re a thaba hore ebe ho na le mohlodi o tshepahalang o ka tataisang batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba hokae. Sehloohong se latelang, re tlo bona hore na re ka fumana tataiso ena hokae e tla re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share