LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 3 maq. 4-5
  • Batla Dintlha Kaofela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Batla Dintlha Kaofela
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Bothata
  • Molaomotheo wa Bibele
  • Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Tseba nnete?
  • Seo o ka se Etsang
  • Na o na le Kgethollo?
    Fadimehang!—2020
  • Bontsha Lerato
    Fadimehang!—2020
  • E se Eka Kaofela re ka ba Bonngweng Jwalo ka ha Jehova le Jesu ba le Bonngweng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Mehlala ya Batho ba ileng ba Hlola Kgethollo
    Fadimehang!—2020
Fadimehang!—2020
g20 No. 3 maq. 4-5
Banna ba babedi ba hlahloba mosadi ya tlo batla mosebetsi khampaneng e etsang dikoloi. Mosadi eo o bonahala a tshohile.

Batla Dintlha Kaofela

Bothata

Hangata kgethollo e bakwa ke ho fumana dintlha tse fosahetse. Nahana ka mehlala e latelang:

  • Bahiri ba bang ba dumela hore batho ba bo Mme ba ke ke ba kgona ho sebetsa ka dintho tse batlang tsebo e ngata, matla kapa bohlale.

  • Medieval Europe, Bajuda ba ne ba qoswa ka hore ba tshela tjhefu ka di dibeng ebile ba tla ka mafu a mangata. Nakong eo Manazi a neng a busa ka yona, ho ile ha boela ha buuwa mashano ka Bajuda , empa lekgetlong lena ba ne ba qoswa ka ho baka mathata moruong wa naha wa Germany. Dintho tsena di ile tsa etsa hore batho ba kgetholle Bajuda ho fihlela le kajeno lena.

  • Batho ba bangata ba re motho ya nang le bokowa ha a thaba.

Batho ba dumela mashano ao e le mohlala wa hore ba buelle kgethollo eo ba nang le yona mme ba nahana hore motho e mong le e mong ya sa dumellaneng le bona o iphapanyetsa nnete.

Molaomotheo wa Bibele

‘Ha se ntho e ntle hore motho a se ke a ba le tsebo.’​—LIPROVERBIA 19:2.

Seo e se bolelang, ha re sa tsebe dintlha kaofela re etsa diqeto tse fosahetseng. Ka hoo haeba re dumela mashano ho e na le ho dumela nnete, re tlo etsa diqeto tse fosahetseng ka batho.

Na Bibele e re Ruta Hore re be le Kgethollo?

Batho ba bang ba re Bibele e re ruta hore re be le kgethollo. Empa ha e le hantle Bibele yona e reng?

  • Kaofela re bana ba motho: Modimo “o entse ho tswa mothong a le mong setjhaba se seng le se seng sa batho.”​—Liketso 17:26.

  • Modimo ha a na kgethollo: “Modimo ha a leeme, empa setjhabeng se seng le se seng motho ya mo tshabang le ya sebetsang ho loka wa amoheleha ho yena.”​—Liketso 10:34, 35.

  • Modimo o sheba pelo ya motho, eseng hore na o bonahala jwang: “Motho o bona se bonahalang mahlong, empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”​—1 Samuele 16:7.a

a Jehova ke lebitso la Modimo le hlahang ka Bibeleng.

Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Tseba nnete?

Haeba re tseba nnete ka batho ba bang, re ke ke ra dumela mashano ao batho ba bang ba a buang ka bona. Ha re hlokomela hore dintho tseo batho ba bang ba di buang ka batho ka ba bang ha di a nepahala, re ke ke ra batla ho etsa se tshwanang empa rona re tla batla ho tseba nnete ka bona.

Mohlala wa Sebele: Jovica (Balkans)

O hotse a utlwa batho ba dulang sebakeng sa habo, ditabeng, mananeong a thelevishene ba bua hampe ka sehlopha se itseng sa batho. O re: “Ke ile ka hloya le ho kgetholla batho bao mme ke ne ke nahana hore ho loketse hore ke ikutlwe jwalo.

Le ha ho le jwalo, ha ke le sesoleng ke ile ka tlameha ho dula le ho sebetsa le ba bang ba batho bao. Ha nako e ntse e ya, ka ithuta ho ho ngata ka bona. Ke ile ka ba ka ithuta puo ya bona le ho mamela mmino wa bona. Yaba ke qala ho thabela ho ba hara bona mme ka fetola tsela eo ke neng ke nahana ka yona ka bona. Empa ke a tseba hore maikutlo a ka a fosahetseng a ka nna a kgutla. Ka hoo ke qoba ho mamela ditaba tse buang hampe ka batho bao. Hape ha ke shebelle dimuvi kapa bo rametlae ba ba somang. Ke a tseba hore kgethollo eka etsa hore motho a hloye batho ba bang.”

Seo o ka se Etsang

  • Batho ba bangata ba ka nna ba bua dintho tse mpe ka sehlopha se itseng sa batho. Empa hopola hore ha se batho kaofela sehlopheng seo ba jwalo.

  • O hopole hore ha o tsebe dintho tse ngata ka batho bao.

  • Leka ho fumana dintlha tse nepahetseng.

Ba ile ba hlola lehloyo

Dinepe: 1. Banna ba babedi ba tsamaya mmoho mme ba a qoqa. 2. E mong wa banna bao o bonahala a thabile ha a le hara metswalle.

Ke eng e ileng ya thusa Moarabe le Mojuda hore ba hlole kgethollo?

Shebella video e nang le sehlooho se reng When Will Loyal Love Triumph Over Hatred? E fumanehang ka Senyesemane. Batla sehlooho sa teng ho jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share