LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp24 No. 1 maq. 14-15
  • O Lokela ho Kgetha Hore na o Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O Lokela ho Kgetha Hore na o Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Dintlha tse Ding
  • Bahlanka ba Jehova ba Rata ho Loka
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Re ka Tshepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Boloka Melao ya Jehova ya Boitshwaro
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Re Lokela ho Rata Modimo ka ho sa Feleng
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
wp24 No. 1 maq. 14-15
Mohlankana ya hlahileng dihloohong tse fetileng o fihlile ka hodima thaba mme o thabile.

O Lokela ho Kgetha Hore na o Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng

Melao ya boitshwaro eo re kgethang ho phela ka yona e ka ama thabo ya rona. Jehova Modimo o tseba seo hantle. Ke ka hoo a batlang hore re phele ka melao ya hae.

Jehova o batla hore re thabele bophelo bo nang le kgotso.

“Nna Jehova ke Modimo wa hao ya o rutang dintho tse tswelang wena molemo, ya o tataisetsang tseleng eo o lokelang ho tsamaya ho yona. Hoja o ka mamela melao ya ka, kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka, ho loka ha hao ho tshwane le maqhubu a lewatle.”—Esaia 48:​17, 18.

Jwalo ka Mmopi wa rona, Modimo o tseba tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho phela. O batla hore re mamele dikeletso tsa hae hobane di molemong wa rona. Ha re mamela ditaelo tsa Modimo re ka kgodiseha hore re tla atleha. Ka hoo, re tla dula re etsa diqeto tse nepahetseng tse tla re tlisetsa thabo le kgotso.

Jehova ha a lebella hore re etse dintho tse ka hodimo ho matla a rona.

“Taelo ena eo ke le laelang yona kajeno ha e thata haholo hore le ka e utlwisisa kapa la e phetha.”—Deuteronoma 30:11.

E le hore re phele ka melao ya Modimo ya boitshwaro ho hlokahala hore re fetole tsela eo re nahanang ka yona le eo re etsang dintho ka yona. Le ha ho le jwalo, Jehova ha a lebella hore re etse dintho tse ka hodimo ho matla a rona, ha e le hantle Mmopi wa rona o tseba moo matla a rona a fellang teng. Ha re ntse re ithuta ka Jehova re tla hlokomela hore “ditaelo tsa hae ha di boima.”—1 Johanne 5:3.

Bomme ba babedi ba Dipaki Tsa Jehova ba ithuta Bibele le mme e mong ba sebedisa buka ya “O ka Thaba ka ho sa Feleng!”

Jehova o tshepisa ho thusa batho ba batlang ho phela ka melao ya hae.

“Nna, Jehova Modimo wa hao, ke o tshwara ka letsoho la hao le letona, ke nna ya reng ho wena, ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o thusa.’”—Esaia 41:13.

Re ka kgona ho phela ka melao ya Modimo ya boitshwaro hobane o tla re thusa. O tla re thusa a sebedisa Lentswe la hae Bibele, ho re kgothatsa le ho re fa tshepo.

Batho ba dimilione lefatsheng ba bone hore ho phela ka melao ya Bibele ho ntlafaditse bophelo ba bona. Ke hobaneng ha o sa ithute keletso e molemo e hlahang ka Bibeleng le wena? O ka qala ka ho hlahloba bukana ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! e fumanehang mahala websaeteng ya jw.org/st-za. Ho na le dikgaolo tsena tse tharo:

  • Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?

  • Bibele e re Tshepisa Bokamoso bo Thabisang

  • Na o ka Tshepa Bibele?

Ha o ntse o ithuta lentswe la Modimo e leng Bibele, o tla hlokomela hore ha le a fellwa ke nako, re ka le “tshepa ka mehla, hona jwale le ka ho sa feleng.” (Pesaleme ya 111:8) Ho phela tumellanong le melao ya boitshwaro e hlahang ka Bibeleng, ke tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho phela. Le ha ho le jwalo, Modimo ha a re qobelle hore re mo mamele. (Deuteronoma 30:​19, 20; Joshua 24:15) Ena ke kgetho eo re lokelang ho iketsetsa yona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share