LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • T-30 maq. 1-4
  • Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?
  • Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?
  • Dintlha tse Ding
  • O nahana hore bokamoso bo tla ba jwang?
    O Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Jwang?
  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
    Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    Mmuso wa Modimo ke Eng?
  • Na mahlomola a tla ke a fele?
    Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
Tse Ding
Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?
T-30 maq. 1-4

Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?

Na ke . . .

  • buka ya bahlalefi?

  • buka ya ditshomo le dipale?

  • kapa ke Lentswe la Modimo?

BIBELE YONA E RENG?

“Mangolo ohle a halalelang a tswa ho Modimo.”​—⁠2 Timothea 3:​16, Bibele​—⁠Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

HO TSEBA SEE HO KA O THUSA JWANG?

O ka fumana dikarabo dipotsong tse re tshwenyang bophelong. ​—⁠Diproverbia 2:​1-⁠5.

O ka fumana tataiso e molemo bophelong ba letsatsi le letsatsi.​—⁠Pesaleme ya 119:​105.

O ka ba le tshepo ka bokamoso.​—⁠Baroma 15:⁠4.

Monna le mosadi ba bala Bibele; lelapa le thabileng le thapolla maoto

NA RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mararo:

  • E dumellana ka tsela e hlollang. Bibele e ngotswe ka dilemo tse fetang 1 600, ke batho ba ka bang 40. Ba bangata ba bona ba ne ba sa tsebane. Le ha ho le jwalo, Bibele e a dumellana, e na le sehlooho se le seng se seholo.

  • E tlalehile histori ka botshepehi. Borahistori ba atisa ho se bolele ha ditjhaba tsa habo bona di hlotswe. Empa bangodi ba Bibele bona ba tlalehile ka botshepehi diphoso tseo ba di entseng le tse entsweng ke setjhaba sa habo bona.​—⁠2 Dikronike 36:​15, 16; Pesaleme ya 51:​1-⁠4.

  • Boprofeta bo ka tsheptjwang. Bibele e ile ya bolela dilemo tse ka bang 200 esale pele ka ho timetswa ha motse wa boholoholo wa Babilona. (Esaia 13:​17-22) E ile ya bolela mokgwa oo Babilona e neng e tla timetswa ka wona, esita le lebitso la motho ya neng a tla e hapa.​—⁠Esaia 45:​1-⁠3.

    Dintho tse ding tse ngata tseo Bibele e di profetileng le tsona di phethahetse hantle ka tsela eo di neng di boletswe ka yona. Empa na see ha se sona seo re ka se lebellang ka Lentswe la Modimo? ​—⁠2 Petrose 1:⁠21.

O KA NNA WA IPOTSA

Ntate, mme, mora le moradi

Lentswe la Modimo le ka ntlafatsa bophelo ba ka jwang?

Bibele e araba potso ena ho ESAIA 48:​17, 18 le ho 2 TIMOTHEA 3:​16, 17.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share