LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwyp sehlooho 89
  • Nka Etsang e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Nka Etsang e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?
  • Batjha ba a Botsa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Ke hobaneng ha ho fosahetse ho dula o nahana ka thobalano?
  • Ke hobaneng ha hole thata ho tlohela ho nahana ka thobalano?
  • Seo o ka se etsang
  • Na ho Nyanyana Ditho Tsa Botona Kapa Tsa Botshehadi ke ho Etsa Thobalano?
    Batjha ba a Botsa
  • Nka Etsang Haeba ke Hatellwa ho Etsa Thobalano?
    Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
Batjha ba a Botsa
ijwyp sehlooho 89
Motjha o susumelletswa ke dipapatso hore a batle ho etsa thobalano. Motjha o bona baratani ba eme ka ntle ho cinema moo ho tlo bapalang movie wa batho ba ratanang.

BATJHA BA A BOTSA

Nka Etsang e le Hore ke se ke ka Nahana ka Thobalano?

Vera o re: “Ho nahana ka thobalano ka thobalano ho itlela feela mme seo ha se etsahala ha ke kgone ho nahana ka ntho e nngwe. Ha sena se etsahala ke utlwa ekare ho na le motho ya laolang kelello yaka.”

John o re “Ho thata ho tlohella ho nahana ka thobalano.”

Na le wena o ikutlwa jwalo ka Vera le John? Haeba ho jwalo sehlooho sena se tla o thusa.

  • Ke hobaneng ha ho fosahetse ho dula o nahana ka thobalano?

  • Ke hobaneng ha hole thata ho tlohela ho nahana ka thobalano?

  • Seo o ka se etsang

  • Seo batjha ba bang ba se buang

Ke hobaneng ha ho fosahetse ho dula o nahana ka thobalano?

Motjha e mong ya bitswang Alex o re: “Malome waka o re Modimo o ne a ke ke a re bopa re na le boikutlo ba ho etsa thobalano haeba o ne a sa batle hore re etse.

Seo malome wa Alex a se buang ka hore Modimo o re file ditakatso tsa ho etsa thobalano ke nnete empa Modimo o na le mabaka a utlwahalang a hore ke hobaneng a re file ditakatso tseo. Batho kajeno ba teng ka lebaka la thobalano. Jwale ke hobaneng ha o sa lokela ho nahana haholo ka thobalano? Bibele e re bolella mabaka a mabedi a utlwahalang:

  • Bibele e ruta hore Modimo o e ntse hore ho be le thobalano e le hore monna le mosadi ba nyalaneng ba ka e thabela.​—Genese 1:28; 2:24.

    Haeba ha wa nyala mme o dula o nahana ka thobalano seo se ka o ferekanya. Haeba o dula o nahanne ka thobalano qetellong o ka iphumana o se o entse mme batho ba bangata ba fetileng boemong bona ba re ba itshola.

  • Haeba o kgona ho laola maikutlo a hao ka thobalano seo se bontsha hore o na le boitshwaro.​—1 Bakorinthe 9:25.

Ho ba le boitshwaro ho tla o thusa haholo bophelong ba hao hona jwale le nakong e tlang. Dipatlisiso tse ding di bontsha hore bana ba hotseng ba na le boitshwaro ha se hangata ha ba se ba le baholo ba bang le mathata a ho kula, a ditjhelete le a molao.a

Ke hobaneng ha hole thata ho tlohela ho nahana ka thobalano?

Batho ba bangata kajeno ba dula ba bua ka thobalano mme jwalo ka batho ba batjha re na le di Hormone tse etsang re be le boikutlo ba ho batla ho etsa thobalano mme seo se etsa ho be thata ho tlohela ho nahana ka yona.

Ruth o re: “Mananeo a Thelevishene kajeno a dula a hlaisa batho ba sa nyalanang ba etsa thobalano empa ha ba bontshe ditlamorao tse bohloko tse tliswang ke seo. Ka lebaka la hore hobane ha ba hlahise ditlamorao tse bohloko tse tliswang ke thobalano, seo se etsa hore re dule re nahana ka yona.”.

Nicole o re: “Mosebetsing batho ba dula ba bua puo e ditshila ka ho etsa thobalano mme seo se etsa hore le nna ke batle ho tseba. Batho ba dula ba bua ka thobalano jwalo ka eka ke ntho e tlwaelehileng hoo qetellong o ka bonang e ka ha ho phoso ho etsa thobalano pele o nyala”.

Maria o re: Ka dinako tse ding ho ka ba bonolo hore o iphumane o shebile senepe se tsosang takatso ya ho etsa thobalano ha o ntse o shebile dinepe tse hlahang metjheng ya phatlalatso. Senepe seo se ka dula se dutse ka hloohong ya hao mme ho ka ba thata hore o se lebale!”

Dintho tsena kaofela di ka etsa hore o ikutlwe jwalo ka moapostola Pauluse. O ile a re: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho nna.”​—Baroma 7:21.

Menahano e mebe e tshwanang le dinonyana tse dutseng hodima sehlaha, e dutse hodima dihlooho tsa batjha ba bangata. Motjha e mong ha a dumelelle hore menahano e mebe e etse sehlaha.

O se ke wa dumella menahano e mebe hore e hahe sehlaha hloohong ya hao

Seo o ka se etsang

Leka ho nahana ka dintho tse ding. Leka ho nahana ka dintho tse ding ka ntle ho thobalano. Mohlomong o ka etsa ntho eo o ratang, wa bapala, wa ikwetlisa kapa wa etsa ntho e nngwe ho tlosa monahano wa hao moo. Valerie o re: “Ho bala Bibele ho ka o thusa hobane e na le monahano wa Modimo mme haeba o nahana ka Modimo ho thata hore o nahane ka ntho e nngwe hape.”

Ke ntho e tlwaelehileng hore motho e mong le e mong a nahane ka thobalano. Empa ho ho wena hore o dumelle maikutlo ao kapa tjhe. Le teng haeba o a dumella, ke wena feela ya ka kgonang fetolang monahano oo.

Helena o re: “Ha ke qala ho nahana ka thobalano ke etsa bo nnete ba hore ke nahana ka ntho e nngwe e itseng. Ebe ke a sheba hore na ke eng e entseng hore ke be le boikutlo boo haeba ke pina ke a e hlakola kapa senepe le sona ke a se hlakola.”

Molaomotheo wa Bibele: “Dintho dife kapa dife tse lokileng, dintho dife kapa dife tse hlwekileng, . . . le tswele pele ho nahana ka dintho tsena.”​—Bafilipi 4:8.

Kgetha metswalle e lokileng. Haeba metswalle ya hao e dula e bua ka thobalano seo se tla etsa hore le wena o dule o nahana ka yona.

Sarah o re: “Ha ke ntse ke hola ke ne ke dula ke nahana ka dintho tse sa lokang mme seo se ne se bakwa ke metswalle yaka e sa lokang. Haeba o qeta nako le batho ba dulang ba bua dintho tse mpe seo se ka etsa hore le wena o dule o nahana ka tsona mme seo se ka ba kotsi haholo.”

Molaomotheo wa Bibele: “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ya bang le ditshebedisano le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.”​—Liproverbia 13:20.

Qoba boithabiso bo bontshang thobalano. Kajeno re a tseba hore metjha ya phatlalatso e kgothalletsa hore batho ba etse thobalano. Nicole o re: “Nna ntho e etsang ke be le maikutlo a ho etsa thobalano ke mmino.”

Joanne o re: “Ke ne ke shebella di movie le mananeo a TV a nang le dikarolo tse hlahisang batho ba etsang thobalano. Seo se ile sa nkama haholo ke sa hlokomele hobane ke ne ke se ke dula ke nahana ka thobalano. Ke ile ka kgona ho hlokomela hore na seo se ne se bakwa ke eng. Ka mora hore ke kgaotse ho shebella di movie le mananeo a TV a nang le dikarolo tse hlaisang thobalano, ha ke a ka ka hlola ke nahana haholo ka thobalano. Ho kgetha boithabiso bo lokileng ho ile ha nthusa hore ke qobe ho nahana ka dintho tse mpe.”

Molaomotheo wa Bibele: “Bohlola le ho se hlweke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho bolelwa di se ke tsa bolelwa hara lona.”​—Baefese 5:3.

Seo o lokelang ho se tseba: Batho ba bang ba etsa thobalano hobane ba nka maikutlo a bona e le a bohlokwa hoo ba sa batleng ho a laola ha ba ba le ona. Empa Bibele ha e dumellane le seo ka ha e re nka re le batho ba bohlokwa, hobane e re re kgona ho laola maikutlo a rona.

Molaomotheo wa Bibele: “Le ntjhafale matleng a susumetsang dikelello tsa lona.”​—Baefese 4:23.

Seo batjha ba bang ba se buang

Tyler

Tyler o re: “Tsela eo boithabiso bo entsweng ka yona kajeno bo entswe ka tsela e re susumetsang hore re nahane dintho tse mpe. Ka hoo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona hore re kgethe metswalle ya rona hantle le hore na re shebella le ho bala eng. Re lokela ho qoba ho etsa dintho kapa ho ba le batho ba ka re susumelletsang hore re be le maikutlo a fosahetseng.”

Yaditsy

Yadi o re: “Re ka kgona feela ho ba le boitshwaro haeba feela re bala Bibele mme re rapela kamehla. Haeba motho a dula a na le maikutlo a fosahetseng, seo se bontsha hore ho na le ntho eo a sa e etseng hantle eleng ho bala Bibele.”

Seo re ithutileng sona: Nka etsang hore ke tlohelle ho nahana ka thobalano?

  1. Nahana ka ntho e nngwe e itseng.

  2. Kgetha metswalle ya hao hantle.

  3. Qoba ho shebella boithabiso bo sa lokang.

Nahana ka sena: Ke dintlha dife o ka ntlafatsang ho tsona?

a Le batho ba nyalaneng ba ntse ba hloka ho ba le boitshwaro ke ka hoo ho ba le boitshwaro ho ka o tswelang molemo hona jwale o ntse o so nyale.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share