LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ypq potso 7 maq. 21-23
  • Nka Etsang Haeba ke Hatellwa ho Etsa Thobalano?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Nka Etsang Haeba ke Hatellwa ho Etsa Thobalano?
  • Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
  • Dintlha tse Ding
  • Na ho Nyanyana Ditho Tsa Botona Kapa Tsa Botshehadi ke ho Etsa Thobalano?
    Batjha ba a Botsa
  • Nka Etsang e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?
    Batjha ba a Botsa
Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
ypq potso 7 maq. 21-23
Ngwanana o hana moshanyana

POTSO YA 7

Nka Etsang Haeba ke Hatellwa ho Etsa Thobalano?

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Ha o ka kgetha ho etsa thobalano hona jwale o sa le mocha, seo se ka fetola bophelo ba hao.

O NE O TLA ETSANG?

Nahana ka sena: E se e le dikgwedi tse pedi feela Heather le Mike ba ratana, empa Heather o utlwa eka ke kgale ba tsebana. Ba dula ba romellana melaetsa, ba qeta dihora tse ngata ba bua founung ebile ba kgona ho tseba seo e mong a se nahanang le pele a bua!

Dikgweding tsena tse pedi, Heather le Mike ba ne ba tshwarana ka matsoho feela le ho sunana. Empa jwale Mike o batla hore ba etse se fetang seo. Heather yena ha a batle. Empa le teng ha a batle hore Mike a mo lahle. Mike o etsa hore a ikutlwe e le motho wa bohlokwa. Ho feta moo, Heather o ipolella hore yena le Mike ba a ratana.

Haeba o se o le dilemong tsa ho ratana, o ne o tla etsang?

NAHANISISA HANTLE!

Seaparo se entswe lesela le koropang

Thobalano ke mpho eo Modimo a e fileng banyalani feela. Ha o etsa thobalano pele ho lenyalo, o senya mpho eo. Ho tshwana feela le haeba o nka seaparo se setle seo o se filweng ebe o koropa ka sona

Haeba o ka hlwella sefate se se lelele ebe o leka ho fofa jwaloka nonyana, o tla lemala. Ho a tshwana le haeba o sa mamele molao wa Modimo o reng ‘re ile bohlola.’—1 Bathesalonika 4:3.

Ho tla etsahalang haeba o tlola molao oo? Bibele e re: “Ya tlwaetseng ho etsa bohlola o sitelwa mmele wa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) Seo ke nnete hakae?

Bafuputsi ba fumane hore batjha ba bangata ba etsang thobalano pele ho lenyalo ba fumana ditlamorao tse latelang:

  • HO TSHWENYEHA. Batjha ba bangata ba entseng thobalano pele ho lenyalo ba re ba a itshola ka ketso eo.

  • HO SE TSHEPANE. Ka mora ho etsa thobalano, ka bobedi ba qala ho ipotsa, ‘Ebe o robetse le mang hape?’

  • HO SWETSEHA. Ha e le hantle, banana ba bangata ba ka rata hore ba be le mohlankana ya tla ba sireletsa, eseng ya amehileng ka se batlwang ke yena feela. Bashanyana ba bangata ha ba kgahlwe ke ngwanana ya ileng a dumela ho robala le bona.

  • Nnete ke hore: Haeba o etsa thobalano pele ho lenyalo, o itheola seriti ka hore o lahle letlotlo la bohlokwa. (Baroma 1:24) Mmele wa hao ke wa bohlokwa haholo hore o ka o silafatsa ka tsela eo!

Bontsha hore o mamela melao ya Modimo ka hore o qobe ho etsa bohlola. (1 Bathesalonika 4:3) Jwale haeba o ka kena lenyalong ka le leng, o tla etsa thobalano, mme o tla e thabela ka ho feletseng ho se letho le o tshwenyang, le etsang hore o itshole le ho ikutlwa o sa sireletseha, e leng se atisang ho hlahela batho ba etsang thobalano pele ho lenyalo.—Liproverbia 7:22, 23; 1 Bakorinthe 7:3.

O NAHANANG KA SEE?

  • Na motho ya o ratang e le kannete a ka batla ho o utlwisa bohloko?

  • Na motho ya o kgathallang e le kannete a ka batla ho senya kamano ya hao le Modimo?—Baheberu 13:4.

MOLAETSA O YANG HO BANANA

Ngwanana o ntse a nahana

Bashanyana ba bangata ba re ba ke ke ba nyala ngwanana eo ba kileng ba robala le yena. Hobaneng? Hobane ba batla ngwanana ya itshwereng hantle!

Na seo sea o makatsa kapa hona ho o kwatisa? Hopola hore difilimi le mananeo a TV a etsa eka thobalano ya batjha ke ntho e monate le e se nang kotsi, kapa ke tsela ya ho bontshana lerato.

Empa seo ha se nnete! Motho ya batlang ho robala le wena pele ho lenyalo, o mpa a batla ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae a le mong. —1 Bakorinthe 13:4, 5.

MOLAETSA O YANG HO BASHANYANA

Moshanyana o ntse a nahana

Haeba o wa ratana, ipotse, ‘Na ke kgathalla motho wa ka?’ Haeba ho jwalo, o ka bontsha seo jwang? Ka hore o ikemisetse ho mamela melao ya Modimo, o bontshe bohlale ka ho re o se ke wa ipeha maemong a ka lekang botshepehi ba lona. O ka bontsha hore o rata motho wa hao ka hore o mo nahanele.

Haeba o etsa jwalo, ngwanana eo o ratanang le yena o tla ikutlwa jwaloka morwetsana wa Moshulame ya ileng a re: “Moratuwa wa ka ke wa ka mme nna ke wa hae.” (Sefela sa Lifela 2:16) Ka mantswe a mang, o tla o rata le ho feta!

DIKELETSO

Haeba motho e mong a batla ho robala le wena ka hore a re, “Haeba o wa nthata, o tla robala le nna,” mo arabe o tiisitse o re, “Haeba o wa nthata, o ke ke wa nkopa hore ke robale le wena!”

Ha o e na le motho wa bong bo fapaneng, o se ke wa etsa ntho eo o neng o ke ke wa batla hore batswadi ba hao ba o bone o e etsa.

SEO KE RERANG HO SE ETSA

  • O tla reng haeba motho e mong a o kopa hore o robale le yena?

  • Ke maemo afe a ka etsang hore ho be thata hore o hane?

  • O ka qoba maemo ao jwang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share