KGAOLO YA 9
“Modimo ha a Leeme”
Bakreste ba qala ho bolella Baditjhaba ba sa bollang ditaba tse monate
E Thehilwe ho Diketso 10:1–11:30
1-3. Petrose o bona pono efe, hona ke hobaneng ha ho hlokahala hore re utlwisise seo e se bolelang?
KE HWETLA selemong sa 36 C.E. Letsatsi le a tjhesa ha Petrose a ntse a rapela hodima ntlo motseng wa Jopa o haufi le kou ya dikepe. Jwale ho se ho fetile matsatsi a itseng e le moeti ntlong ena. Hore ebe o dutse ntlong ena ho bontsha hore ha a leeme. Monga ntlo ena, e leng monna ya bitswang Simone, ke mosuhi wa matlalo, mme ha se Bajuda bohle ba neng ba ka dula le motho ya jwalo.a Le ha ho le jwalo, Petrose o tla tloha a ithuta thuto ya bohlokwa mabapi le hore Jehova ha a leeme.
2 Ha Petrose a ntse a rapela, o haptjwa kelellong. Seo a se bonang ponong se ne se ka tshwenya Mojuda ofe kapa ofe. Ho theoha sejana se kang lesela la line seo ka hara sona ho nang le diphoofolo tse sa hlwekang ho latela Molao. Ha Petrose a bolellwa hore a hlabe a je, o re: “Ha ho mohla nkileng ka ja ntho e sa hlwekang.” Ka makgetlo a mararo ho thwe ho yena: “Kgaotsa ho re dintho tseo Modimo a di hlwekisitseng ha di a hlweka.” (Dik. 10:14-16) Pono eo e ile ya ferekanya Petrose, empa ha a ka a ferekana ka nako e telele.
3 Pono ee ya Petrose e ne e bolelang? Ke ha bohlokwa hore re utlwisise hore na e bolelang, hobane e bontsha hantle ka moo Jehova a tadimang batho ka teng. Ka ha re Bakreste ba nnete, re ke ke ra fana ka bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo ntle le hore re tadime batho ka moo Modimo a ba tadimang ka teng. E le hore re utlwisise se bolelwang ke pono ya Petrose, a re hlahlobeng diketsahalo tse hlollang tse amanang le yona.
O ne a “Dula a Rapela Modimo ka Matla” (Diketso 10:1-8)
4, 5. Korneliase e ne e le mang, hona ho ile ha etsahalang ha a ntse a rapela?
4 Petrose o ne a sa tsebe hore letsatsing le etellang leo pele, Sesarea e ka bang dikhilomithara tse 50 ka leboya, monna ya bitswang Korneliase le yena o ile a bona pono e tswang ho Modimo. Korneliase, molaodi wa lekgolo wa Moroma, e ne e le monna ya ‘rapelang Modimo mme a mo hlompha.’b E ne e boetse e le hlooho ya lelapa e behang mohlala o ikgethang, hobane “monna enwa le ba lelapa la hae ba ne ba rapela Modimo mme ba mo hlompha.” Korneliase e ne e se mosokolohi wa Mojuda; e ne e le Moditjhaba ya sa bollang. Le ha ho le jwalo, o ne a utlwela Bajuda ba hlokang bohloko, mme a ba thusa ka dintho tsa nama. Monna enwa ya pelo e ntle o ile “a rapela Modimo ka matla.”—Dik. 10:2.
5 Hoo e ka bang ka 3:00 thapama, Korneliase o ne a ntse a rapela yaba o bona pono eo ho yona lengeloi le ileng la re ho yena: “Modimo o utlwile dithapelo tsa hao ebile o bona dintho tseo o di etsetsang bafutsana. O dula a o hopola ka lebaka la dintho tsena.” (Dik. 10:4) Ho latela tataiso ya lengeloi, Korneliase o ile a roma banna hore ba bitse moapostola Petrose. Ka ha Korneliase e ne e le Moditjhaba ya sa bollang o ne a tla tloha a etsahallwa ke ntho e neng e eso ka e mo etsahalla. O ne a tla tloha a fumana molaetsa wa poloko.
6, 7. (a) Pheta phihlelo e bontshang hore Modimo o araba dithapelo tsa batho ba pelo di ntle ba batlang ho tseba nnete ka yena. (b) Re ka etsa qeto efe ka diphihlelo tse jwalo?
6 Na Modimo o arabela dithapelo tsa batho ba pelo di ntle kajeno ba batlang ho tseba nnete ka yena? Nahana ka phihlelo ena. Mosadi e mong wa Albania o ile a fumana Molula-Qhooa o nang le sehlooho se buang ka ho hodisa bana.c O ile a re ho Paki e neng e mo etetse: “O tla makala ha o utlwa hore ke ntse ke rapela Modimo hore a nthuse ke hodise baradi ba ka. O rometswe ke yena! O nkotlile botsekeng!” Mosadi enwa le baradi ba hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele, mme ha nako e ntse e tsamaya monna wa hae le yena a ithuta le bona.
7 Na see se etsahetse ka tshohanyetso? Le hanyenyane! Diphihlelo tsa mofuta ona di nnile tsa etsahala kgafetsa lefatsheng lohle—ka makgetlo a mangata hoo ho ke keng ha thwe ke tsa tshohanyetso. Jwale, re ka etsa qeto efe? Ya pele, Jehova o araba dithapelo tsa batho ba pelo di ntle ba batlang ho ithuta ka yena. (1 Mar. 8:41-43; Pes. 65:2) Ya bobedi, re tsheheditswe ke mangeloi mosebetsing wa rona wa ho bolela ditaba tse monate.—Tshen. 14:6, 7.
‘Petrose o ne a Maketse’ (Diketso 10:9-23a)
8, 9. Moya o ile wa reng ho Petrose, mme o ile a nka kgato efe?
8 Moo ‘Petrose a sa ntseng a maketse’ hore na ebe pono ena e bolelang a le marulelong, manqosa a Korneliase a atamela ntlo eo. (Dik. 10:17) Na Petrose, ya neng a ile a bolela ka makgetlo a mararo hore a ke ke a ja dijo tse nkwang di sa hlweka ho latela Molao, o ne a tla dumela ho tsamaya le banna baa mme a kene lapeng la Moditjhaba? Ka tsela e itseng moya o halalelang o ile wa mo bontsha hore na thato ya Modimo ke efe tabeng ena. Petrose o ile a bolellwa hore: “Ho na le banna ba bararo ba tlileng ho wena. Theoha o tsamaye le bona. O se ke wa ba lesisitheho ho tsamaya le bona hobane ke nna ya ba rommeng.” (Dik. 10:19, 20) Ha ho pelaelo hore pono ya sejana se kang lesela la line eo Petrose a e boneng e ile ya mo hlomella ho mamela tataiso ya moya o halalelang.
9 Ha Petrose a utlwa hore Korneliase o laetswe ke Modimo hore a mo late, o ile a dumella manqosa ana a Baditjhaba hore a kene ka tlung “a re . . . ba robaletse.” (Dik. 10:23a) Moapostola enwa wa moikokobetsi o ne a se a ntse a ikamahanya le diphetoho tse ntjha tse mabapi le thato ya Modimo.
10. Jehova o tataisa batho ba hae jwang, mme re ka ipotsa dipotso dife?
10 Ho fihlela kajeno, Jehova o tataisa batho ba hae mohato ka mohato. (Diprov. 4:18) O tataisa “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” ka moya wa hae o halalelang. (Mat. 24:45) Ka dinako tse ding, ho ka nna ha etswa diphetoho tse itseng tseleng eo re utlwisisang Lentswe la Modimo ka yona kapa tsamaisong ya mokgatlo o hlophisitsweng. Re lokela ho ipotsa potso ena: ‘Ke nka diphetoho tse jwalo jwang? Na ke amohela tataiso ya moya wa Modimo ditabeng tsee?’
Petrose a “Laela Hore ba Kolobetswe” (Diketso 10:23b-48)
11, 12. Petrose o ile a etsang ha a fihla Sesarea, mme o ne a ithutile eng?
11 Letsatsi le hlahlamang leo Petrose a boneng pono ka lona, yena le ba bang ba robong—manqosa a mararo a rometsweng ke Korneliase le ‘bana babo ba tsheletseng’ ba Bajuda ba tswang Jopa—ba leba Sesarea. (Dik. 11:12) Ka ha Korneliase o ne a lebelletse Petrose, o ne a bokeletse “beng ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo”—bao ho hlakileng hore kaofela e ne e le Baditjhaba. (Dik. 10:24) Ha Petrose a fihla, a etsa ntho e nngwe eo ho seng mohla a kileng a nahana hore a ka e etsa, a kena ka tlung ya Moditjhaba ya sa bollang! Petrose a re: “Le tseba hantle hore molao ha o dumelle Bajuda ho kopana le batho ba merabe e meng kapa ho ba atamela. Empa Modimo o mpontshitse hore ha ke a lokela ho re motho o silafetse.” (Dik. 10:28) Nakong ena Petrose o ile a utlwisisa hore morero wa pono ena e ne e se feela ho mo ruta ka mofuta wa dijo tseo motho a lokelang ho di ja. Ha a lokela “ho re motho [esita le Moditjhaba] o silafetse.”
“Ka ha Korneliase o ne a ba lebeletse,o ne a bitsitse beng ka yena le metswalle ya hae ya hlooho ya kgomo.”—Diketso 10:24
12 E mong le e mong ya neng a le teng o ne a labalabela ho utlwa seo Petrose a tla ba bolella sona. Korneliase o ile a re: “Kaofela ha rona re eme ka pela Jehova ho tla utlwa dintho tsohle tseo a o laetseng hore o di bue.” (Dik. 10:33) A ko inahanele hore na o ne o tla ikutlwa jwang haeba motho ya thahasellang a o bolella seo! Petrose o ile a qala puo ya hae ka mantswe ana a matla, a re: “Jwale ke utlwisisa hantle hore Modimo ha a leeme empa o amohela motho wa setjhaba sefe kapa sefe ya mo hlomphang le ya etsang dintho tse lokileng.” (Dik. 10:34, 35) Petrose o ne a ithutile hore pono ya Modimo ka batho ha e susumetswe ke morabe, mofuta kapa ponahalo ya motho. Petrose o ile a tswela pele ho paka ka tshebeletso ya Jesu, lefu la hae le tsoho.
13, 14. (a) Ho sokoloha ha Korneliase le Baditjhaba ba bang ka 36 C.E. e bile ha bohlokwa jwang? (b) Ke hobaneng ha re sa lokela ho ahlola batho ka tjhebahalo ya bona?
13 Ho ile ha etsahala ntho eo ho seng mohla e kileng ya etsahala: “Ha Petrose a ntse a bua,” moya o halalelang wa theohela hodima ‘batho bao ba ditjhaba.’ (Dik. 10:44, 45) Tlaleho ena ya Mangolo ke yona feela e buang ka moya o theohelang ho batho pele ba kolobetswa. Ha Petrose a bona pontsho ena ya hore Modimo o ba amohetse o ile a “laela hore [sehlopha seo sa Baditjhaba se] kolobetswe.” (Dik. 10:48) Ho sokoloha hona ha Baditjhaba ka 36 C.E. ho ile ha bontsha hore Jehova ha a sa sebedisana le Bajuda ka tsela e kgethehileng. (Dan. 9:24-27) Ka ha Petrose e ne e le yena ya di hulang pele ketsahalong ena, o ile a sebedisa ‘senotlolo sa Mmuso’ sa boraro ebile e le sa ho qetela. (Mat. 16:19) Senotlolo sena se ile sa bulela Baditjhaba ba sa bollang monyetla wa ho ba Bakreste ba tlotsitsweng ka moya.
14 Rona baboledi ba Mmuso ba kajeno, re a hlokomela hore “Modimo ha a leeme.” (Bar. 2:11) Thato ya hae ke hore “batho ba mefuta yohle ba pholohe.” (1 Tim. 2:4) Ka hona, le ka mohla ha re a lokela ho ahlola batho ka tjhebahalo ya bona. Mosebetsi wa rona ke ho fana ka bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa Modimo, mme seo se akarelletsa ho bolela ditaba tse monate ho batho bohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, mofuta ofe, kapa bodumedi bofe.
“Ba Kgaotsa ho mo Phehisa Kgang Yaba ba Tlotlisa Modimo” (Diketso 11:1-18)
15, 16. Ke hobaneng ha Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba phehisana le Petrose, mme o ile a hlalosa lebaka la seo a se entseng jwang?
15 Ho ka etsahala hore Petrose o ne a tjhesehela ho ya Jerusalema a yo bolela se etsahetseng. Ho bonahala hore ditaba tsa hore Baditjhaba ba sa bollang ba “amohetse lentswe la Modimo” di ile tsa fihla pele a fihla. Kapele ka mora hore Petrose a fihle, “batho ba tshehetsang lebollo ba mo nyatsa.” Ba ne ba tshwentswe ke hore ebe o kene ‘ka tlung ya batho ba sa bollang a ba a ja le bona.’ (Dik. 11:1-3) Taba e ne e se hore na Baditjhaba e ne e ka ba balatedi ba Kreste. Ho ena le hoo, barutuwa bao ba Bajuda ba ne ba hlile ba phehella hore ho hlokahala hore Baditjhaba ba boloke Molao—ho akarelletsa le wa lebollo—e le hore ba sebeletse Jehova ka tsela e amohelehang. Ho hlakile hore barutuwa ba bang ba Bajuda ba ne ba thatafallwa ho amohela hore Molao wa Moshe ha o sa sebetsa.
16 Petrose o ile a hlalosa seo a se entseng jwang? Ho ya ka Diketso 11:4-16, o ile a bua ka dintho tse nne tse neng di bontsha hore o fumane tataiso e tswang lehodimong: (1) pono eo Modimo a ileng a mo bontsha yona (Temana ya 4-10); (2) taelo ya moya (Temana ya 11 le 12); (3) lengeloi le ileng la etela Korneliase (Temana ya 13 le ya 14)); le (4) ho tshollelwa ha moya o halalelang hodima Baditjhaba. (Temana ya 15 le 16) Petrose o ile a dihela dikgala ka ho botsa potso e matla, a re: “Jwale haeba Modimo o ba [Baditjhaba ba dumelang] file mpho [ya moya o halalelang] e tshwanang hantle le eo a e fileng rona [Bajuda] ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste, nna ke ne ke boetse ke le mang hore ke sitise Modimo?”—Dik. 11:17.
17, 18. (a) Bopaki ba Petrose bo ile ba hlahisetsa Bakreste ba Bajuda teko efe? (b) Ke hobaneng ha ho se bonolo hore phutheho e momahane, mme re lokela ho ipotsa dipotso dife?
17 Bopaki boo Petrose a ileng a fana ka bona bo ile ba qobella Bakreste bao ba Bajuda hore ba bontshe hore na ba eme hokae. Na ba ne ba tla kgona ho tlohela leeme ka ho felletseng mme ba amohele Baditjhaba ba sa tswa kolobetswa e le Bakrestemmoho le bona? Bibele e re: “Ha [baapostola le Bakreste ba bang ba Bajuda] ba utlwa dintho tsena, ba kgaotsa ho mo phehisa kgang yaba ba tlotlisa Modimo ba re: ‘Re a hlakelwa jwale hore Modimo o file le batho ba ditjhaba monyetla wa ho baka e le hore ba fumane bophelo.’” (Dik. 11:18) Boikutlo boo bo botle bo ile ba etsa hore phutheho e momahane.
18 Hore phutheho e momahane e ka ba phephetso, hobane barapedi ba nnete ba tswa ‘ditjhabeng tsohle, malokong ohle, merabeng yohle le dipuong tsohle.’ (Tshen. 7:9) Ka lebaka leo diphuthehong tse ngata ho na le batho ba merabe, ditso le dimelo tse sa tshwaneng. Re lokela ho ipotsa dipotso tsena: ‘Na ke ntshitse leeme ka metso pelong ya ka? Na ke ikemiseditse hore le ka mohla tsela eo ke tshwarang barabeso ba Bakreste ka yona e se ke ya susumetswa ke mekgwa ya lefatshe lee e arolang batho—e kang botjhaba, boikutlo ba ho phahamela merabe e meng, ho ikakasa ka setso le kgethollo ya morabe?’ Hopola se ileng sa etsahalla Petrose (Kefase) dilemo tse itseng ka mora hore Baditjhaba ba pele ba sokolohe. O ile a susumetswa ke leeme la ba bang, mme a “tloha” ho Bakreste ba Baditjhaba mme Pauluse a tlameha ho mo kgalemela. (Bagal. 2:11-14) Re lokela ho dula re itebetse kgahlanong le leraba la leeme.
“Batho ba Bangata ba Ile ba Dumela ho Morena” (Diketso 11:19-26a)
19. Bakreste ba Bajuda ba Antioke ba ile ba qala ho bolella bomang ditaba tse monate, hona diphello ya eba dife?
19 Na balatedi ba Jesu ba ile ba qala ho bolella Baditjhaba ba sa bollang ditaba tse monate? Hlokomela hore na ho ile ha etsahalang ha morao Antioke ya Siria .d Motse ona o ne o ena le Bajuda ba bangata, empa ho ne ho se na bora bo bokaalo pakeng tsa Bajuda le Baditjhaba. Ka hona, Antioke e ne e le tshimo e ntle eo ho yona Baditjhaba ba ka bolellwang ditaba tse monate. Ke sebakeng sena moo barutuwa ba bang ba Bajuda ba ileng ba qala ho bolella “batho ba buang Segerike” ditaba tse monate. (Dik. 11:20) E ne e se Bajuda ba buang Segerike feela ba neng ba bolellwa ditaba tse monate empa di ne di bolellwa le Baditjhaba ba sa bollang. Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi ona, mme “batho ba bangata ba ile ba dumela ho Morena.”—Dik. 11:21.
20, 21. Barnabase o ile a bontsha jwang hore o inyenyefaditse, hona re ka bontsha boinyenyefatso bo tshwanang jwang tshebeletsong?
20 Phutheho ya Jerusalema e ile ya romela Barnabase Antioke hore a pakele batho bana ba ikemiseditseng ho mamela. Batho ba bangata ba ne ba thahasella ditaba tse monate hoo mosebetsi ona o neng o le mongata haholo bakeng sa motho a le mong. Ke mang ya neng a ka tshwaneleha ha molemo ho mo thusa mosebetsing oo haese Saule, eo e neng e tla ba moapostola ho ditjhaba? (Dik. 9:15; Bar. 1:5) Na Barnabase o ne a tla nka hore Saule o tla qothisana lehlokwa le yena? Ho fapana le hoo, Barnabase o ile a inyenyefatsa. O ile a ithaopela ho ya Tarsase, a ya batla Saule, mme a mo kgutlisetsa Antioke hore a tlo mo thusa. Ba ile ba sebetsa ha mmoho ka nako e etsang selemo ba kgothatsa barutuwa phuthehong ya sebaka seo.—Dik. 11:22-26a.
21 Re ka bontsha jwang hore re a inyenyefatsa ha re phetha tshebeletso ya rona? Tshobotsi ena e akarelletsa ho amohela mefokolo ya rona. Kaofela re na le bokgoni bo sa tshwaneng. Ka mohlala, ba bang ba ka ipabola ka ho etsa bopaki bo sa rerwang le ka ho bolela ka ntlo le ntlo empa ba thatafallwa ke ho etsa maeto a ho boela le ho qala dithuto tsa Bibele. Haeba o rata ho ntlafatsa ditshobotsing tse itseng tsa tshebeletso, ke hobaneng ha o sa kope thuso? Ka ho etsa jwalo, o ka finyella ho hongata mme o thabe haholo tshebeletsong.—1 Bakor. 9:26.
Ho Romelwa “Diphallelo ho Barutuwa” (Diketso 11:26b-30)
22, 23. Bara babo rona ba Antioke ba ile ba bontsha lerato la bona jwang, mme batho ba Modimo ba etsa se tshwanang jwang kajeno?
22 Ke Antioke moo ka lekgetlo la pele “barutuwa ba ileng ba bitswa Bakreste ka tataiso ya Modimo.” (Dik. 11:26b) Lebitso leo le amohelwang ke Modimo le hlalosa hantle batho ba latelang Kreste. Ha batho ba ditjhaba ba fetoha Bakreste, na ho ile ha eba le kamano ya bara ba motho pakeng tsa badumedi ba Bajuda le ba Baditjhaba? Hlokomela se ileng sa etsahala ha ho eba le tlala e kgolo hoo e ka bang ka 46 C.E.e Mehleng ya boholoholo, tlala e ne e ama haholo batho ba futsanehileng, ba neng ba se na tjhelete e ngata kapa dijo. Nakong eo ya tlala, Bakreste ba Bajuda ba dulang Judea, bao boholo ba bona ho neng ho bonahala e le batho ba futsanehileng, ba ne ba hloka dijo le dintho tse hlokahalang. Ha bara babo rona ba Antioke—ho akarelletsa le Bakreste ba Baditjhaba—ba hlokomela hore bara babo rona ba Judea ba hloka dintho tsena, ba ile ba ba romela “diphallelo.” (Dik. 11:29) Ruri lena ke lerato la sebele la bara ba motho.
23 Ho a tshwana le hara batho ba Modimo kajeno. Ha re utlwela hore bara babo rona ba dinaheng tse ding kapa naheng ya habo rona ba a hloka, re ikemisetsa ho ba thusa. Dikomiti Tsa Makala di potlakela ho lokisetsa hore ho etswe Dikomiti Tsa Diphallelo e le hore di hlokomele bara babo rona bao ho ka etsahalang hore ba anngwe ke dikoduwa tsa tlhaho, ho akarelletsa mahodiotswana, ditshisinyeho tsa lefatshe le ditsunami. Diphallelo tsena tsohle di bontsha hore re bara ba motho ba momahaneng e le ka nnete.—Joh. 13:34, 35; 1 Joh. 3:17.
24. Re ka bontsha jwang hore re nka ka ho teba se bolelwang ke pono ya Petrose?
24 Ka ha re Bakreste ba nnete, re nka ka ho teba se bolelwang ke pono eo Petrose a ileng a e bona ha a le marulelong a ntlo Jopa lekgolong la pele la dilemo. Re rapela Modimo ya se nang leeme. Thato ya hae ke hore re fane ka bopaki bo hlakileng ka Mmuso wa hae, mme seo se akarelletsa ho bolella ba bang ditaba tse monate ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe, setjhaba sefe kapa boemo ba bona ke bofe setjhabeng. Jwale a re ikemisetseng ho fa batho bohle ba tla re mamela monyetla wa ho amohela ditaba tse monate.—Bar. 10:11-13.
Ha bara babo rona ba hloka, re ikemisetsa ho ba thusa
a Bajuda ba bang ba ne ba nkela mosuhi wa matlalo fatshe hobane mosebetsi wa hae o ne o etsa hore a tshware makoko le ditopo tsa diphoofolo tse sa hlwekang ha mmoho le dintho tse nyonyehang tseo ho neng ho hlokahala hore a di sebedise. Basuhi ba ne ba nkwa ba sa lokela ho hlaha tempeleng, mme ba ne ba sa lokela ho etsetsa kgwebo ya bona sebakeng se bohole ba ditswe tse ka tlase ho 50 kapa dimithara tse ka bang 20 ho tloha motseng. E ka nna yaba lena ke le leng la mabaka ao ntlo ya Simone e neng e le “pela lewatle.”—Dik. 10:6.
b Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Korneliase le Lebotho la Roma.”
c Sehlooho seo se re: “Keletso e ka Tsheptjwang ya ho Hodisa Bana,” mme se hlaha Modula-Qhoweng wa November 1, 2006, leqepheng la 4 ho ya ho 7.
d Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Antioke ya Siria.”
e Rahistori wa Mojuda ya bitswang Josephus, o bua ka ‘tlala eo e kgolo’ nakong ya puso ya Moemphera Claudiase (41-54 C.E.).