LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g21 No. 1 maq. 8-9
  • Dintho Tse ka o Thusang Hore o Kgotsofale

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dintho Tse ka o Thusang Hore o Kgotsofale
  • Fadimehang!—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Sebetsa ka Thata
  • Tshepahala
  • Eba le Tekatekano ha ho Tluwa Tjheleteng
  • Kgetha Thuto e Molemo ka ho Fetisisa
  • Na Tjhelete ke Motso wa Mefuta Eohle ya Dintho Tse Mpe?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
  • Ho Sebedisa Tjhelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Bibele e Reng ka Mosebetsi le Tjhelete?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Dipaki Tsa Jehova di Ikutlwa Jwang ka Thuto?
    Dipotso Tse Botswang Hangata ka Dipaki Tsa Jehova
Tse Ding
Fadimehang!—2021
g21 No. 1 maq. 8-9
Mme le mora ba kgotsofalletse dintho tseo ba nang le tsona ha ba ntse ba tsamaya mabenkeleng a phetheselang hara batho ba phathahaneng ka dintho tse turu India.

Dintho Tse ka o Thusang Hore o Kgotsofale

Ho sa tsotellehe hore na re dilemo di kae le hore na re lenyalong kapa tjhe, kaofela re batla ho thaba le ho kgotsofala. Mmopi wa rona le yena o batla hore re ikutlwe ka tsela eo, ke ka hoo a re fileng keletso ya bohlokwa.

Sebetsa ka Thata

“A sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ya hlokang.”​—BAEFESE 4:28.

Mmopi wa rona o batla hore re nke mosebetsi e le ntho e ntle. Hobaneng? Ha motho a sebetsa ka thata o a thaba hobane o kgona ho itlhokomela le ho hlokomela lelapa la hae ka dintho tseo le di hlokang. A ka ba a kgona ho thusa le batho ba hlokang. Mohiri wa hae le yena o tla mo nka e le motho wa bohlokwa. Hangata motho ya sebetsang ka thata ha a lahlehelwe ke mosebetsi wa hae. Mangolo a hlalosa moputso wa ho sebetsa ka thata e le “mpho ya Modimo.”​—Moeklesia 3:13.

Tshepahala

“Re tshepa hore re na le matswalo a tshepahalang, ka ha re lakatsa ho itshwara ka botshepehi dinthong tsohle.”​—BAHEBERU 13:18.

Haeba re tshepahala, re a itlhompha, re ba le kgotso ebile re robala ha monate bosiu. Hape batho ba bang ba tla re tshepa ba be ba re hlomphe. Batho ba sa tshepahaleng ha ba kgone ho fumana dintho tsena. Hape matswalo a bona a ka ba tshwenya ebile ba ka dula ba tshohile hore ka letsatsi le leng ba tla tshwarwa ka lebaka la ho se tshepahale.

Eba le Tekatekano ha ho Tluwa Tjheleteng

“Mokgwa wa lona wa bophelo e ke e be o se nang lerato la tjhelete, ha le ntse le kgotsofaletse dintho tse teng.”​—BAHEBERU 13:5.

Re hloka tjhelete bakeng sa dijo le ditlhoko tse ding. Le ha ho le jwalo, “lerato la tjhelete” le kotsi. Motho ya ratang tjhelete a ka qeta nako ya hae e ngata le matla a hae a lwanela ho ba le tjhelete e eketsehileng. Ho etsa jwalo ho ka etsa hore ho be le mathata lenyalong la hae, a se ke a ba le nako bakeng sa bana ba hae ha ba ha mo kudisa. (1 Timothea 6:​9, 10) Ho feta moo, motho ya ratang tjhelete a ka lekeha hore a se ke a tshepahala. Monna e mong ya bohlale o ile a re: “Motho wa diketso tse tshepahalang o tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata, empa ya potlakelang ho fumana maruo a ke ke a dula a hloka molato.”​—Liproverbia 28:20.

Kgetha Thuto e Molemo ka ho Fetisisa

“Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.”​—LIPROVERBIA 3:21.

Thuto e ntle e re thusa hore re be batho ba nang le boikarabelo le batswadi ba molemo. Empa thuto ya sekolo ka bo yona e ke ke ya etsa hore motho a dule a thabile ebile a na le ntho e nngwe le e nngwe eo a e hlokang. E le hore re atlehe nthong e nngwe le e nngwe eo re e etsang, re hloka thuto e tswang ho Modimo. Ha Mangolo a bua ka motho ya mamelang Modimo a re: “Ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e tla atleha.”​—Pesaleme ya 1:​1-3.

Ke Thabile Ebile ke Kgotsofetse

“Moo ke phelang teng, batho ba bangata ba sebetsa ka thata e le hore ba rutehe haholo, e be barui ba be ba tume. Ho ntse ho le jwalo, ba ntse ba sa thaba esita le ka mora hore e be barui ba be ba tume. Bibele e nthusitse ho utlwisisa hore na ke eng ntho ya bohlokwa bophelong. Ke ithutile hore tjhelete e ka re sireletsa ka ditsela tse itseng, empa e ke ke ya re fa thabo le lerato la nnete. Ke thabile ebile ke kgotsofetse hobane Bibele e nthusa ho etsa diqeto tse bohlale ka tjhelete le mosebetsi.”​—Kishore.

Kishore.

Ithute haholwanyane:

E le hore o fumane dikeletso tse ding tse tswang ho Mmopi wa rona ditabeng tsa mosebetsi, tjhelete le thuto, kena ho jw.org/st-za mme o ye ho DITHUTO TSA BIBELE > KGOTSO LE THABO.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share