LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 14 maq. 108-115
  • “Re Dumellane”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Re Dumellane”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “Dibuka Tsa Baprofeta di Dumellana le Taba Ena” (Diketso 15:​13-21)
  • Ho Romelwa Banna ba Kgethilweng (Diketso 15:​22-29)
  • Ba Ile ba “Thaba Haholo” (Diketso 15:​30-35)
  • Ke Mang ya Etellang Pele Batho ba Modimo Kajeno?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • “Ba Ngangisana”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Mosebetsi wa “Lekgoba le Tshepahalang le le Masene” ke Ofe?”
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ithute ho Morabo Jesu
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tse Ding
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 14 maq. 108-115

KGAOLO YA 14

“Re Dumellane”

Ka moo sehlopha se busang se ileng sa etsa qeto le ka moo e ileng ya etsa hore diphutheho di momahane

E Thehilwe ho Diketso 15:​13-35

1, 2. (a) Sehlopha se busang sa phutheho ya Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo se tobane le dipotso dife tsa bohlokwa? (b) Bara baa babo rona ba tla thuswa ke eng hore ba etse qeto e nepahetseng?

E MONG le e mong o thahasella ho tseba hore na ho tla etswa qeto efe. Baapostola le baholo ba ka kamoreng ena e Jerusalema ba a shebana, ba a lemoha hore ona ke motsotso wa bohlokwa. Kgang ya lebollo e hlahisitse dipotso tsa bohlokwa. Na Bakreste ba tlasa Molao wa Moshe? Na ho lokela ho ba le phapang pakeng tsa Bakreste ba Bajuda le ba Baditjhaba?

2 Banna ba etellang pele ba se ba hlahlobile bopaki bo bongata. Ba nahanne ka Lentswe la Modimo la boprofeta esita le bopaki boo ba bo boneng bo senotseng tlhohonolofatso ya Jehova. Ba se ba ntshitse maikutlo a bona ka ho feletseng. Ho na le bopaki bo bongata haholo mabapi le taba ena. Ho hlakile hore moya wa Jehova wa ba tataisa. Na banna baa ba tla latela tataiso eo?

3. Ho hlahloba tlaleho e ho Diketso kgaolo ya 15 ho tla re ruisa molemo jwang?

3 Ho hlokahala hore ba be le tumelo e tiileng le sebete hore ba amohele tataiso ya moya tabeng ena. Ho ka etsahala hore baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ba hloye le ho feta. Hape, ba ka nna ba hanyetswa ke banna ba ka phuthehong ba ikemiseditseng ho etsa hore batho ba Modimo ba boele ba itshetlehe ka Molao wa Moshe. Sehlopha se busang se tla etsa jwang? A re boneng. Ha re ntse re hlahloba tlaleho ena, re tla hlokomela ka moo banna bao ba behileng mohlala o latelwang ke Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova kajeno. Ka ha re Bakreste, ke mohlala oo ho hlokahalang hore le rona re o latele ha re etsa diqeto kapa re tobana le mathata.

“Dibuka Tsa Baprofeta di Dumellana le Taba Ena” (Diketso 15:​13-21)

4, 5. Jakobo o ile a fana ka lesedi lefe le hlahang Lentsweng la Modimo la boprofeta?

4 Morutuwa Jakobo, e leng ngwanabo Jesu ka mme wa bona, o ile a bua.a Ho bonahala eka e ne e le modulasetulo wa seboka sena. Mantswe a hae a ile a akaretsa seo sehlopha se dumellaneng ka sona. Jakobo o ile a re ho banna bana ba bokaneng: “Simeone o sa tswa re phetela ka moo ka lekgetlo la pele Modimo a ileng a amohela batho ba ditjhaba tse ding e le hore ba ka bitswa ka lebitso la hae. Dibuka tsa Baprofeta di dumellana le taba ena.”​—Dik. 15:​14, 15.

5 Mohlomong mantswe a Simeone, kapa Simone Petrose, le bopaki ba Barnabase le Pauluse a ile a hopotsa Jakobo mangolo a loketseng a tjhabisang taba eo ho buuwang ka yona. (Joh. 14:​26) Ha Jakobo a qeta ho re “dibuka tsa Baprofeta di dumellana le taba ena,” o ile a qotsa mantswe a Amose 9:​11, 12. Buka eo e ne e le hara karolo ya Mangolo a Seheberu ao ka tlwaelo a neng a bitswa “mantswe a Baprofeta.” (Mat. 22:​40; Dik. 15:​16-18) O tla hlokomela hore mantswe ao Jakobo a ileng a a qotsa a batlile a fapana le a hlahang bukeng ya Amose kajeno. Mohlomong Jakobo o ile a qotsa Bibeleng e bitswang Septuagint, ya Mangolo a Seheberu a fetoletsweng Segerikeng.

6. Mangolo a ile a fana ka lesedi jwang tabeng eo ho neng ho buisanwa ka yona?

6 Jehova o ile a sebedisa moprofeta Amose ho bolela esale pele hore ho tla tla nako eo A tla tsosa “ntlo ya Davida,” e leng, lesika la borena le lebisang Mmusong wa Bomesia. (Ezek. 21:​26, 27) Na Jehova o ne a tla boela a sebedisana le setjhaba sa Bajuda ka tsela e kgethehileng? Tjhe. Boprofeta boo bo boetse bo re “batho ba ditjhaba tsohle” ba ne ba tla bokellwa ha mmoho hore e be batho “ba bitswang ka lebitso la [Modimo].” Hopola hore Petrose o ne a sa tswa paka hore Modimo “ha a ka a kgetholla pakeng tsa rona [Bakreste ba Bajuda] le bona [badumedi ba Baditjhaba] empa o ile a ba hlwekisa dipelo ka lebaka la tumelo ya bona.” (Dik. 15:9) Ka mantswe a mang, thato ya Modimo ke hore Bajuda le Baditjhaba ka ho tshwanang e be majalefa a Mmuso. (Bar. 8:​17; Baef. 2:​17-19) Ha ho kae kapa kae moo boprofeta bo buduletsweng bo kileng ba re badumedi ba Baditjhaba ba lokela ho bolla kapa ho sokolohela Bojudeng pele e eba majalefa a Mmuso.

7, 8. (a) Jakobo o ile a kgothalletsa eng? (b) Re lokela ho utlwisisa mantswe a Jakobo jwang?

7 Kahobane Jakobo o ne a susumeditswe ke bopaki ba Mangolo le bopaki bo matla boo a bo utlwileng, o ile a re: “Ka hoo maikutlo a ka ke hore re se ke ra kgathatsa batho bana ba ditjhaba ba seng ba rapela Modimo empa ba ngollwe hore ba qobe dintho tse amanang le medimo ya ditshwantsho, boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano, diphoofolo tse fenethilweng le madi. Ho tloha mehleng ya kgale, esale ho ena le batho ba rutang ba sebedisa dibuka tsa Moshe motseng o mong le o mong hobane batho ba di ballwa matlong a thapelo ka sabatha e nngwe le e nngwe.”​—Dik. 15:​19-21.

8 Na Jakobo o ne a sebedisa matla a hae hampe mohlomong kahobane e le modulasetulo wa seboka seo mme a ba etsetsa qeto ya seo ba lokelang ho se etsa? Le hanyenyane! Ha Jakobo a re “ka hoo maikutlo a ka ke,” o ne a sa leke ho ba etsetsa qeto, o ne a ba kgothalletsa hore ba itshetlehe ka bopaki bo tekilweng le ka seo Mangolo a se bolelang ka taba eo.

9. Seo Jakobo a se kgothalleditseng se ne se ena le melemo efe?

9 Na Jakobo o ne a ba kgothalletsa ntho e nepahetseng? Ho hlakile hore ho jwalo hobane baapostola le baholo ba ile ba amohela seo ha morao. Ho ile ha tlisa melemo efe? Seo a se kgothalletsang se ne se ke ke sa “kgathatsa,” kapa sa “thatafalletsa” Bakreste ba Baditjhaba ka ho ba imetsa ka Molao wa Moshe. (Dik. 15:​19; New International Version) Hape, qeto ena e ne e tla hlompha matswalo a Bakreste ba Bajuda, bao ka dilemo ba nnileng ba utlwa “dibuka tsa Moshe . . . di ballwa matlong a thapelo ka sabatha e nngwe le e nngwe.”b (Dik. 15:​21) Ka sebele seo a ba kgothalleditseng sona se ne se tla tiisa maqhama a Bakreste ba Bajuda le ba Baditjhaba. Ka hodima tsohle, se ne se tla thabisa Jehova Modimo ka ha se ne se dumellana le morero wa hae. Ee e bile tsela e molemo hakaakang ya ho rarolla bothata bo neng bo ka baka karohano phuthehong yohle ya batho ba Modimo le ho senya kgotso ya yona! Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa phutheho ya Bakreste kajeno!

Albert Schroeder o fana ka puo kopanong ya matjhaba ya 1998

10. Sehlopha se Busang sa kajeno se latela mohlala wa sa lekgolong la pele la dilemo jwang?

10 Jwalo ka ha ho boletswe kgaolong e fetileng, Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova kajeno se tshwana le sa lekgolong la pele la dilemo ka ho itshetleha ka Jehova, Mmusi wa Bokahohle, le Jesu Kreste, Hlooho ya phutheho, bakeng sa ho fumana tataiso ditabeng tsohle.c (1 Bakor. 11:3) Se etsa see jwang? Albert D. Schroeder, eo e bileng setho sa Sehlopha se Busang ho tloha ka 1974 ho fihlela a qeta tshebeletso ya hae lefatsheng ka March 2006, o ile a re: “Sehlopha se Busang se kopana Laboraro, se qala seboka seo ka thapelo se kopa tataiso ya moya wa Jehova. Se leka ka hohle hore taba e nngwe le e nngwe e sebetswang le qeto e nngwe le e nngwe e etswang e dumellane le Lentswe la Modimo Bibele.” Ka ho tshwanang, Milton G. Henschel, eo e bileng setho sa Sehlopha se Busang ka nako e telele mme a qeta tshebeletso ya hae lefatsheng ka March 2003, o ile a botsa baithuti tse abelwang mangolo sehlopheng sa bo101 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower potso ya bohlokwa, a re: “Na lefatsheng ho na le mokgatlo o mong oo Sehlopha sa wona se Busang se hlahlobang Lentswe la Modimo, Bibele, pele se etsa diqeto tsa bohlokwa?” Karabo e totobetse.

Ho Romelwa Banna ba Kgethilweng (Diketso 15:​22-29)

11. Qeto ya sehlopha se busang e ile ya fetisetswa jwang diphuthehong?

11 Sehlopha se busang sa Jerusalema se ne se le ntswe leng ha se etsa qeto tabeng ya lebollo. Le ha ho le jwalo, e le hore barababo rona ba momahane diphuthehong, ho ne ho hlokahala hore ba tsebiswe qeto eo ka tsela e hlakileng, e ntle le e kgothatsang. See se ne se ka etswa ka tsela efe e molemo? Bibele e re: “Baapostola, baholo le phutheho yohle ba etsa qeto ya hore ho kgethwe banna ba babedi hara bona ba ka tsamayang le Pauluse le Barnabase ho ya Antioke. Ba kgetha Silase le Judase ya bitswang Barsabase. Banna bana ba ne ba le hara ba etellang pele.” Ho phaella moo, ho ile ha ngolwa lengolo le ileng la romelwa ka banna bao e le hore le ka balwa diphuthehong tsohle tse Antioke, Siria le Silisia.​—Dik. 15:​22-26.

12, 13. Ke molemo ofe o ileng wa finyellwa ke ho romela (a) Judase le Silase? (b) lengolo le tswang sehlopheng se busang?

12 Ka ha Judase le Silase e ne e le ‘banna ba neng ba le hara ba etellang pele,’ ba ne ba tshwaneleha ka botlalo ho ba baemedi ba sehlopha se busang. Moifo oo wa banna ba bane o ne o tla hlakisa hore molaetsa oo ba o tlisitseng e ne e se feela karabo ya potso ya lebollo, empa e ne e le tataiso e ntjha e tswang ho sehlopha se busang. Ha banna bao ba kgethilweng ba le teng, ba ne ba tla etsa hore ho be le maqhama a matla pakeng tsa Bakreste ba Bajuda ba Jerusalema le Bakreste ba Baditjhaba ba tshimong. Ee e bile qeto e bohlale le e lerato hakaakang! Ha ho pelaelo hore e ile ya etsa hore batho ba Modimo ba be le kgotso mme ba momahane.

KA MOO SEHLOPHA SE BUSANG SE HLOPHISITSWENG KA TENG KAJENO

Ho tshwana le Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo, Dipaki Tsa Jehova kajeno di tataiswa ke Sehlopha se Busang sa banna ba inehetseng, ba tlotsitsweng ka moya. Diboka tsa Sehlopha se Busang di tshwarwa beke le beke. Ditho tsa sona di boetse di sebeletsa dikomiting tse latelang tse tsheletseng, mme komiti ka nngwe e na le mesebetsi ya yona.

  • Komiti ya Bohokahanyi e hlokomela ditaba tsa molao le tshebediso ya metjha ya ditaba ha ho hlokahala ho hlalosa ka tsela e nepahetseng seo re se dumelang. E boetse e sebetsana le ditaba tsa dikoduwa, mahloriso le ditaba tse ding tse potlakileng tse amang Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle.

  • Komiti ya Basebetsi e hlokomela ditho tsa lelapa la Bethele tse sebeletsang diofising tsa makala tsa Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle ka dintho tseo ba di hlokang nameng le moyeng. Hape, boikarabelo ba komiti ena ke ho bitsa ditho tse ding tse eketsehileng tse tla sebeletsa diofising tsa makala.

  • Komiti ya Kgatiso e ikarabella ka ho hatisa le ho romela dingodilweng tse thehilweng Bibeleng. E ikarabella ka ditsi tsa kgatiso le thepa e sebediswang ke mekgatlo e sa tshwaneng e sebediswang ke Dipaki Tsa Jehova le kaho ya mehaho ya makala, ha mmoho le Diholo Tsa Mmuso le Diholo Tsa Dikopano. Komiti ena e boetse e ikarabella ka tsela eo tjhelete e nehetsweng bakeng sa mosebetsi wa Mmuso wa lefatshe lohle e sebediswang ka yona.

  • Komiti ya Tshebeletso e ikarabella ka mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate le ka ditaba tse amang baholo ba phutheho, balebedi ba potoloho le basebeletsi ba nako e tletseng. Komiti ena e boetse e bitsa diithuti tsa Sekolo sa Gileade ka sepheo sa ho tsitsisa le ho matlafatsa mosebetsi wa lefatshe lohle.

  • Komiti ya Thuto e ikarabella ka thupelo e fanwang dikopanong tse kgolo le tse nyenyane le dibokeng tsa phutheho, mme ke yona e ikarabellang ka ho hlophisa dintho tse mamelwang le tse shebellwang. E hlophisa mananeo a thupelo bakeng sa Sekolo sa Gileade, Sekolo sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho le dikolo tse ding mme e hlophisa mananeo a thupelo ya moya bakeng sa baithaopi ba diofising tsa makala.

  • Komiti ya Bongodi e ikarabella ka ho lokisetsa dijo tsa moya bakeng sa diphutheho le batho ka kakaretso. E boetse e araba dipotso tsa Bibele, e ikarabella ka mosebetsi wa phetolelo o etswang lefatsheng lohle, mme dintho tse kang ditshwantshiso le dipuo di feta ho yona.

Sehlopha se Busang se itshetlehile ka tataiso ya moya o halalelang wa Modimo. Ditho tsa sona ha di inke e le baetapele ba batho ba Jehova. Ho ena le hoo, jwalo ka Bakreste bohle ba tlotsitsweng ba leng lefatsheng, di ntse di “latela Konyana [Jesu Kreste] ho sa tsotellehe hore na e ya hokae.”​—Tshen. 14:4.

13 Lengolo leo le ile la fa Bakreste ba Baditjhaba ditaelo tse hlakileng eseng feela tabeng ya lebollo empa le mabapi le seo ba lokelang ho se etsa hore Jehova a ba amohele a be a ba hlohonolofatse. Taba ya sehlooho lengolong leo e ne e re: “Moya o halalelang o re thusitse ho fihlela qeto ya hore re se ke ra le ekeletsa morwalo empa hore le nne le etse dintho tsena tse hlokahalang, le qobe dintho tse hlabetsweng medimo ya ditshwantsho, madi, dintho tse fenethilweng le boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano. Haeba le qoba dintho tsena le tla atleha. Salang ka kgotso.”​—Dik. 15:​28, 29.

14. Ho tla jwang hore ebe batho ba Jehova ba momahane lefatsheng la kajeno le tletseng karohano?

14 Kajeno, Dipaki Tsa Jehova tse ka hodimo ho 8 000 000 diphuthehong tse fetang 100 000 lefatsheng lohle di dumela ntho e tshwanang di bile di momahane. Ho tla jwang hore di momahane, haholoholo ha ho tletse pherekano le karohano lefatsheng kajeno? Ntho e ka sehloohong e etsang hore di momahane ke tataiso e hlakileng eo Jesu Kreste, Hlooho ya phutheho, a fanang ka yona a sebedisa “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” e leng Sehlopha se Busang. (Mat. 24:​45-47) Hape di momahane hobane mokgatlo ohle wa bara ba motho lefatsheng ka bophara o mamela tataiso ya Sehlopha se Busang o sa qobellwe.

Ba Ile ba “Thaba Haholo” (Diketso 15:​30-35)

15, 16. Kgang e mabapi le lebollo e ile ya rarollwa jwang mme ke eng e entseng hore ho be le phello eo e ntle?

15 Tlaleho ya Diketso e tswela pele ho re bolella hore ha bara ba bo rona ba tswang Jerusalema ba fihla Antioke, ba ile ba “bokella phutheho yohle mme ba e fa lengolo leo.” Bara ba bo rona ba ile ba etsa jwang ha ba fumana tataiso e tswang sehlopheng se busang? “Ka mora hore phutheho e bale mantswe ao a kgothatsang [a lengolong leo], ya thaba haholo.” (Dik. 15:​30, 31) Ho feta moo, Judase le Silase ba ile “ba kgothatsa barutuwa ka makgetlo a mangata le ho ba matlafatsa.” Ka hoo, banna bana ba babedi e ne e le “baprofeta,” jwalo ka ha Barnabase, Pauluse le ba bang ba ne ba bitswa baprofeta e leng lentswe le sebediswang ho batho ba neng ba phatlalatsa kapa ba tsebahatsa thato ya Modimo.​—Dik. 13:1; 15:​32; Ex. 7:​1, 2.

16 Ho ne ho hlakile hore Jehova o hlohonolofaditse sohle se entsweng hore ho fumanwe tharollo. Ke eng e entseng hore ho be le phello ee e ntle? Ha ho pelaelo hore e bile tataiso e hlakileng le e nakong ya sehlopha se busang, e thehilweng Lentsweng la Modimo le tataisong ya moya o halalelang. Ho phaella moo, e bile tsela e lerato eo diqeto di ileng tsa fetisetswa ka yona diphuthehong.

17. Ke mohlala ofe oo bara ba bo rona ba lekgolong la pele la dilemo ba o behetseng balebedi ba potoloho kajeno?

17 Kajeno Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova se latela mohlala oo ha se fa mokgatlo wohle wa bara ba motho lefatsheng ka bophara tataiso e nakong. Ha ho entswe diqeto, di fetisetswa diphuthehong ka tsela e hlakileng le e tobileng. Tsela e nngwe eo di fetiswang ka yona ke ka hore balebedi ba potoloho ba etele diphutheho. Bara bana ba bo rona ba itetseng ba etela diphutheho ka ho fapana, ba fana ka tataiso e hlakileng le kgothatso. Jwalo ka Pauluse le Barnabase, ba qeta nako e ngata tshebeletsong, “ba ruta ba bile ba phatlalatsa ditaba tse monate tsa lentswe la Jehova.” (Dik. 15:​35) Jwalo ka Judase le Silase, “ba kgothatsa [bara ba bo rona]” ka dipuo tse ngata le ho ba matlafatsa.

18. Batho ba Modimo ba ka tswela pele ba fumana tlhohonolofatso ya Jehova ha feela ba etsa eng?

18 Diphutheho tsona di lokela ho etsa jwang? Diphutheho lefatsheng lohle di tla thuswa ke eng hore di tswele pele di ena le kgotso di bile di momahane lefatsheng lee le tletseng dikarohano? Hopola hore ke morutuwa Jakobo eo ha morao a ileng a re: “Motho ya nang le bohlale bo tswang lehodimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hlwekileng, hape o na le kgotso, ha a manganga, o itokiseditse ho mamela . . . Batho ba sebedisanang hantle le batho ba bang, ba etsa hore ho be le kgotso mme qetellong ba etsa dintho tse lokileng.” (Jak. 3:​17, 18) Ha re tsebe hore na Jakobo o ne a nahanne ka seboka sa Jerusalema kapa tjhe. Empa ha re hlahloba diketsahalo tse tlalehilweng ho Diketso kgaolo ya 15, ho hlakile hore tlhohonolofatso ya Jehova e ba teng ha feela ho ena le bonngwe le tshebedisano.

19, 20. (a) Ke eng e ileng ya bontsha ka ho hlaka hore phutheho ya Antioke e na le kgotso e bile e momahane? (b) Yaba Pauluse le Barnabase ba kgona ho etsa eng?

19 Ho ne ho totobetse hore jwale phutheho ya Antioke e na le kgotso e bile e momahane. Ho ena le ho ngangisana le barababo rona ba tswang Jerusalema, barababo rona ba Antioke ba ile ba ananela ketelo ya Judase le Silase, etswe e bile feela “ka mora hore ba qete nako e itseng ba le moo, [ba ileng] ba tsamaya ba kgutlela ho batho ba ba rommeng yaba barutuwa ba re ba tsamaye hantle,” ka mantswe a mang, ba kgutlela Jerusalema.d (Dik. 15:​33) Re kgodisehile hore le barababo rona ba Jerusalema ba ile ba thaba ha banna bao ba babedi ba ba phetela tsa leeto la bona. Ka lebaka la mosa wa Jehova, ba ile ba phetha mosebetsi wa bona ka thabo!

20 Jwale Pauluse le Barnabase, ba ileng ba sala Antioke, ba ile ba ikitlaetsa hore ba etelle pele mosebetsing wa ho bolela evangedi, jwalo ka ha balebedi ba potoloho ba etsa se tshwanang kajeno ha ba etela diphutheho tse tlhokomelong ya bona. (Dik. 13:​2, 3) E bile tlhohonolofatso e kaakang ho batho ba Jehova! Le ha ho le jwalo, Jehova o ile a tswela pele a sebedisa baboledi baa ba babedi ba evangedi jwang le ho ba hlohonolofatsa? Re tla bona sena kgaolong e latelang.

Mme le moradi wa hae ba kopanong ba shebile buka ya “Lipotso​—Bacha Baa Botsa​—Likarabo Tse Sebetsang,” Buka ea 2.

Bakreste ba kajeno ba rua molemo ditokisetsong tsa moya tse etswang ke Sehlopha se Busang le baemedi ba sona

JAKOBO​—“NGWANABO MORENA”

Jakobo, mora wa Josefa le Maria, o bolelwa pele lethathamong la baena ba Jesu ka mme wa bona. (Mat. 13:​54, 55) Ka hoo, ho ka etsahala hore ke ngwana wa bobedi wa Maria. Jakobo o hotse le Jesu, a bona ha a etsa tshebeletso ya hae, mme mohlomong o ne a tseba hore Jesu o na le “matla a ho etsa mehlolo,” ebang o e bone ka ho toba kapa tjhe. Le ha ho le jwalo, ha Jesu a ntse a etsa tshebeletso ya hae, Jakobo le bara babo “ba ne ba sa dumele ho yena.” (Joh. 7:5) Mohlomong Jakobo o ne a bile a dumellana le ba bang ba beng ka Jesu ba neng ba re “ha a sa nka hantle.”​—Mar. 3:21.

Jakobo o bala moqolo.

Dintho di ile tsa fetoha ha Jesu a shwa a bile a tsoha bafung. Le hoja Mangolong a Segerike ho buuwa ka bo Jakobo ba bane, ho hlakile hore Jesu o ile a hlaha ka ho toba ho Jakobo wabo matsatsing a 40 ao a ileng a a qeta ka mora hore a tsoswe bafung. (1 Bakor. 15:7) Mohlomong sena se ile sa etsa hore Jakobo a tsebe moholwane wa hae hantle. Ebang ho jwalo kapa tjhe, pele ho feta matsatsi a leshome Jesu a nyolohetse lehodimong, Jakobo, mme wa hae, le bara babo ba ne ba bokane le baapostola kamoreng e ka hodimo ba rapela.​—Dik. 1:​13, 14.

Qetellong Jakobo e ile ya eba setho se hlomphehang sa phutheho e Jerusalema, ka ha ho bonahala hore o ne a nkwa e le moapostola, kapa “moromuwa,” wa phutheho eo. (Bagal. 1:​18, 19) Ho ile ha totobala hore Jakobo ke motho ya hlaheletseng ha moapostola Petrose, ka mora ho lokollwa tjhankaneng ka mohlolo, a re ho barutuwa: “Bolellang Jakobo le banna ba bang ditaba tsena.” (Dik. 12:​12, 17) Ha taba ya lebollo e tliswa ka pela “baapostola le baholo” Jerusalema, ho bonahala Jakobo e ne e le modulasetulo wa seboka seo. (Dik. 15:​6-21) Hape, moapostola Pauluse o ile a re Jakobo ha mmoho le Kefase (Petrose) le moapostola Johanne ‘ba ne ba le jwalo ka dipilara’ phuthehong ya Jerusalema. (Bagal. 2:9) Esita le ka mora dilemo tse itseng ha Pauluse a kgutlela Jerusalema ka mora leeto la hae la boraro e le moromuwa, o ile a ya ho Jakobo mme “baholo kaofela ba ne ba le teng.”​—Dik. 21:​17-19.

Ho hlakile hore Jakobo eo Pauluse a reng ke “ngwanabo Morena,” ke yena ya ileng a ngola lengolo, kapa buka ya Bibele e reheletsweng ka yena. (Bagal. 1:​19) Lengolong leo, ka boikokobetso Jakobo ha a re ke moapostola kapa ngwanabo Jesu, empa o re ke “mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste.” (Jak. 1:1) Lengolo la Jakobo le bontsha hore jwalo ka Jesu, Jakobo o ne a thahasella dintho tsa tlhaho le sebopeho sa batho. Ha Jakobo a etsa dipapiso tse totobatsang dinnete tsa moya, o ile a bua ka dintho tse tlwaelehileng tsa tlhaho tse akarelletsang lewatle le lwebehlanngwang ke sefefo, mahodimo a tletseng dinaledi, letsatsi le bataolang, dipalesa tse ponang, hlaha, le diphoofolo tse thapisitsweng. (Jak. 1:​6, 11, 17; 3:​5, 7) Modimo o ile a etsa hore a utlwisise maikutlo a batho le diketso tsa bona e le hore a kgone ho fana ka keletso e ba thusang ho phedisana hantle.​—Jak. 1:​19, 20; 3:​2, 8-18.

Mantswe a Pauluse a ho 1 Bakorinthe 9:5 a bontsha hore e ka nna yaba Jakobo o ne a nyetse. Bibele ha e bolele hore na Jakobo o shwele neng kapa o shwele jwang. Le ha ho le jwalo, rahistori wa Mojuda ya bitswang Josephus o ile a re nakwana ka mora lefu la Mmusisi wa Moroma ya bitswang Porkiase Festase, hoo e ka bang ka 62 C.E., le pele mohlahlami wa hae, Albinus, a dula setulong seo, moprista ya phahameng Ananase (Ananiase) “o ile a bokanya baahlodi ba Lekgotla le Phahameng la Bajuda mme a ba tlisetsa monna ya bitswang Jakobo, eo e neng e le ngwanabo Jesu ya neng a bitswa Kreste, le ba bang.” Josephus o re Ananase “o ile a ba qosa ka hore ba tlotse molao mme a nehelana ka bona hore ba tlepetswe ka majwe.”

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Jakobo​—‘Ngwanabo Morena.’”

b Ka bohlale Jakobo o ile a bua ka mangolo a Moshe, a neng a sa akarelletse Molao feela empa a boetse a tlalehile hore na Modimo o ne a sebedisana le batho jwang le hore na thato ya Hae e ne e le efe pele Molao o eba teng. Ka mohlala, Genese e bontsha ka ho hlaka hore na Modimo o ikutlwa jwang ka madi, bofebe le borapedi ba ditshwantsho. (Gen. 9:​3, 4; 20:​2-9; 35:​2, 4) Ka hoo, Jehova o ile a senola melaomotheo ya hae e tlamang batho bohle, ebang ke Bajuda kapa Baditjhaba.

c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Ka Moo Sehlopha se Busang se Hlophisitsweng ka Teng Kajeno.”

d Temaneng ya 34, diphetolelo tse ding tsa Bibele di kenya mantswe a reng Silase o ile a kgetha ho sala Antioke. (King James Version) Le ha ho le jwalo, ho bonahala eka mantswe ao a ekeditswe ha morao.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share