LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 97 leq. 226-leq. 227 ser. 2
  • Korneliase o Fuwa Moya o Halalelang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Korneliase o Fuwa Moya o Halalelang
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • “Modimo ha a Leeme”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Etsisa Petrose ka Hore o se ke wa Nyahamiswa ke Diphoso Tsa Hao
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 97 leq. 226-leq. 227 ser. 2
Korneliase o amohela Petrose ha hae

THUTO YA 97

Korneliase o Fuwa Moya o Halalelang

Ho ne ho ena le molaodi wa lebotho wa Moroma motseng wa Sesarea eo lebitso la hae e neng e le Korneliase. Le hoja e ne e se Mojuda, Bajuda ba ne ba mo hlompha. O ne a thusa batho ba hlokang le ba futsanehileng. Korneliase o ne a dumela hore Jehova o teng ebile a mo rapela ka mehla. Ka letsatsi le leng lengeloi le ile la hlaha ho Korneliase mme la re: ‘Modimo o utlwile dithapelo tsa hao. Jwale roma banna motseng wa Jopa moo Petrose a dulang teng mme ba mo kope hore a tle ho wena.’ Hanghang Korneliase o ile a romela banna ba bararo motseng wa Jopa, o neng o le bohole ba dikhilomithara tse ka bang 50 ho tloha moo ba neng ba le teng.

Petrose o ile a ba le pono ha a ntse a le Jopa. O ile a bona diphoofolo tseo Bajuda ba neng ba sa dumellwa ho di ja empa a utlwa lentswe le mo bolellang hore a di je. Petrose o ile a hana a re: ‘Ha ke eso je phoofolo e sa hlwekang bophelo bohle ba ka.’ Lentswe leo le ile la re: ‘O se ke wa re diphoofolo tsena ha di a hlweka. Modimo o entse hore di hlweke. Ho na le banna ba bararo monyako wa hao. Tsamaya le bona.’ Petrose o ile a ya monyako mme a botsa banna bao hore na hobaneng ba ne ba tlile ho yena. Ba ile ba re: ‘Re ronngwe ke Korneliase, molaodi wa lebotho wa Moroma. O re o kopa hore o ye ntlong ya hae e Sesarea.’ Petrose o ile a ba kopa hore ba roballetse ha hae. Ka le hlahlamang o ile a tsamaya le bona ho ya Sesarea ha mmoho le bara ba bo rona ba bang.

Eitse ha Korneliase a bona Petrose, a mo kgumamela. Empa Petrose a re: ‘Ema. Ke motho jwalo ka wena. Modimo o itse ke tle ntlong ya hao, le hoja Bajuda ba sa kene ka matlong a Baditjhaba. Jwale mpolelle, ke hobaneng ha o itse ke tle?’

Korneliase a re: ‘Matsatsi a mane a fetileng ke ne ke ntse ke rapela Modimo, yaba lengeloi le re ke rome batho hore ba o bitse. Re kopa hore o re rute ka Jehova.’ Petrose o ile a re: ‘Ke ithutile hore Modimo ha a leeme. O amohela mang kapa mang ya batlang ho mo rapela.’ Petrose o ile a ba ruta dintho tse ngata ka Jesu. Yaba Korneliase le bohle ba neng ba ena le yena ba fuwa moya o halalelang mme kaofela ha bona ba kolobetswa.

“[Modimo] o amohela motho wa setjhaba sefe kapa sefe ya mo hlomphang le ya etsang dintho tse lokileng.”​—Diketso 10:35

Dipotso: Ke hobaneng ha Petrose a ile a hana ho ja diphoofolo tse sa hlwekang? Ke hobaneng ha Jehova a ile a re Petrose a ye ntlong ya Moditjhaba?

Diketso 10:​1-48

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share