KGAOLO YA 2
“Le Tla ba Dipaki Tsa Ka”
Ka moo Jesu a ileng a hlomella baapostola ba hae hore ba etelle pele mosebetsing wa boboledi
E Thehilwe ho Diketso 1:1-26
1-3. Ho etsahala eng ha Jesu a arohana le baapostola ba hae, hona ho hlaha dipotso dife?
E NE e se eka ba ke ke ba hlola ba arohana. Dibeke tse fetileng e bile tse monate haholo ho baapostola! Ho tsoha ha Jesu bafung ho ba tsositse molota haholo. Jesu o nnile a hlaha ho balatedi ba hae ka matsatsi a 40, a ntse a ba ruta le ho ba kgothatsa. Le ha ho le jwalo, kajeno ba mo bona la ho qetela.
2 Baapostola ba na le Jesu Thabeng ya Mehlwaare, mme ba mo mametse ka hloko. Ha a qeta ho bua le bona—e le moo ba ntseng ba lebelletse hore a tswele pele—o phahamisa matsoho mme o a ba hlohonolofatsa. Yaba o qala ho nyoloha! Balatedi ba hae ba mo shebile ha a ntse a nyolohela lehodimong. Qetellong, leru le a mo kwahela mme ha ba sa mo bona. O se a nyametse empa ba ntse ba shebile lehodimong.—Luka 24:50; Dik. 1:9, 10.
3 Bophelo ba baapostola ba Jesu bo fetoha haholo ka mora ketsahalo ena. Ba tla etsa jwang ha e le moo monga bona, Jesu Kreste a se a nyolohetse lehodimong? Ha ho pelaelo hore monga bona o ba hlomeletse hore ba ntshetse pele mosebetsi oo a seng a o qadile. O ile a ba hlomella jwang bakeng sa mosebetsi oo wa bohlokwa, hona ba ile ba etsa jwang? See se ama Bakreste jwang kajeno? Re fumana dikarabo tse kgothatsang kgaolong ya pele ya Diketso.
“Ditsela Tse Ngata Tse Pakang Hore o a Phela” (Diketso 1:1-5)
4. Luka o qala tlaleho ya hae ya Diketso jwang?
4 Luka o qala tlaleho ya hae ka ho bua le Theofilase, e leng monna eo nakwana pele ho mona a ileng a mo ngolla Kosepele.a Ho bontsha ka ho hlaka hore tlaleho ena e ntshetsa pele Kosepele ya hae, ka bokgutshwanyane Luka o qala ka ho bolela diketsahalo tse tlalehilweng qetellong ya yona, a sebedisa mantswe a sa tshwaneng a bile a akarelletsa dintlha tse ding.
5, 6. (a) Ke eng e tla thusa balatedi ba Jesu hore ba dule ba ena le tumelo e matla? (b) Ke jwang tumelo ya Bakreste kajeno e thehilweng ‘ditseleng tse ngata tse pakang hore o a phela’?
5 Ke eng e tla etsa hore tumelo ya balatedi ba Jesu e dule e le matla? Diketso 1:3 e re: “[Jesu] o ile a hlaha ho bona ka ditsela tse ngata tse pakang hore o a phela.” Ka Bibeleng, ha ho mongodi e mong ya buang ka “ditsela tse ngata tse pakang hore o a phela” haese Luka “ngaka e ratwang.” (Bakol. 4:14) Polelo ena e ne e sebediswa ka hara dingolwa tsa bongaka, mme e bolela bopaki bo totobetseng, bo kgodisang le ba nnete. Jesu o ile a fana ka bopaki bo jwalo. O ile a hlaha ho balatedi ba hae ka makgetlo a mangata, ka dinako tse ding e le ho a le mong kapa ba babedi, ka tse ding e le ho baapostola kaofela mme ka lekgetlo le leng a hlaha ho badumedi ba fetang 500. (1 Bakor. 15:3-6) Na ho na le bopaki bo fetang boo?
6 Le kajeno tumelo ya Bakreste ba nnete e thehilwe ‘ditseleng tse ngata tse pakang hore o a phela.’ Na ho na le bopaki ba hore Jesu o ile a phela lefatsheng, a shwela dibe tsa rona a ba a tsoswa bafung? Ka sebele bo teng! Ditlaleho tsa nnete ka Lentsweng la Modimo tsa dipaki tse boneng ka mahlo di re fa bopaki bohle bo kgodisang boo re bo hlokang. Ho ithuta ditlaleho tsena le ho rapella thuso ya hore re sebedise seo re ithutang sona ho ka matlafatsa tumelo ya rona haholo. Hopola hore bopaki bona bo ka etsa hore motho a be le tumelo ya sebele ho ena le ho dumela ntle ho bopaki bo lekaneng. Ho hlokahala hore motho a be le tumelo ya nnete e le hore a fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.
7. Jesu o behetse balatedi ba hae mohlala ofe wa ho ruta le ho bolela ditaba tse monate?
7 Jesu o ne a boetse “a bua ka Mmuso wa Modimo.” Ka mohlala, o ile a hlalosa boprofeta bo neng bo bontsha hore Mesia o tla utlwa bohloko a be a shwe. (Luka 24:13-32, 46, 47) Ha Jesu a hlakisa mosebetsi wa hae e le Mesia, o ile a bua ka Mmuso wa Modimo, hobane e ne e le Morena ya Kgethilweng. Jesu o ne a bua haholo ka Mmuso boboleding ba hae, mme le balatedi ba hae kajeno ba etsa se tshwanang.—Mat. 24:14; Luka 4:43.
“Le Karolong e Holehole ya Lefatshe” (Diketso 1:6-12)
8, 9. (a) Baapostola ba Jesu ba ne ba ena le dikgopolo dife tse pedi tse fosahetseng? (b) Jesu o ile a lokisa monahano wa baapostola ba hae jwang, mme Bakreste ba ithuta eng ho see kajeno?
8 Ha baapostola ba le Thabeng ya Mehlwaare, e ne e le lekgetlo la ho qetela ba ena le Jesu lefatsheng. Ba ile ba mo botsa ka thahasello, ba re: “Morena, na o tlo kgutlisetsa mmuso ho Iseraele hona jwale?” (Dik. 1:6) Ka potso ena e le nngwe, baapostola ba ile ba itshenola hore ba na le dikgopolo tse pedi tse fosahetseng. Ya pele, ba ne ba nahana hore Mmuso wa Modimo o tla kgutlisetswa setjhabeng sa Iseraele ya nama. Ya bobedi, ba ne ba lebelletse hore Mmuso oo o tshepisitsweng o qale ho busa hanghang, “hona jwale.” Jesu o ile a ba thusa jwang hore ba fetole tsela eo ba neng ba nahana ka yona?
9 Ho ka etsahala hore Jesu o ne a tseba hore kgopolo ya pele e ne e tla tloha e lokiswa. Ha e le hantle, balatedi ba hae ba ne ba le haufi le ho bona ha setjhaba se setjha sa Iseraele ya moya se tswalwa, matsatsi a leshome feela ka mora moo! Haufinyane Modimo o ne a se a ke ke a hlola a sebedisana le setjhaba sa Baiseraele ba nama. Tabeng ya kgopolo ya bobedi, Jesu o ile a ba hopotsa ka mosa, a re: “Ha se taba ya lona ho tseba dinako tse taolong ya Ntate.” (Dik. 1:7) Jehova o etsa dintho ka nako eo a e behileng. Pele Jesu a shwa, o ile a bolela hore ka nako eo, esita le Mora o ne a sa tsebe “letsatsi leo kapa hora” eo bofelo bo tla tla ka yona empa e ne e tsejwa ke “Ntate feela.” (Mat. 24:36) Le kajeno, haeba Bakreste ba ameha ka ho feteletseng ka hore na lefatshe le tla fela neng, ha e le hantle ba itshwenya ka ntho e sa ba tlamang.
10. Re lokela ho ikitlaelletsa ho ba le boikutlo bofe bo tshwanang le ba baapostola, hona hobaneng?
10 Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho eisa baapostola ba Jesu, ka ha e ne e le banna ba nang le tumelo e matla. Ka boikokobetso ba ile ba amohela kgalemelo. Ho feta moo, le hoja potso ya bona e ne e bakwa ke monahano o fosahetseng, e ne e boetse e bontsha hore ba na le boikutlo bo botle. Jesu o ne a atisa ho kgothatsa balatedi ba hae, a re: “Le dule le fadimehile.” (Mat. 24:42; 25:13; 26:41) Ba ne ba fadimehile moyeng, mme ba labalabela ho bona diketsahalo tse bontshang hore Jehova o se a tla nka kgato. Bona ke boikutlo boo ho hlokahalang hore re be le bona kajeno. Ha e le hantle, ‘mehla ya bofelo’ e seng e le sehlohlolong e etsa hore ho be bohlokwa le ho feta hore re etse jwalo.—2 Tim. 3:1-5.
11, 12. (a) Jesu o ile a fa balatedi ba hae mosebetsi ofe? (b) Ke hobaneng ha ho utlwahala hore ebe Jesu o ile a bua ka moya o halalelang ha a bua ka mosebetsi wa boboledi?
11 Jesu o ile a hopotsa baapostola ba hae hore na ba lokela ho ameha ka eng haholoholo. O ile a re: “Ha le fumana moya o halalelang, le tla ba le matla mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.” (Dik. 1:8) Ditaba tsa hore Jesu o tsositswe bafung di ne di tla bolelwa Jerusalema pele, e leng moo a ileng a bolaelwa teng. Ho tloha moo, di ne di tla bolelwa Judea yohle le Samaria le dibakeng tse hole.
12 Ho a utlwahala hore Jesu o qadile ho bua ka mosebetsi wa boboledi ka mora hore a boele a ba tshepise hore o tla ba romela moya o halalelang. Lena ke le leng la makgetlo a fetang 40 ao polelwana e reng “moya o halalelang” e hlahang bukeng ya Diketso. Kgafetsa, buka ena e thahasellisang ya Bibele e bontsha hore re ke ke ra etsa thato ya Jehova ntle ho thuso ya moya o halalelang. Ke habohlokwa hakaakang hore re rapelle moya oo ka mehla! (Luka 11:13) Hona jwale re o hloka ho feta le ha e le neng pele.
13. Mosebetsi wa boboledi oo batho ba Modimo ba o filweng kajeno o namme hakae, mme ke hobaneng ha re lokela ho ikakgela ka setotswana ho wona?
13 Dibaka tseo mehleng eo di neng di nkwa e le ‘karolo e holehole ya lefatshe,’ ha di sa nkwa jwalo kajeno. Le ha ho le jwalo, jwalo ka ha ho boletswe kgaolong e fetileng, Dipaki Tsa Jehova di amohetse mosebetsi ona wa ho paka ka pelo yohle, di tseba hore Modimo o batla hore batho ba mefuta yohle ba utlwe ditaba tse monate tsa Mmuso. (1 Tim. 2:3, 4) Na o ikakgela ka setotswana mosebetsing oo o pholosang batho? Ha ho moo o ka fumanang mosebetsi o kgotsofatsang le o thabisang ho feta ona! Jehova o tla o fa matla ao o a hlokang hore o o etse. Buka ya Diketso e tla o hlahlella mabapi le mekgwa e nepahetseng eo o ka e sebedisang le boikutlo boo o lokelang ho ba le bona e le hore o atlehe mosebetsing ona.
14, 15. (a) Mangeloi a ile a re Kreste o tla kgutla jwang, mme a ne a bolelang? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.) (b) Ke jwang ho kgutla ha Kreste ho ileng ha eba “ka mokgwa o tshwanang” le ho tsamaya ha hae?
14 Jwalo ka ha ho boletswe qalong ya kgaolo ena, Jesu o ile a nyolohela lehodimong yaba ha a sa bonahala. Le ha ho le jwalo, baapostola ba 11 ba ile ba nna ba ema moo ba shebile lehodimong. Qetellong, ho ile ha hlaha mangeloi a mabedi mme a ba kgalemela ka bonolo, a re: “Banna ba Galilea, ke hobaneng ha le eme le shebile lehodimong? Jesu ya tlohileng ho lona a iswa lehodimong o tla tla ka mokgwa o tshwanang le oo le boneng a ya lehodimong ka wona.” (Dik. 1:11) Na mangeloi a ne a bolela hore Jesu o tla kgutla ka wona mmele oo, jwalo ka ha madumedi a mang a ruta seo? Tjhe, a ne a sa bolele seo. Re tseba jwang?
15 Mangeloi ha a ka a re Jesu o tla kgutla ka sebopeho se tshwanang, empa a itse o tla kgutla “ka mokgwa o tshwanang.”b O ile a tsamaya ka mokgwa ofe? Ha mangeloi a bua, o ne a se a sa bonahale. Ke banna bao ba seng bakae feela, e leng baapostola, ba ileng ba lemoha hore Jesu ha a sa le yo lefatsheng mme o tseleng o ya ho Ntate wa hae lehodimong. Kreste o ne a tla kgutla ka mokgwa o tshwanang le oo. Ho ile ha fela ha eba jwalo. Kajeno ba nang le kutlwisiso ya moya ke bona feela ba lemohang hore Jesu o se a le teng mme o qadile ho busa. (Luka 17:20) Ho hlokahala hore re lemohe bopaki ba hore o teng mme re bolelle ba bang e le hore le bona ba ka bona hore nako e se e lekane motinyane.
“Re Kopa o re Bontshe . . . eo o mo Kgethileng” (Diketso 1:13-26)
16-18. (a) Re ithuta eng ho Diketso 1:13, 14, mabapi le diboka tsa Bakreste tsa borapedi? (b) Re ithuta eng mohlaleng wa Maria, mme wa Jesu? (c) Ke hobaneng ha diboka tsa Bakreste e le tsa bohlokwa kajeno?
16 Ho a utlwahala hore baapostola ba ile “ba kgutlela Jerusalema ba thabile haholo.” (Luka 24:52) Le ha ho le jwalo, ba ne ba tla amohela tataiso le ditaelo tsa Kreste jwang? Diketso kgaolo ya 1, temana ya 13 le 14, e re ba ne ba bokane ka “kamoreng e ka hodimo,” mme re ithuta dintlha tse thahasellisang ka diboka tse jwalo. Ka nako eo, matlo a Palestina a ne a ena le kamore e ka hodimo, eo ho nyolohelwang ho yona ka ditepisi tse ka ntle. Na ho ka etsahala hore ‘kamore eo e ka hodimo’ e ne e le ya ntlo ya mme wa Mareka e boletsweng ho Diketso 12:12? Ho sa tsotellehe hore ke efe, ho ka etsahala hore kamore ena e ne e le sebaka se itekanetseng seo balatedi ba Kreste ba neng ba kopanela ho sona. Empa ke bomang ba neng ba le teng sebokeng seo, mme ba ne ba etsang?
17 Hlokomela hore e ne e se baapostola kapa banna feela ba neng ba le teng sebokeng sena. “Basadi ba bang” ba akgang Maria, mme wa Jesu ba ne ba le teng. Lena ke lekgetlo la ho qetela ho buuwa ka yena ka ho toba ka Bibeleng. Ho loketse ho nahana hore o ne a le boemong boo, a sa batle ho hlahella, empa ka boikokobetso a ile sebokeng ho ya rapela le bara le baradi babo ba moya. E tlameha ebe o ile a tshediswa ke ho ba mmoho le bara ba bang ba hae ba bane, bao e neng e se badumedi ha Jesu a sa phela. (Mat. 13:55; Joh. 7:5) Ba ile ba fetoha ka mora lefu la ngwanabo bona.—1 Bakor. 15:7.
18 Hape, hlokomela lebaka leo barutuwa bana ba neng ba bokane ka lona: “Kaofela ha bona ba ne ba rapela ka mehla ba momahane.” (Dik. 1:14) Ho bokana ha mmoho haesale e le habohlokwa borapeding ba Bakreste. Re bokana bakeng sa ho kgothatsana, ho lauwa le ho eletswa, mme ka hodima tsohle, bakeng sa ho rapela Ntate wa rona ya lehodimong, Jehova. Dithapelo tseo re di etsang ka nako eo ha mmoho le dipina tsa thoriso di mo thabisa haholo mme ke tsa bohlokwa ho rona. E se eka le ka mohla re ke ke ra tlohela ho ba teng dipokanong tsena tse halalelang le tse hahang!—Baheb. 10:24, 25.
19-21. (a) Re ithuta eng tseleng eo Petrose a ileng a ikakgela ka setotswana ka yona mesebetsing ya phutheho? (b) Ke hobaneng ha ho ne ho hlokahala hore Judase a nkelwe sebaka ke e mong, mme re ka ithuta eng tseleng eo taba ee e ileng ya sebetswa ka yona?
19 Ka nako eo, ho ile ha hlaha taba ya bohlokwa eo balatedi bao ba Kreste ba ileng ba lokela ho sebetsana le yona, mme moapostola Petrose a etella pele ha e sebetswa. (Temana ya 15-26) Na ha ho kgothatse ho hlokomela ka moo Petrose a ileng a hatela pele ka teng dibekeng tse seng kae ho tloha ha a latola Morena wa hae ka makgetlo a mararo? (Mar. 14:72) Bohle re sekametse sebeng, mme ho hlokahala re hopotswe hore Jehova ‘o molemo ebile o ikemiseditse ho tshwarela’ ba bakang e le ka nnete.—Pes. 86:5.
20 Petrose o ile a lemoha hore sebaka sa Judase, e leng moapostola ya neng a ekile Jesu, se lokela ho nkwa ke e mong. Empa e ne e tla ba mang? Moapostola eo e motjha e lokela ho ba ya ileng a latela Jesu tshebeletsong yohle ya hae a ba a bona le tsoho ya hae. (Dik. 1:21, 22) Sena se ne se dumellana le tshepiso eo Jesu a ileng a e etsa ha a re: “Lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse12, le ahlole meloko e 12 ya Iseraele.” (Mat. 19:28) Ho bonahala hore Jehova o ne a rerile hore baapostola ba 12 ba ileng ba latela Jesu ha a ntse a etsa tshebeletso ya hae lefatsheng e be “majwe a motheo a 12” ao e tla ba karolo ya Jerusalema e Ntjha. (Tshen. 21:2, 14) Ka hoo, Modimo o ile a etsa hore Petrose a lemohe hore boprofeta bo reng, “Mosebetsi wa hae wa ho ba molebedi o ke o nkwe ke motho e mong” bo phethahala ho Judase.—Pes. 109:8.
21 Ba ile ba mo kgetha jwang? Ka ho lahla lotho, e leng mokgwa o neng o tlwaelehile mehleng ya ho ngolwa ha Bibele. (Diprov. 16:33) Le ha ho le jwalo, lena ke lekgetlo la ho qetela leo ka lona Bibele e bontshang lotho e sebediswa ka tsela ena. Ho hlakile hore mokgwa ona o ile wa fela ha morao ha barutuwa ba tlotswa ka moya o halalelang. Empa hlokomela hore na lotho e ne e sebediswa ka lebaka lefe. Baapostola ba ile ba rapela, ba re: “Jehova, o tseba dipelo tsa batho bohle. Re kopa o re bontshe hore na ho banna bana ba babedi ke ofe eo o mo kgethileng.” (Dik. 1:23, 24) Ba ne ba batla hore motho eo a kgethwe ke Jehova. Ho ile ha kgethwa Mathiase, eo mohlomong e neng e le e mong wa barutuwa ba 70 bao Jesu a ileng a ba roma hore ba yo bolela ditaba tse monate. Ka hoo, Mathiase e ile ya eba e mong wa “ba 12”c—Dik. 6:2.
22, 23. Ke hobaneng ha re lokela ho ipeha tlase le ho ikokobelletsa ba eteletseng pele ka phuthehong kajeno?
22 Taba ena e re hopotsa bohlokwa ba hore ho be le tlhophiso ka hara batho ba Modimo. Le kajeno, ho kgethwa banna ba ikarabellang hore e be balebedi ka phuthehong. Baholo ba hlahloba ka hloko hore na balebedi ba jwalo ba a tshwaneleha ho latela Mangolo, ebe ba rapella tataiso ya moya o halalelang. Ka hoo, phutheho e nka hore banna ba jwalo ba kgethilwe ke moya o halalelang. Re dula re ipehile tlase mme re ikokobelleditse bona ha ba re etella pele, mme sena se etsa hore re sebedisane mmoho ka phuthehong.—Baheb. 13:17.
Re dula re ipehile tlase mme re ikokobelleditse balebedi ba kgethilweng ha ba re etella pele
23 Ka ha barutuwa bao ba ne ba matlafaditswe ke tsoho ya Jesu le diphetoho tse ileng tsa etswa ka phuthehong, ba ne ba hlomeletswe bakeng sa se larileng ka pele. Kgaolo e latelang e tla tshohla ketsahalo eo ya bohlokwa.
a Kosepeleng ya hae, Luka o re monna enwa ke “mohlomphehi Theofilase,” e leng se etsang hore ba bang ba nahane hore mohlomong Theofilase e ne e le motho ya hlaheletseng eo e neng e eso be modumedi.(Luka 1:3) Le ha ho le jwalo, mona ho Diketso, Luka o re feela ho yena, “Theofilase.” Ditsebi tse ding di nahana hore Theofilase e ile ya eba modumedi ka mora ho bala Kosepele ya Luka ka hoo, di re Luka ha a sa mo bitsa ka tlotla ya hae empa o se a mo ngolla e le morabo wa moya.
b Mona Bibele e sebedisa lentswe la Segerike troʹpos, le bolelang “mokgwa,” eseng mor·pheʹ, le bolelang “sebopeho.”
c Ha morao Pauluse o ile a kgethwa hore e be “moapostola ya ronngweng [ho ditjhaba]” empa ha ho mohla a kileng a balellwa ho ba 12. (Bar. 11:13; 1 Bakor. 15:4-8) O ne a sa latela Jesu ha a etsa tshebeletso ya hae lefatsheng, ka hoo o ne a sa tshwanelehe ho fuwa tlotla eo e kgethehileng.