LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 3 maq. 10-11
  • Etsa Metswalle le Batho ba Merabe e Meng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Etsa Metswalle le Batho ba Merabe e Meng
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Bothata
  • Molaomotheo wa Bibele
  • Ho Etsa Metswalle le Batho ba Merabe e meng ho ka re Thusa Jwang?
  • Seo o ka se Etsang
  • Mehlala ya Batho ba ileng ba Hlola Kgethollo
    Fadimehang!—2020
  • Bontsha Lerato
    Fadimehang!—2020
  • Kgetha Metswalle Hantle
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Kgetha Metswalle e Ratang Modimo
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Fadimehang!—2020
g20 No. 3 maq. 10-11
Basadi ba bane ba merabe e fapaneng ba a qoqa le ho tsheha ha mmoho ha bana ba bona ba bapala ha mmoho lebaleng la dipapadi.

Etsa Metswalle Le Batho Ba Merabe E Meng

Bothata

Haeba re ikarola ho batho ba merabe e meng, re ka ba kgetholla le ho feta. Haeba re etsa metswalle le batho ba morabe wa rona feela re ka qetella re nahanne hore tsela eo re nahanang ka yona, re ikutlwang ka yona le ho etsa dintho ka yona, ke yona e nepahetseng.

Molaomotheo wa Bibele

“Le lona le atolohe.”​—2 BAKORINTHE 6:13.

Seo e se bolelang, ho atoloha ho ama tsela eo re ikutlwang ka yona ka batho ba bang. Haeba re etsa metswalle le batho ba morabe wa rona feela, seo se ka etsa hore re se ke ra batla ho atoloha. E le hore re qobe ho etsa seo, re lokela ho ikemisetsa ho etsa metswalle le batho ba merabe e meng.

Ho Etsa Metswalle le Batho ba Merabe e meng ho ka re Thusa Jwang?

Haeba re ipha nako ya ho tseba batho ba bang, re tla utlwisisa hore ke hobaneng ha ba etsa dintho ka tsela e sa tshwaneng le ya rona mme ha re ntse re ba tlwaela, re a lebala le hore ke batho ba merabe e meng. Re qala ho ba nka e le ba bohlokwa mme ha ba thabile re a thaba le ha ba utlwile bohloko re utlwa bohloko.

Hlokomela mohlala wa Nazaré. O ne a kgetholla batho ba tswang dinaheng tse ding. O hlalosa se ileng sa mo thusa, o re: “Ke ile ka qeta nako le bona le ho sebetsa le bona. Batho bao ke ileng ka kopana le bona ba ne ba fapane le tsela eo batho ba neng ba ba hlalosa ka yona. Ha o qala ho etsa metswalle le batho ba setso se fapaneng le sa hao, o ithuta hore o se ke wa ba kgetholla mme seo se etsa hore o ba rate le ho feta ebile o ba nke e le ba bohlokwa.”

Kgetha Metswalle ya Hao Hantle

Batho ba bang ba kgetha ho phela ka tsela e ka ntshang bona ha mmoho le batho ba bang kotsi. Ka hoo, re lokela ho ba hlokolosi ha re kgetha metswalle. Haeba re kgetha ho se etse metswalle le batho ba sa tshepahaleng kapa ba itshwereng hampe seo ha se bolele hore re tlabe re na le kgethollo. Ho ena le hore re iphumane re sa utlwane le batho ka lebaka la boitshwaro ba rona bo botle kapa re batle ho ba fetola, ho ka ba bohlale hore re se ke ra ba etsa metswalle ya rona.​—Liproverbia 13:20.

Seo o ka se Etsang

Batla menyetla ya ho bua le batho ba tswang dinaheng tse ding, ba merabe e meng le ba buang puo e nngwe. O ka nna wa etsa dintho tse latelang:

  • Ba kope hore ba o bolelle hore ke batho ba jwang.

  • Ba memele dijong.

  • Ba mamele ha ba o jwetsa ka bophelo ba bona mme o ithute hore na keng seo e leng sa bohlokwa ho bona.

Haeba o leka ho utlwisisa hore na ba tswa hokae bophelong, o tla utlwisisa hore ke hobaneng ha ba le ka tsela eo ba leng ka yona. Sena se tla o thusa hore o ba rate mme o rate le batho ba bang ba morabe wa bona.

Mohlala wa Sebele: Kandasamy le Sookammah (Canada)

“Re holetse South Africa nakong ya apareteiti. Batho ba ne ba dula ho ya ka merabe ya bona e leng se ileng sa etsa hore ho be le kgethollo bathong ba merabe e sa tshwaneng. Re ne re se makgowa mme re ne re sa rate makgowa hobane ba bang ba ne ba re nyatsa. Ka nako eo, re ne re sa nahane hore re na le kgethollo. Empa re ne re nahana hore makgowa a kgetholla rona.

Re ile ra nka bohato ba pele ba ho re re atolohe mme ra etsa metswalle le batho ba merabe e meng. Ha re se re le metswalle le makgowa, re ile ra hlokomela hore ho na le dintho tse ngata tseo re tshwanang le bona ka tsona. Kaofela ha rona re etsahallwa ke dintho le ho ba le mathata a tshwanang.

Re ile ra boela ra ba le monyetla wa hore re amohele banyalani ba babedi ba makgowa hore ba dule le rona ka nako e telele. Re ile ra ba le nako ya hore re ba tsebe hantle mme qetellong re ile ra ba metswalle mme ra bona ba tshwana hantle le rona. Seo se ile sa re thusa hore re qale ho bona makgowa e le batho ba hantle.”

Metswalle ya Nnete

Johny le Gideon ba dumedisa bana ka ntle Holong ya Dipaki Tsa Jehova.

Johny le Gideon e ile ya ba metswalle le hoja ba ne ba tswa merabeng e fapaneng ebile ba na le maikutlo a fapaneng ditabeng tsa dipolotiki.

Shebella video ya Johny le Gideon: Pele ba ne ba hloeane, Empa e se e le metsoalle. Batla sehlooho sa teng ho jw.org/su.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share