LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp24 No. 1 maq. 6-9
  • Re ka Tshepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re ka Tshepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • RE HLOKA MODIMO HORE A RE TATAISE
  • BIBELE E RE BOLELLA SEO MODIMO A BATLANG HORE RE SE ETSE
  • Dintho Tse Ding Tse ka Thusang Malapa
    Fadimehang!—2018
  • Ke Hokae Moo o ka Fumanang Tataiso eo o ka e Tshepang e Tla o Thusa Hore o Phele ha Monate?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • O Lokela ho Kgetha Hore na o Tla Etsa se Nepahetseng Kapa se Fosahetseng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Fumana Thuso
    Fadimehang!—2020
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
wp24 No. 1 maq. 6-9

Re ka Tshepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng

Haeba re kgetha ho phela ka tsela eo re e batlang re ipapisitse ka maikutlo a rona kapa a batho ba bang feela, re ke ke ra kgodiseha hore re tla phela bophelo bo molemo. Bibele e a re hlalosetsa hore na ke hobaneng ha re ke ke ra atleha empa e boetse e re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng e le hore re ka dula re thabile.

RE HLOKA MODIMO HORE A RE TATAISE

Ka Bibeleng, Jehovaa Modimo o bontshitse hore batho ba hloka thuso ya hae, ba ke ke ba kgona ho etsa letho ka ntle ho yena. (Jeremia 10:23) Ke ka hoo a faneng ka melao e re tataisang e hlahang ka Bibeleng. Modimo o a re rata mme ha a batle hore re etse diqeto tse tla re utlwisa bohloko le ho etsa hore bophelo ba rona bo be thata. (Deuteronoma 5:29; 1 Johanne 4:8) Jwalo ka Mmopi wa rona, o re fa bohlale le tsebo tse tla re thusa ho phela bophelo bo molemo ka ho fetisisa. (Pesaleme ya 100:3; 104:24) Le ha ho le jwalo, Modimo ha a qobelle batho ho phela ka melao ya hae.

Jehova o ile a fa Adama le Eva dintho tsohle tseo ba neng ba di hloka e le hore ba thabe e le ka nnete. (Genese 1:​28, 29; 2:​8, 15) O ne a boetse a ba file ditaelo tse bonolo tseo a neng a lebeletse hore ba di phethe. Le ha ho le jwalo, o ne a ba dumeletse hore ba ikgethele hore na ba tla latela ditaelo tseo kapa tjhe. (Genese 2:​9, 16, 17) Ka maswabi, Adama le Eva ba ile ba kgetha ho phela ka tsela eo ba e batlang ho ena le ho phela ka tsela eo Modimo a e batlang. (Genese 3:6) Na qeto ya bona e ile ya ba tswela molemo? Na batho ba a thaba ha ba phela ka tsela eo ba nahanang hore e nepahetse? Tjhe, ho theosa le dilemo re bone hore ho se phele ka melao ya Modimo ha ho tlisetse batho thabo le kgotso.—Moeklesia 8:9.

Bibele e re thusa ho etsa diqeto tse molemo ho sa tsotellehe hore na re tswa hokae. (2 Timothea 3:​16, 17; sheba lebokose le reng “Buka ya Batho Bohle.”) Bibele e re thusa jwang?

Ithute hore na ke hobaneng ha Bibele e bitswa “lentswe la Modimo.”—1 Bathesalonika 2:13. Shebella video e nang le sehlooho se reng Mongodi wa Bibele ke Mang? websaeteng ya jw.org/st-za.

BUKA YA BATHO BOHLE

Re ka lebella hore Mmopi wa rona ya bohlale le ya lerato a etse hore batho bohle ba kgone ho fumana dikeletso tsa hae. Nahana ka dintlha tse latelang ka Bibele:

Batho ba merabe e fapaneng ba bala Bibele. Ho na le Dibibele ka pela bona tse hatisitsweng le tsa elektronike.
  • 3 500+ Bibele e fumaneha ka dipuo tse fetang 3 500 e felletse kapa e sa fella mme sena se etsa hore e be buka e fetoletsweng ho feta dibuka tse ding tsohle lefatsheng.

  • 5 000 000 000+ Ho hatisitswe dikopi tsa Bibele tse fetang dibilione tse hlano e leng palo e fetang hole ya buka le ha e le efe e nngwe e kileng ya hatiswa.

Bibele ha e etse hore morabe, moloko, setjhaba kapa setso se seng se be bohlokwa ho feta se seng. Ka nnete ena ke buka ya batho bohle.

Bala Bibele Inthaneteng (e fumaneha ka dipuo tse fetang 250) websaeteng ya jw.org/st-za

Ntate o supile ka monwana Bibeleng ya hae ha a ntse a e bala.

KE HOBANENG HA BATHO BA BANG BA NAHANA HORE BIBELE E KE KE YA BA THUSA?

Batho ba bang ba re ba ke ke ba fumana keletso e ka ba tataisang ka Bibeleng. Hlokomela dintho tseo batho ba bang ba di buang.

Batho ba bang ba re: “Bibele e a ikganyetsa.”

Seo e leng nnete: Qalong o ka nna wa bona eka dikarolo tse ding tsa Bibele ha di dumellane empa ha o ithuta hore na di ngotswe neng le maemong afe, o tla bona hore ka nnete di a dumellana.

Hlokomela mehlala e meng e hlahang sehloohong se reng: “Na Bibele e a Ikganyetsa?” websaeteng ya jw.org/st-za.

Batho ba bang ba re: “Batho ba reng ba bala Bibele ba etsa dintho tse mpe, ka hoo e tlameha hore ebe ha hona dikeletso tseo re ka di fumanang ho yona.”

Seo e leng nnete: Ha re a lokela ho beha Bibele molato ka lebaka la batho ba sa batleng ho sebedisa dintho tseo ba ithutileng tsona Bibeleng. Bibele e ile ya bolela esale pele hore batho ba bangata ho akarelletsa le baetapele ba bodumedi ba bolelang hore ba ithuta Bibele, ba tla etsa dintho tse sa dumellaneng le dintho tseo ba ithutang tsona. E boetse e re dithuto tsa Bibele di “tla buuwa hampe.”—2 Petrose 2:​1, 2.

Ka mohlala, shebella video e nang le sehlooho se reng: “Ke Ile ka Tlohella Bodumedi” websaeteng ya jw.org, ho bona hore na ke baetapele ba bakae ba bodumedi ba etsang dintho tse sa dumellaneng le seo Bibele e se rutang.

Batho ba bang ba re: “Batho ba ithutang Bibele ha ba hlomphe maikutlo a batho ba bang.”

Seo e leng nnete: Bibele yona e re re hlomphe batho ba bang. E re kgothalletsa hore. . .

  • re nke batho ba bang e le ba bohlokwa ho re feta.—Bafilipi 2:3.

  • re hlomphe batho ba mefuta yohle. —1 Petrose 2:17.

  • re se ke ra qobella batho ho dumela seo re se dumelang.—Matheu 10:14.

Bibele e bontsha hore Modimo o tshwara batho ka toka le ka mosa ka dinako tsohle mme o batla hore le rona re mo etsise.—Baroma 9:14.

Ho ithuta dintlha tse ding bala sehlooho se reng: “Bibele e ka re Thusa ho Hlompha Maikutlo a Batho ba Bang” websaeteng ya jw.org/st-za.

BIBELE E RE BOLELLA SEO MODIMO A BATLANG HORE RE SE ETSE

Bibele e re bolella ka moo Jehova a nnileng a sebedisana le batho ka teng ho tloha qalong. E re thusa ho utlwisisa hore na ke dintho dife tseo Modimo a di nkang di nepahetse kapa di fosahetse le tseo a di nkang di le molemo kapa di le kotsi. (Pesaleme ya 19:​7, 11) Melaomotheo eo re ithutang yona Bibeleng ha e fellwe ke nako hape e re thusa ho etsa diqeto tse tla re tswela molemo bophelong.

Ka mohlala, hlokomela molaomotheo oo re o fumanang lengolong la Diproverbia 13:20: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa empa ya sebedisanang le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.” Molaomotheo ona haesale o sebetsa ho tloha kgale mme o ntse o le molemo le kajeno. Bibele e na le melaomotheo ya bohlokwa e tshwanang le ona e ka re thusang.—Sheba lebokose le reng “Dikeletso Tsa Bibele di Ntse di Sebetsa le Kajeno.”

Mohlomong o ka ipotsa, ‘Nka kgodiseha jwang hore dikeletso tsa Bibele di ka nthusa?’ Sehloohong se latelang, re tla bona mehlala ya batho ba ileng ba sebedisa dikeletso tsa Bibele.

a Jehova ke lebitso la Modimo.—Pesaleme ya 83:18.

DIKELETSO TSA BIBELE DI NTSE DI SEBETSA LE KAJENO

Le hoja Bibele e ngotswe dilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, e ntse e re tswela molemo le kajeno. Ha e sa le batho ba ntse ba labalabela ho phela ha monate. (Moeklesia 1:9) Dikeletso tsa Bibele di ka re thusa ho finyella tabatabelo eo.

Ho Tshepahala

  • “Re lakatsa ho etsa dintho tsohle ka botshepehi.”—Baheberu 13:18.

  • “Ya utswang a se ke a hlola a utswa empa a sebetse ka thata.”—Baefese 4:28.

Ho Utlwana le Batho ba Bang

  • “Dulang le etsa dintho tse tla tswela ba bang molemo eseng tse tla tswela lona feela molemo.”—1 Bakorinthe 10:24.

  • “Le tswele pele ho mamellana le ho tshwarelana.”—Bakolose 3:13.

Ho Etsa Diqeto

  • “Ya se nang tsebo o dumela lentswe le leng le le leng empa ya bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong wa hae.”—Diproverbia 14:15.

  • “Ya bohlale o bona kotsi ebe o a ipata empa ba se nang kelello ha ba ipate ebe ba fumana ditholwana tse bosula.”—Diproverbia 22:3.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share