PHELA JWALOKA MOKRESTE
Boloka Melao ya Jehova ya Boitshwaro
Jehova Modimo o behela batho melao ya boitshwaro. Ka mohlala, o fane ka molao wa hore lenyalo ke tlamo ya ka ho sa feleng pakeng tsa monna le mosadi. (Mat 19:4-6, 9) O hloile mefuta yohle ya boitshwaro bo bobe ba ho kopanela diphate. (1Ko 6:9, 10) O boetse o fane ka melaomotheo e re tataisang ya hore re ka apara le ho itokisa jwang.—De 22:5; 1Ti 2:9, 10.
Batho ba mehleng ena ha ba mamele melao ya Jehova. (Bar 1:18-32) Moaparo, boitshwaro le ho itokisa ha bona ho laolwa ke se tummeng ka nako eo. Batho ba bangata ba thabela ho pepesa diketso tsa bona tse mpe mme ba nyefola ba phelang ka tsela e fapaneng.—1Pe 4:3, 4.
Jwalo ka Dipaki Tsa Jehova, re lokela ho ba sebete ha re boloka melao ya Modimo. (Bar 12:9) Jwang? Ka bohlale re lokela ho tsebahatsa seo Jehova a se amohelang. Empa re boetse re lokela ho phela ka tsela e bontshang hore re boloka melao ya hae. Ka mohlala, ha re kgetha hore na re tla aparang kapa re tla itokisa jwang, re ka nna ra ipotsa: ‘Na kgetho ya ka e bontsha hore ke mamela melao ya Jehova kapa ya lefatshe? Na e bontsha hore ke Mokreste ya tshabang Modimo?’ Ha re kgetha filimi kapa lenaneo leo re batlang ho le shebella, re ka nna ra ipotsa: ‘Na Jehova o tla thabela lenaneo lee? Le bontsha melao ya boitshwaro ya mang? Na kgetho ya ka ya boithabiso e ka senya boitshwaro ba ka? (Pes 101:3) Na boithabiso boo bo ka kgopisa ditho tsa lelapa kapa batho ba bang?’—1Ko 10:31-33.
Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re boloke melao ya Jehova ya boitshwaro? Haufinyane Jesu Kreste o tla fedisa ditjhaba le bokgopo bohle bo teng. (Eze 9:4-7) Ho tla pholoha feela ba etsang thato ya Modimo. (1Jo 2:15-17) Kahoo, ha re ipaboleng ka ho mamela melao ya Jehova ya boitshwaro, e le hore batho ba re shebileng ba ka tlotlisa Modimo ka lebaka la boitshwaro ba rona bo botle.—1Pe 2:11, 12.
Tsela eo ke kgethang ho itokisa le ho apara ka yona e bontshang ka boitshwaro ba ka?
SHEBELLA VIDEO E RENG EBA MOTSWALLE WA JEHOVA—MONNA A LE MONG, MOSADI A LE MONG, E BE KA MORA MOO LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho mamela melao ya Jehova?
Ke hobaneng ha batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona ka melao ya Jehova ha ba sa le banyenyane?
Ba hodileng le ba batjha ba ka thusa batho jwang hore ba rue molemo ho lokeng ha Modimo?