THUTO YA 1
Modimo o Entse Lehodimo le Lefatshe
Jehova Modimo ke Mmopi wa rona. O entse dintho tsohle. Tse ding re a di bona empa tse ding ha re di bone. Pele a etsa dintho tseo re di bonang, o ile a etsa mangeloi a mangata. Na o a tseba hore mangeloi keng? Mangeloi ke batho ba tshwanang le Jehova, bao a ba bopileng. Re ke ke ra a bona feela jwalo ka ha re ke ke ra bona Modimo. Lengeloi la pele leo Jehova a le entseng le ile la sebetsa le yena, la mo thusa ho etsa dinaledi, dipolanete le dintho tse ding kaofela. E nngwe ya dipolanete tseo ke lefatshe, e leng lehae la rona le letle.
Jehova o ile a lokisa lefatshe e le hore batho le diphoofolo ba dule ho lona. A etsa hore kganya ya letsatsi e tjhabele lefatsheng mme a etsa dithaba, mawatle le dinoka.
Jehova o ile a etsang ka mora moo? O ile a re: ‘Ke tlo etsa jwang, dimela le difate.’ Yaba ho hlaha ditholwana, meroho le dipalesa tsa mefutafuta. Ka mora moo, Jehova a etsa diphoofolo tse fofang, tse phelang metsing le tse tsamayang fatshe. A etsa tse nyenyane jwalo ka mmutlanyane le tse kgolo jwalo ka tlou. Wena o rata phoofolo efe?
Jwale Jehova a re ho lengeloi la pele: “A re etse motho.” Batho ha ba tshwane le diphoofolo. Ba tseba ho qapa dintho. Ba tseba ho bua, ho tsheha le ho rapela. Ba ka kgona ho hlokomela lefatshe le diphoofolo. Na o a tseba hore motho wa pele ke mang? A re bone.
“Qalong Modimo o ile a bopa mahodimo le lefatshe.”—Genese 1:1