Seo Ba Bang Ba Se Dumelang
Bodumedi ba Bohindu
bo dumela hore haeba motho a hlahelwa ke dintho tse bohloko, leo ke lebaka la dibe tseo a ileng a di etsa nakong e fetileng kapa tseo a di etsang hona jwale. Bo boetse bo dumela hore motho a ka tswalwa hape e le hore a lokise diphoso tseo a ileng a di etsa nakong e fetileng.
Bodumedi ba Bomosleme
bo dumela hore haeba batho ba hlahelwa ke dintho tse bohloko, ke ka lebaka la hore Modimo o fa batho ba entseng sebe kotlo, hape o etsa seo hobane a batla ho leka tumelo ya batho ba bang. Dr Sayyid Syeed, e leng mopresidente wa Islamic Society of North America o re: “Dintho tse bohloko tse re hlahelang di re hopotsa hore re lokela ho ananela sohle seo Modimo a re etsetsang sona mme re lokela ho thusa batho ba hlokang.”
Setso sa Bajuda
ba dumela hore motho o hlahelwa ke dintho tse bohloko ka lebaka la dintho tseo a di etsang. Ba bang ba bona ba dumela hore batho ba ileng ba hlahelwa ke dintho tse bohloko empa ba ne ba etsa dintho hantle ba tla fumana toka ha ba tsoswa bafung. Bajuda ba dumela hore motho a ka tswalwa botjha mme seo se mo fa monyetla wa hore a lokise diphoso tseo a ileng a di etsa.
Bodumedi ba Bobuddha
bo dumela hore motho o hlahelwa ke mathata ka lebaka la dintho tse mpe tseo a di etsang, tsela eo a ikutlwang ka yona, kapa dintho tseo a di kgallang. Ka hoo, bo dumela hore motho o phela ka makgetlo a mangata ho fihlela dintho tsena di fedile. Ba dumela hore ho etsetsa batho ba bang mesebetsi e metle, ho ba bohlale le ho ba le boitshwaro ho ka etsa hore motho a se ke a hlola a hlahelwa dintho tse bohloko.
Balatedi ba Confucius
Dictionary of Comparative Religion e re ntho e nngwe e etsang hore batho ba hlahelwe ke dintho tse bohloko ke hobane batho “ba hloleha ho etsa dintho tse itseng ebile ba etsa diphoso.” Bodumedi bona bo dumela hore mathata a ka fokotseha haeba motho a phela ka tsela e lokileng, empa ba ntse ba tla nne ba hlahelwe ke mathata ka ha ba dumela hore mathata a mangata ba a bakelwa ke bademona. Seo se etsa hore qetellong ba dumelle mathata ohle ao bademona a ba bakelang ona.
Madumedi a mang a setso
a dumela hore motho o hlahelwa ke dintho tse mpe ka lebaka la boloi, a boetse a dumela hore baloi ba ka o tlisetsa mahlohonolo kapa ba o hlahisetsa bomadimabe mme ba re dintho tsena di ka fela haeba o ka etsa meetlo e meng e itseng. Haeba motho a kula, dingaka tsa setso di dumela hore ke mesebetsi ya baloi mme di dumela hore ha ba mo fa meriana e entsweng ke bona seo se ka etsa hore a fole.
Bodumedi ba Bakreste
ba dumela hore re hlahelwa ke dintho tse bohloko ka lebaka la sebe se ileng sa bakwa ke batho ba babedi ba pele e leng Adama le Eva, jwalo ka ha Bibele e bontsha lengolong la Genese. Le ha ho le jwalo, madumedi a mang a fetotse thuto ena. Ka mohlala, dikereke tse ding tsa Khatholike di dumela hore haeba motho a hlahelwa ke mathata, mathata ao a tlisitswe ke Modimo ka lebaka la hore o batla hore kereke e rue molemo o itseng kapa ho be le motho ya pholohang.
ITHUTE HO EKETSEHILENG
Shebella video ya Na Modimo o amohela madumedi ohle? ho jw.org/st-za.