LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g21 No. 2 maq. 13-15
  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Tsela eo o Ithutang ka Yona?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Tsela eo o Ithutang ka Yona?
  • Fadimehang!—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEO O LOKELANG HO SE TSEBA
  • HO BA MONG
  • SEO O KA SE ETSANG
  • Na o ka Thabela ho Ithuta Haholwanyane?
    Fadimehang!—2021
  • Seo re Tlo Ithuta Sona
    Fadimehang!—2021
  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Lenyalo la Hao?
    Fadimehang!—2021
  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Setswalle sa Hao le Batho ba Bang?
    Fadimehang!—2021
Tse Ding
Fadimehang!—2021
g21 No. 2 maq. 13-15
Monna o shebile video ya ntho eo a e phehang.

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Tsela eo o Ithutang ka Yona?

Batho ba dula ba ithuta, ebang ke bakeng sa sekolo, mosebetsi kapa mabaka a mang. Theknoloji e ka thusa batho hore ba ithute. Hona jwale ho se ho le bonolo hore o fumane dintlha kapa ditaba le ha e le dife ntle le hore o tswe ka tlung kapa o phahame setulong.

Empa batho ba bangata ba sebedisang theknoloji haholo . . .

  • ba thatafallwa ho tsepamisa mohopolo ha ba bala.

  • ba ba le bothata ba ho etsa ntho e le nngwe ka nako.

  • ba jewa ke bodutu ha ba le bang.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

Motjha o etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe. O ngola molaetsa fonong ya hae, o bua le motswalle ka video, o sebedisa khompiyutha le buka ho bala.

HO BALA

Batho ba sebedisang disebediswa tsa elektronike haholo ha ba na mamello ya ho bala. Ba sheba feela dintlha tse ka sehloohong tsa ntho eo ba e balang.

Ho bala ka tsela eo ha ho na bothata haeba feela o batla karabo ya potso e itseng kapele. Empa ona ha se mokgwa o nepahetseng haeba o batla ho utlwisisa ntho eo o e balang.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: O kgona ho bala dirapa tse ngata ha bonolo hakae? Ho etsa jwalo ho ka o thusa jwang hore o ntlafatse mokgwa wa hao wa ho ithuta?​—LIPROVERBIA 18:15.

TSEPAMISA MOHOPOLO

Batho ba bang ba re theknoloji e ba thusa ho etsa mesebetsi e mengata ka nako e le nngwe, ka mohlala ba kgona ho buisana le metswalle ya bona ba ntse ba bala. Empa ha ba etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe, ha ho na eo ba kgonang ho e etsa hantle, haholoholo haeba di hloka hore ba tsepamise mohopolo.

Ho tsepamisa mohopolo le ho qoba dintho tse ka o sitisang ha ho bonolo empa ho tla o tswela molemo. Motjha e mong ya bitswang Grace o re: “O ke ke wa etsa diphoso tse ngata ebile ha o na dula o tshwenyehile haholo. Ke ithutile hore ho molemo ho etsa ntho e le nngwe ka nako eseng tse ngata hobane di tla o sitisa.”

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na ho etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe ho o sitisa ho tsepamisa mohopolo le ho hopola dintho tseo o ithutileng tsona?​—LIPROVERBIA 17:24.

HO BA MONG

Batho ba bang ha ba rate ho ba bang moo ho thotseng, ka hoo ba sebedisa theknoloji e le ho iphathahanya. Mosadi e mong ya bitswang Olivia o re: “Ke jewa ke bodutu haeba ho ka feta metsotso e 15 ke dutse feela ke sa shebe fono ya ka kapa ke sa bulele TV.”

Le ha ho le jwalo, nako ya ho ba mong e fa motho monyetla wa ho nahana ka ho teba e leng karolo ya bohlokwa ya ho ithuta, eseng bakeng sa batjha feela empa le batho ba baholo.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na ha o le mong o sebedisa nako eo hore o nahane?​—1 TIMOTHEA 4:15.

SEO O KA SE ETSANG

HLAHLOBA TSELA EO O SEBEDISANG THEKNOLOJI KA YONA

O ka sebedisa theknoloji jwang ho o thusa ho ntlafatsa tsela eo o ithutang ka yona? Theknoloji e ka o sitisa ho tsepamisa mohopolo le ho ithuta jwang?

KELETSO YA BIBELE: “Sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.”​—LIPROVERBIA 3:21.

IPOTSE . . .

  • Na ke thatafallwa ho bala dirapa tse ngata sesebedisweng sa elektronike? Haeba ho jwalo, keng eo hangata e ntshitisang?

  • Nka etsa jwang ho fokotsa ditshitiso kapa ho di tlosa ka ho felletseng?

Tlhahiso: Qala ka ho bala dikarolo tse kgutshwane ebe ha nako e ntse e ya o a di eketsa. Bala ka lentswe le tlase e le hore o ka tsepamisa mohopolo ho seo o se balang.

  • Nka etsang e le hore ke be le nako e lekaneng ya ho nahanisisa ka ntho eo ke e badileng?

Tlhahiso: Ha o ntse o ithuta, sebedisa metsotso e leshome e qetellang ho hlahloba hore na o ithutileng.

  • Ke maemong afe moo ho ka bang bonolo hore ke batle ho etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe?

  • Nka etsang e le hore ke kgone ho tsepamisa mohopolo nthong e le nngwe ka nako?

Tlhahiso: Leka ho etsa hore sebakeng seo o ballang ho sona ho se ke ba le dintho tse tla etsa hore o batle ho etsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe.

KELETSO YA BIBELE: “Fumana bohlale, fumana kutlwisiso.”​—LIPROVERBIA 4:5.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share