KGAOLO YA 13
“Ba Ngangisana”
Kgang ya lebollo e iswa ho sehlopha se busang
E Thehilwe ho Diketso 15:1-12
1-3. (a) Ho hlaha dintho dife tse ka nnang tsa etsa hore phutheho ya Bakreste e arohane? (b) Re ka rua molemo jwang ka ho ithuta tlaleho ee e bukeng ya Diketso?
PAULUSE le Barnabase ba sa tswa kgutla ba thabile motseng wa Siria o bitswang Antioke ba tswa leetong la bona la pele e le baromuwa. Ba thabetse hore ebe Jehova o “buletse batho ba ditjhaba monyako e le hore le bona ba ka dumela.” (Dik. 14:26, 27) Ha e le hantle, ditaba tse monate di bolelwa Antioke yohle mme ho ba le “batho ba bangata” ba Baditjhaba ba kenang ka phuthehong.—Dik. 11:20-26.
2 Kapele ditaba tse thabisang tse mabapi le keketseho ena di fihla Judea. Empa, ho ena le hore batho kaofela ba di thabele, ho a totobala hore ho hlokahala hore ho nkwe bohato ka kgang ya lebollo. Badumedi ba Bajuda le bao e seng Bajuda ba lokela ho sebedisana jwang, hona badumedi bao e seng Bajuda ba lokela ho ikutlwa jwang ka Molao wa Moshe? Kgang ena e etsa hore ba ngangisane hoo e ka qetellang e entse hore phutheho ya Bakreste e arohane. E tla sebetswa jwang?
3 Re tla ithuta dintho tse ngata tsa bohlokwa ha re ntse re hlahloba tlaleho ena e bukeng ya Diketso. Sena se tla re thusa ho sebedisa bohlale haeba ho ka hlaha dintho tse ka bakang karohano mehleng ena.
“Haeba le sa . . . Bolle” (Diketso 15:1)
4. Badumedi ba bang ba ne ba buella maikutlo afe a fosahetseng, hona see se hlahisa potso efe?
4 Morutuwa Luka o itse: “Barutuwa ba bang ba tswang Judea ba ne ba ruta barutuwa ba Antioke ba re: ‘Haeba le sa latele Molao wa Moshe ka hore le bolle, le ke ke la pholoha.’ ” (Dik. 15:1) Ha ho a bolelwa hore na ‘barutuwa bana ba bang’ e ne e le Bafarisi kapa tjhe pele e eba Bakreste. Ho sa tsotellehe seo, ho bonahala eka ba ne ba susumeditswe ke monahano wa lequlwana leo la Bajuda ba kgomaretseng molao. Hape, e ka nna yaba ba ile ba bua leshano ba re ba romilwe ke baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema. (Dik. 15:23, 24) Empa ke hobaneng ha badumedi ba Bajuda ba ne ba ntse ba buella lebollo dilemo tse ka bang 13, ka mora hore moapostola Petrose a amohele Baditjhaba ba sa bollang ka phuthehong ya Bakreste ka tataiso ya Modimo?a—Dik. 10:24-29, 44-48.
5, 6. (a) E ka nna yaba ke hobaneng ha Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba batla ho kgomarela lebollo? (b) Na selekane sa lebollo e ne e le karolo ya selekane sa Abrahama? Hlalosa. (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.)
5 Mohlomong ho ne ho ena le mabaka a mangata. Tabeng ya pele, lebollo le ne le qadilwe ke Jehova, mme e ne e le letshwao la hore motho o na le kamano e kgethehileng le yena. Lebollo le qadile pele ho selekane sa Molao empa ka mora moo ya eba karolo ya sona, mme le qadile ka Abrahama le ba ntlo ya hae.b (Lev. 12:2, 3) Ho ya ka Molao wa Moshe, esita le baditjhaba ba ne ba lokela ho bolla pele ba ka dumellwa ho etsa dintho tse itseng, tse kang ho ja dijo tsa Paseka. (Ex. 12:43, 44, 48, 49) Ha e le hantle, Bajuda ba ne ba nka hore monna ya sa bollang ha a hlweka ebile o a eiseha.—Esa. 52:1.
6 Ka lebaka leo, ho ne ho hlokahala hore badumedi ba Bajuda ba be le tumelo le boikokobetso hore ba amohele thuto e ntjha. Selekane sa Molao se ne se nketswe sebaka ke se setjha, ka hoo motho e ne e ke ke ya hlola e eba karolo ya setjhaba sa Modimo hobane feela a tswetswe e le Mojuda. Mme ho ne ho hlokahala sebete hore Bakreste ba Bajuda ba neng ba dula dibakeng tsa Bajuda, jwalo ka badumedi ba neng ba dula Judea ba ipitse ka Kreste ba be ba amohele Baditjhaba ba sa bollang e le badumedimmoho le bona.—Jer. 31:31-33; Luka 22:20.
7. Ke dinnete dife tseo “barutuwa ba bang” ba neng ba sa di utlwisise?
7 Bonneteng, melao ya Modimo e ne e sa fetoha. Bopaki ba sena ke hore selekane se setjha se ne se akarelletsa dintlha tsa bohlokwa tse neng di hlaha Molaong wa Moshe. (Mat. 22:36-40) Ka mohlala, ha morao Pauluse o ile a re ka lebollo: “Mojuda wa nnete ke eo e leng yena ka pelong, o boloditswe pelong ka moya o halalelang eseng ka Molao.” (Bar. 2:29; Deut. 10:16) ‘Barutuwa bao ba bang’ ba tswang Judea ba ne ba sa utlwisise dinnete tsena empa ba tsitlella hore ha ho mohla Modimo a kileng a fedisa molao wa lebollo. Na ba ne ba tla utlwisisa ha ba hlalosetswa mabaka?
“Ba Ngangisana” (Diketso 15:2)
8. Ke hobaneng ha kgang ya lebollo e ile ya iswa ho sehlopha se busang Jerusalema?
8 Luka o ile a tswela pele a re: “Pauluse le Barnabase ba ngangisana le bona [“barutuwa ba bang ba tswang Judea”] empa ha morao ha etswa qeto ya hore Pauluse, Barnabase le barutuwa ba bang ba ise taba ena ho baapostola le baholo Jerusalema.”c (Dik. 15:2) “Ho ngangisana” ho ne ho bontsha hore dihlopha ka bobedi di tsitlelletse maikutlong a tsona, mme phutheho ya Antioke e ne e sa kgone ho rarolla bothata bona. Molemong wa kgotso le bonngwe, ka bohlale phutheho ya lokisetsa hore potso eo e iswe ho “baapostola le baholo Jerusalema,” bao e neng e le ditho tsa sehlopha se busang. Re ka ithutang mohlaleng wa baholo ba Antioke?
Ba bang ba ne ba re: [Baditjhaba] “Ba lokela ho bolla mme ba mamele Molao wa Moshe”
9, 10. Barababo rona ba Antioke ha mmoho le Pauluse le Barnabase ba re behetse mohlala ofe o motle kajeno?
9 Ntho e nngwe ya bohlokwa eo re ithutang yona ke hore ho hlokahala re tshepe mokgatlo o hlophisitsweng wa Modimo. Nahana ka sena: Bara ba bo rona ba Antioke ba ne ba tseba hore sehlopha se busang se entswe ka Bakreste ba Bajuda feela. Empa, ba ile ba tshepa hore sehlopha seo se tla rarolla taba ya lebollo tumellanong le Mangolo. Hobaneng? Phutheho e ne e kgodisehile hore Jehova o ne a tla tsamaisa ditaba ka moya wa hae o halalelang le ka Hlooho ya phutheho ya Bakreste, e leng Jesu Kreste. (Mat. 28:18, 20; Baef. 1:22, 23) Ha ho hlaha ditaba tse tebileng kajeno, a re etsiseng mohlala o motle wa badumedi ba Antioke ka ho tshepa mokgatlo o hlophisitsweng wa Modimo ha mmoho le Sehlopha se Busang sa Bakreste ba tlotsitsweng.
10 Sena se boetse se re hopotsa hore ke habohlokwa hore re ikokobetse mme re se ke ra fela pelo. Pauluse le Barnabase ba ne ba kgethilwe ke moya ka ho toba hore ba ye ditjhabeng, empa ha ba le Antioke ha ba a ka ba sebedisa matla ao ba a fuweng hore ba rarolle kgang eo ya lebollo hanghang. (Dik. 13:2, 3) Ho feta moo, ha morao Pauluse o ile a re: “Ke ile ka kgutlela teng [Jerusalema] hobane Morena o ne a ntshenoletse” ho bontshang hore ditaba di ne di tsamaiswa ke Modimo. (Bagal. 2:2) Ka ho tshwanang, kajeno baholo ba lwanela ho ba le boikokobetso, ho se fele pelo ha ho hlaha dintho tse ka nnang tsa baka karohano. Ho ena le ho ngangella maikutlong a bona, ba itshetleha ka Jehova ka ho bala Mangolo le ditaelo le tataiso ya mohlanka ya tshepahalang.—Bafil. 2:2, 3.
11, 12. Ke hobaneng ha e le habohlokwa ho letela Jehova?
11 Maemong a mang, ho ka nna ha hlokahala hore re letele Jehova hore a hlakise taba e itseng. Hopola hore ho ile ha hlokahala hore barababo rona ba mehleng ya Pauluse ba lete ho fihlela ka 49 C.E. dilemo tse ka bang 13 ho tloha ha Korneliase a tlotswa ka 36 C.E. pele Jehova a lokisa taba ya hore na Baditjhaba ba lokela ho bolla kapa tjhe. Ke hobaneng ha ho ile ha feta nako e telele hakaalo? Mohlomong Modimo o ne a batla hore ho fete nako e lekaneng e le hore Bajuda ba tshepahalang ba ka amohela phetoho eo e kgolo. Ha e le hantle, ho fediswa ha selekane sa lebollo se entsweng le moholoholo wa bona Abrahama dilemong tse 1 900 tse fetileng e ne e le taba e kgolo!—Joh. 16:12.
12 Ke tlotla e kaakang ho rutwa le ho boptjwa ke Ntate wa rona ya lehodimong ya sa feleng pelo le ya mosa! Ka dinako tsohle diphello e ba tse ntle le tse re tswelang molemo. (Esa. 48:17, 18; 64:8) Ka hoo le ka mohla re se ke ra tsitlella maikutlong a rona kapa ra tletleba ha ho etswa diphetoho mokgatlong o hlophisitsweng kapa ho fetolwa tsela eo mangolo a itseng a hlaloswang ka yona. (Moek. 7:8) Haeba o hlokomela hore o na le tshekamelo e jwalo, o lokela ho rapella tataiso mme o thuise ka melaomotheo e loketseng e fumanwang ho Diketso kgaolo ya 15.d
13. Re ka etsisa Jehova jwang ka ho se fele pelo tshebeletsong ya rona?
13 Ho ka nna ha hlokahala hore re se fele pelo ha re ithuta Bibele le batho bao ho leng thata hore ba lahle dithuto tsa bohata kapa meetlo e kgahlanong le Mangolo eo ba e nkang e le ya bohlokwa. Maemong a jwalo, ho ka nna ha hlokahala hore re eme nako e lekaneng hore moya wa Modimo o susumetse pelo ya seithuti. (1 Bakor. 3:6, 7) Hape, ho hlokahala hore re rapelle taba ena. Mohlomong ka nako e loketseng Modimo o tla re thusa ho tseba hore na re nke kgato efe e bohlale.—1 Joh. 5:14.
Ba Ile ‘ba Pheta’ Diphihlelo Tse Kgothatsang (Diketso 15:3-5)
14, 15. Phutheho ya Antioke e ile ya hlompha Pauluse, Barnabase le bo mphato ba bona jwang, hona ba ile ba ruisa badumedimmoho le bona molemo jwang ha ba le moo?
14 Ha Luka a tswela pele o re: “Barutuwa ba ba felehetsa yaba ba ba kgutlela tseleng. Pauluse, Barnabase le batho ba nang le bona ba tswela pele ka leeto mme ba feta Foenisia le Samaria. Ba ne ba phetela barutuwa ka moo batho ba ditjhaba tse ding ba sokolohang ka teng. Ha barutuwa ba utlwa ditaba tsena ba thaba haholo.” (Dik. 15:3) Hore ebe phutheho e ile ya felehetsa Pauluse, Barnabase le bo mphato ba bona sebaka se itseng ho ne ho bontsha hore e ba rata ka lerato la Bokreste, ya ba hlompha, ebile e ba lakaletsa hore Modimo a ba hlohonolofatse. Ka sebele, ke mohlala o mong o motle oo barababo rona ba Antioke ba re behetseng wona! Na o hlompha bara le baradi beno ba Bakreste, “haholoholo ba [baholo] sebetsang ka thata ho bua ka lentswe la Modimo le ho ruta”?—1 Tim. 5:17.
15 Ha ba ntse ba tsamaya ba ile ba ruisa Bakreste ba Foenisia le Samaria molemo ka ho “ba phetela” diphihlelo tsa mosebetsi o etswang hara Baditjhaba. Mohlomong ho ne ho boetse ho ena le badumedi ba Bajuda ba neng ba balehetse dibakeng tseo ka mora hore Setefane a bolaelwe tumelo. Ka ho tshwanang le kajeno, barababo rona ba a kgothala, haholoholo ba hlahetsweng ke diteko, ha ba utlwa ditlaleho tsa ka moo Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi wa ho etsa barutuwa ka teng. Na o rua molemo o felletseng ditlalehong tse jwalo ka ho ba teng dibokeng tsa Bakreste, dikopanong tse kgolo le tse nyenyane ha mmoho le ka ho bala diphihlelo le dipale tsa bophelo tse hatiswang ka hara dingolwa tsa rona kapa tse hlahang ho jw.org?
16. Ke eng se bontshang hore lebollo le ne le fetohile kgang e kgolo?
16 Ka mora hore moifo o tswang Antioke o tsamaye dikhilomithara tse ka bang 550 ho ya ka borwa, o ile wa qetella o fihlile moo o yang teng. Luka o re: “Ha ba fihla Jerusalema ba amohelwa ka mosa ke phutheho, baapostola le baholo. Ba ba phetela dintho tse ngata tseo Modimo a ileng a ba thusa ho di etsa.” (Dik. 15:4) Le ha ho le jwalo, “ba bang ba lequlwana la Bafarisi bao e neng e se e le barutuwa ba ema yaba ba re: ‘Ba lokela ho bolla mme ba mamele Molao wa Moshe.’ ” (Dik. 15:5) Ho hlakile hore taba ya hore Bakreste bao e seng Bajuda ba bolle e ne e fetohile kgang e kgolo, mme e ne e lokela ho rarollwa.
“Baapostola le Baholo ba Kopana” (Diketso 15:6-12)
17. Ke bomang bao e neng e le ditho tsa sehlopha se busang Jerusalema, hona e ka nna yaba ke hobaneng ha ba ne ba akarelletsa le “baholo”?
17 Diproverbia 13:10 e re: “Ba bohlale ke ba batlang keletso.” Tumellanong le molaomotheo oo o utlwahalang, “baapostola le baholo ba kopana e le ho sekaseka taba ena [ya lebollo].” (Dik. 15:6) “Baapostola le baholo” e ne e le baemedi ba phutheho yohle ya Bakreste, ho tshwana le Sehlopha se Busang kajeno. Ke hobaneng ha “baholo” ba ne ba sebetsa ha mmoho le baapostola? Hopola hore moapostola Jakobo o ne a bolailwe, mme moapostola Petrose o ne a kentswe teronkong ka nako e itseng. Na baapostola ba bang ba ne ba tla hlahelwa ke ntho e tshwanang? Ha feela banna ba bang ba tlotsitsweng ba tshwanelehang ba ntse ba le teng, ho ne ho tla dula ho ena le barababo rona ba lekaneng ba ka etellang pele.
18, 19. Petrose o ile a bua mantswe afe a matla, hona e tlameha ebe bamamedi ba hae ba ile ba fihlela qeto efe?
18 Luka o ile a tswela pele a re: “Ba buisana ka taba ena empa ba ne ba sa dumellane. Ka hoo, Petrose a ema yaba o re . . . ‘Bana beso, le a tseba hore e se e le nako Modimo a nkgethile hara lona hore ke bolelle batho ba ditjhaba ditaba tse monate tsa Mmuso wa hae e le hore ba dumele. Modimo o tseba dipelo mme o pakile hore o a ba amohela ka ho ba fa moya o halalelang jwalo ka ha le rona a re file wona. Ha a ka a kgetholla pakeng tsa rona le.’” (Dik. 15:7-9) Ho ya ka buka e nngwe, lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “ba sa dumellane” temaneng ya 7 le boetse le bolela “ho batlisisa; ho botsisisa.” Ka moo ho bonahalang ka teng, barababo rona ba ne ba ena le maikutlo a fapaneng, mme ba ile ba a ntsha ka bolokolohi.
19 Mantswe a Petrose a matla a ile a hopotsa bohle hore o ne a le teng ha Baditjhaba ba pele ba sa bollang e leng Korneliase le ba ntlo ya hae ba tlotswa ka moya o halalelang ka 36 C.E. Ka hoo ha Jehova a se a sa tsotelle hore na motho ke Mojuda kapa tjhe, batho ke bomang hore ba etse ho fapaneng? Ho feta moo, pelo ya modumedi ha e hlwekiswe ke ho boloka Molao wa Moshe, empa e hlwekiswa ke ho dumela ho Kreste.—Bagal. 2:16.
20. Batho ba neng ba tshehetsa lebollo ba ne ba “leka Modimo” ka tsela efe?
20 A itshetlehile ka bopaki bo ke keng ba latolwa ba lentswe la Modimo, ha mmoho le moya o halalelang, Petrose o ile a phetha ka ho re: “Jwale ke hobaneng ha le leka Modimo ka ho jarisa barutuwa joko eo rona le baholoholo ba rona re sitilweng ho e jara? Hona jwale re na le tumelo e tshwanang le ya bona ya hore re tla pholoha ka mosa wa Morena Jesu.” (Dik. 15:10, 11) Ha e le hantle, batho ba buellang lebollo ba ne ba “leka Modimo,” kapa ho ya ka phetolelo e nngwe, ba ‘leka mamello ya hae.’ Ba ne ba leka ho tlama Baditjhaba hore ba boloke molao oo Bajuda ka bobona ba neng ba sitwa ho o boloka ka ho felletseng, ka lebaka leo wa ba ahlolela lefu. (Bagal. 3:10) Ho ena le hoo, Bajuda ba neng ba mametse Petrose ba ne ba lokela ho leboha hore ebe Modimo o ba bontshitse mosa ka Jesu.
21. Barnabase le Pauluse ba ile ba thusa jwang hore ho etswe qeto tabeng ya lebollo?
21 Ka moo ho bonahalang ka teng, mantswe a Petrose a ile a ama dipelo tsa bao a neng a bua le bona, hobane “batho bohle . . . [ba ile ba] thola.” Ka mora moo, Barnabase le Pauluse ba ile ba “ba phetela ka mehlolo e mengata eo Modimo a ileng a ba sebedisa hore ba e etse hara batho ba ditjhaba.” (Dik. 15:12) Jwale, qetellong, baapostola le baholo ba ile ba kgona ho sekaseka bopaki bohle le ho etsa qeto eo ho hlakileng hore e dumellana le thato ya Modimo tabeng eo ya lebollo.
22-24. (a) Sehlopha se Busang sa kajeno se latela mohlala wa sehlopha se busang sa lekgolong la pele la dilemo jwang? (b) Baholo bohle ba ka bontsha jwang hore ba hlompha taolo ya puso ya Modimo?
22 Le kajeno, ha ditho tsa Sehlopha se Busang di kopana, di iphaphatha le tataiso ya Lentswe la Modimo mme di rapella moya o halalelang. (Pes. 119:105; Mat. 7:7-11) Ka lebaka leo, setho se seng le se seng sa Sehlopha se Busang se fumana lethathamo la ditaba tseo ho tla buisanwa ka tsona esale pele e le hore se ka nahana ka tsona le ho rapela. (Diprov. 15:28) Ha bara bana babo rona ba tlotsitsweng ba le sebokeng, ba ntsha maikutlo a bona ka bolokolohi le ka tlhompho. Ho sebediswa Bibele kgafetsa dipuisanong tsena.
23 Baholo ba phutheho ba lokela ho latela mohlala oo mme haeba taba e tebileng e tshohlilweng sebokeng sa baholo e sa rarollehe, sehlopha sa baholo se ka e fetisetsa ofising ya lekala ya sebakeng seo kapa ho baemedi ba yona ba kgethilweng, jwalo ka balebedi ba potoloho. Ka mora moo, lekala le ka nna la ngolla Sehlopha se Busang haeba ho hlokahala.
24 Ka sebele, Jehova o hlohonolofatsa ba ikokobelletsang tsela ya puso ya Modimo eo dintho di etswang ka yona ka phuthehong le ba bontshang boikokobetso, botshepehi le mamello. Jwalo ka ha re tla bona kgaolong e latelang, meputso eo Modimo a re fang yona ha re etsa jwalo ke kgotso ya nnete, katleho ya moya le bonngwe hara Bakreste.
a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Dithuto Tsa Batshehetsi ba Bodumedi ba Sejuda.”
b Selekane sa lebollo e ne e se karolo ya selekane sa Abrahama, se ntseng se sebetsa ho fihlela kajeno. Selekane sa Abrahama se qadile ho sebetsa ka 1943 B.C.E. ha Abrahama (eo e neng e le Abrame ka nako eo) a tshela noka ya Eufrate a eya Kanana. Ka nako eo o ne a le dilemo di 75. Selekane sa lebollo se ile sa etswa ha morao, ka 1919 B.C.E., ha Abrahama a le dilemo di 99.—Gen. 12:1-8; 17:1, 9-14; Bagal. 3:17.
c Ho bonahala eka Tite, Mokreste wa Mogerike eo ha morao e ileng ya eba motswalle le lenqosa le tshepahalang la Pauluse, o ne a le moifong ona. (Bagal. 2:1; Tite 1:4) E ne e le mohlala o motle wa Moditjhaba ya sa bollang ya tlotsitsweng ka moya o halalelang.—Bagal. 2:3.
d Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Seo Dipaki Tsa Jehova di se Dumelang se Thehilwe Bibeleng.”