LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ypq potso 10 maq. 30-31
  • Bibele e ka Nthusa Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bibele e ka Nthusa Jwang?
  • Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
  • Dintlha tse Ding
  • Na Diqeto Tseo re di Etsang di Nepahetse Kapa di Fosahetse?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2024
  • Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?
    Maikutlo a hao ke afe ka Bibele?
  • Dintho Tse Ding Tse ka Thusang Malapa
    Fadimehang!—2018
  • Se ka Thusang Batswadi
    Fadimehang!—2019
Tse Ding
Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
ypq potso 10 maq. 30-31
Motjha o dutse ka ntle, mme o bala Bibele

POTSO YA 10

Bibele e ka Nthusa Jwang?

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Bibele e re “Lengolo lohle le buduletswe ke Modimo.” (2 Timothea 3:16) Haeba sena ke nnete, Bibele e ka o tataisa ka tsela e nepahetseng.

O NE O TLA ETSANG?

Nahana ka sena: Thabang o kganna koloi sebakeng seo a sa se tsebeng. Matshwao a diterata le dintho tse ding tseo a di bonang di bontsha hore o sebakeng se fosahetseng. Thabang o hlokomela hore o lahlehile. Mohlomong o ile a tjeka moo a neng a sa lokela ho tjeka teng.

Haeba e ne e le wena, o ne o tla etsang?

NAHANISISA HANTLE!

O ka kgetha ho etsa e nngwe ya dintho tsena:

  1. O ka botsa batho tsela.

  2. O ka sheba mmapa kapa wa sebedisa GPS.

  3. O ka tswela pele, o tshepile hore o tla fumana tsela ya moo o yang.

Ho hlakile hore ho tswela pele o kganna ho ne ho ke ke ha o tswela molemo.

Ho sheba mmapa kapa ho sebedisa GPS ho molemo ho feta ho botsa batho. Lebaka ke hore o tla dula o e na le mmapa le GPS ha o ntse o tsamaya, mme di tla o thusa hore o fihle moo o yang.

Bibele e ka o thusa ka tsela e tshwanang!

Buka ena e rekwang ka ho fetisisa e leng Bibele e ka

  • o thusa ha o na le mathata

  • o thusa hore o itsebe le ho ntlafatsa botho ba hao

  • o thusa hore o phele bophelo bo kgotsofatsang

DIKARABO TSA DIPOTSO TSA BOHLOKWA BOPHELONG

Re botsa dipotso ho tloha feela ha re qala ho bua.

  • Bana ba tswa kae?

  • Modimo o dula kae?

Ha nako e ntse e ya, re botsa dipotso ka dintho tse etsahalang lefatsheng.

  • Ke hobaneng ha ho etsahala dintho tse bohloko?

  • Ke hobaneng ha batho ba e shwa?

Na o ne o tseba hore haesale dikarabo tsa dipotso tseo di le teng ka Bibeleng?

Batho ba bangata ba re Bibele e tletse ditshomo, e siilwe ke nako kapa ho thata ho e utlwisisa. Empa na Bibele ke yona e nang le bothata kapa bothata bo ho seo batho ba se utlwileng ka yona? Na ho ka etsahala hore ebe ba boleletswe mashano?

Ka mohlala, batho ba nahana hore Bibele e re Modimo ke yena ya busang lefatshe. Empa na seo ke nnete? Lefatshe lena le tswile taolong! Le tletse ka dintho tse re utlwisang bohloko le mathata, ho kula le lefu, bofutsana le dikoduwa. Ke jwang Modimo ya lerato a ka bakang dintho tsee tsohle?

Na o ka rata ho fumana karabo? O ka nna wa makala ha o utlwa hore na Bibele e re ke mang ya busang lefatshe!

Mohlomong o hlokometse hore keletso eo bukana ena e fanang ka yona e thehilwe Bibeleng. Dipaki Tsa Jehova di kgodisehile hore Bibele ke yona e fanang ka tataiso eo re ka e tshepang. Lebaka ke hobane ‘e buduletswe ke Modimo mme e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho kgalemela, bakeng sa ho otlolla dintho.’ (2 Timothea 3:16, 17) E ka ba hantle hore o hlahlobisise buka ena eo le hoja e ngotswe kgale, molaetsa wa yona o ntseng o le nakong!

FUMANA DINTLHA TSE DING!

Ke hobaneng ha o lokela ho ithuta Bibele?

Shebella video ya Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele? ho www.jw.org/st-za.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share