LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g21 No. 1 leq. 15
  • O ka Fumana Bohlale

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Fumana Bohlale
  • Fadimehang!—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Modimo o Batla Hore Bohlale ba Hae bo o Tswele Molemo
  • O ka Fumana Bohlale bo Tswang ho Modimo
  • Re Mamela Modimo Jwang?
    Mamela Modimo Mme O Phele ka ho sa Feleng
  • O Lokela ho Kgetha Hore na o Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Bibele ke Buka e Tswang ho Modimo
    Bibele e re Rutang?
  • Na Ruri Ditaba Tse Molemo di Tswa ho Modimo?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Tse Ding
Fadimehang!—2021
g21 No. 1 leq. 15

O ka Fumana Bohlale

“Lengolo lohle le buduletswe ke Modimo.” (2 Timothea 3:​16) Temaneng ena lentswe “buduletswe” le bolela hore Modimo ya Matla Ohle o ile a kenya menahano ya hae dikelellong tsa bangodi ba Bibele.

DINTLHA TSE MABAPI LE BIBELE

  • Dikarolo tsa buka.

    66

    Palo ya dibuka kapa mangolo a teng ka Bibeleng.

  • Letsoho le ngola le kgantsheditswe ke kganya e tswang hodimo.

    40

    Palo ya banna bao Modimo a ba sebedisitseng ho ngola Bibele.

  • Kgalase e sebedisetswang ho lekanya nako.

    1513 B.C.E.

    Selemo seo Bibele e qadileng ho ngolwa ka sona, e leng dilemo tse fetang 3 500 tse fetileng.

  • Ditlhaku le mengolo ya dipuo tse fapaneng.

    3 000+

    Palo ya dipuo tseo Bibele e fumanehang ka tsona e felletse kapa e sa fella.

Modimo o Batla Hore Bohlale ba Hae bo o Tswele Molemo

“Nna, Jehova, ke . . . nna ya o rutang hore o itswele molemo, ya etsang hore o tsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona. Hoja o ka ela ditaelo tsa ka hloko! Jwale kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka, mme ho loka ha hao ho tshwane le maqhubu a lewatle.”​—ESAIA 48:​17, 18.

O ka nka mantswe ana e le memo e tswang ho Modimo e tlang ho wena. O batla hore o be le kgotso o be o dule o thabile mme a ka o thusa hore ho be jwalo.

O ka Fumana Bohlale bo Tswang ho Modimo

“Ditaba tse molemo di lokela ho bolelwa ditjhabeng tsohle.”​—MAREKA 13:10.

“Ditaba tse molemo” di akarelletsa tshepiso ya Jehova ya ho fedisa mathata, ho etsa lefatshe paradeise le ho tsosa baratuwa ba rona ba hlokahetseng. Dipaki Tsa Jehova di bolella batho lefatsheng ka bophara molaetsa ona o tswang ka Bibeleng.

Ha ke Bala Bibele ke ile ka Tlohela ho Ferekana

“Ho tloha ha ke sa le monyenyane, ke ne ke ferekanngwa ke hore na hantle Mmopi ke mang. Ke ne ke ipotsa ke re, ‘Ho tla jwang hore ebe setjhaba se seng le se seng se na le Modimo wa sona kapa mmopi?’ Jwale ke rata mantswe a Bibele a hlahang ho Baroma 3:​29 ha e re Modimo wa nnete ke ‘Modimo wa batho ba ditjhaba.’ O boetse o na le lebitso e leng Jehova mme o batla hore re be metswalle ya hae.”​—Rakesh.

Rakesh.
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share