LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 3 maq. 12-13
  • Bontsha Lerato

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bontsha Lerato
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Bothata
  • Molaomotheo wa Bibele
  • Seo o ka se Etsang
  • Mehlala ya Batho ba ileng ba Hlola Kgethollo
    Fadimehang!—2020
  • Na o na le Kgethollo?
    Fadimehang!—2020
  • E se Eka Kaofela re ka ba Bonngweng Jwalo ka ha Jehova le Jesu ba le Bonngweng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Batla Dintlha Kaofela
    Fadimehang!—2020
Tse Ding
Fadimehang!—2020
g20 No. 3 maq. 12-13
Mosadi wa Moindia o thusa nkgono wa morabe o mong ho nyoloha ditepisi ka korosari.

Bontsha Lerato

Bothata

Ha ho be bonolo ho tlosa maikutlo a ho ba le kgethollo. Feela jwalo ka ha ho nka nako e telele le boiteko hore ho fediswe kokwanahloko e itseng ho jwalo feela le ka ho tlosa maikutlo a kgethollo. O ka etsang hore o se ke wa kgetholla batho ba bang?

Molaomotheo wa Bibele

Dinepe: 1. Monna wa Asia o bulela monna wa motho ya motsho ya tshwereng kofi monyako. 2. Yena monna eo wa motho ya motsho o fa basebetsimmoho le yena kofi ho akarelletsa le mosadi wa Moindia eo ho buuweng ka yena qalong.

“Le ikapese lerato, etswe ke tlamo e phethahetseng ya bonngwe.”​—BAKOLOSE 3:14.

Seo e se bolelang, ho etsetsa ba bang dintho tse molemo, ho etsa hore batho ba momahane. Ha o bontsha batho ba bang lerato, seo se tla etsa hore o se ke wa ba le kgethollo mme se ka etsa hore o se ke wa ba le maikutlo a mabe ka batho ba bang.

Seo o ka se Etsang

Dinepe: 1. Monna wa Asia o bulela monna wa motho ya motsho ya tshwereng kofi monyako. 2. Yena monna eo wa motho ya motsho o fa basebetsimmoho le yena kofi ho akarelletsa le mosadi wa Moindia eo ho buuweng ka yena qalong.

Nahana ka hore na o ka etsang e le hore o bontshe batho bao o neng o na le maikutlo a fosahetseng ka bona lerato. Ha se hore o tlamehile ho etsa dintho tse kgolo. Leka ho etsa tse ding tsa dintho tse latelang:

Ka ketso e le nngwe feela ya ho bontsha lerato, o tla hlola ho ba le kgethollo

  • Ba tshware hantle ka hore o ba bulele monyako kapa ka hore o ba fe setulo sa hao ha le le dipalangweng tsa setjhaba.

  • Leka ho qoqa le bona hanyane, le hoja ba sa kgone ho bua puo ya hao hantle.

  • Eba le mamello haeba ba etsa dintho tseo o sa di utlwisiseng.

  • Ba bontshe kutlwelobohloko haeba ba bua ka mathata a bona.

Mohlala wa Sebele: Nazaré (Guinea-Bissau)

“Nkile ka kgetholla batho ba tswang dinaheng tse ding. Ke hotse ke tseba hore ba bang ba bona, ba ile ba bua leshano mmusong e le hore ba ka fumana tjhelete kapa thuso le hore ba bangata ba bona e ne e le mashodu. Sena se ile sa etsa hore ho be thata hore ke ba amohele. Le ha ho le jwalo, ke ne ke sa nahana hore ke na le kgethollo hobane batho ba bangata ba ne ba ikutlwa jwalo ka nna.

Ha nako e ntse e ya, ke ile ka hlokomela hore ke na le kgethollo ho batho ba tswang dinaheng tse ka ntle. Keletso e tswang ka Bibeleng e ile ya nthusa hore ke ba bontshe lerato. Hona jwale ha ke sa qoba ho bua le bona. Empa ke a ba dumedisa le ho qoqa le bona. Ke leka ho tseba e mong le e mong wa bona. Ke se ke ba rata mme ke utlwa ke phuthulohile ha ke le hara bona.”

“Ke ne ke batla ho lwantsha kgethollo”

Rafika Morris.

Rafika o ne a kenetse mokgatlo o lwantshang kgethollo. Empa ka mora hore a ye kopanong ya Dipaki Tsa Jehova, o ile a fumana batho ba merabe e fapaneng ba momahane, e leng seo a neng a se batla.

Shebella video ya Rafika Morris: I Wanted to Fight Injustice e fumanehang ka Senyesemane. Batla sehlooho sa teng ho jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share