LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 9 leq. 28-leq. 29 ser. 1
  • Abrahama le Sara ba ba le Mora

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Abrahama le Sara ba ba le Mora
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Modimo o ne a mo Bitsa “Kgosatsana”
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • “O Mosadi ya Nang le Ponahalo e Ntle”
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Na o Emetse “Motse o Nang le Metheo ya Sebele”?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 9 leq. 28-leq. 29 ser. 1
Sara o ka tenteng o mametse ha mangeloi a ntse a bua le Abrahama

THUTO YA 9

Abrahama le Sara ba ba le Mora

E se e le dilemo tse ngata Abrahama le Sara ba nyalane. Ba ne ba tlohile motseng wa habo bona o ruileng wa Ure mme jwale ba dula ditenteng. Empa Sara o ne a sa belaele ka seo ka ha o ne a tshepile Jehova.

Sara o ne a batla ngwana hoo a ileng a re ho Abrahama: ‘Haeba Hagare mosebeletsi wa ka a ka ba le ngwana, ho tla tshwana le ha e le wa ka.’ Ha nako e ntse e ya Hagare o ile a ba le mora. Lebitso la hae e ne e le Ishmaele.

Sara o imme

Ha Abrahama a le dilemo di 99 mme Sara a le dilemo di 89, ba ile ba ba le baeti ba bararo. Abrahama o ile a re ba dule tlasa sefate mme a ba fa dijo. Na o a tseba hore baeti bao e ne e le bomang? E ne e le mangeloi. A ile a re ho Abrahama: ‘Selemong se tlang ka yona nako ena, wena le mosadi wa hao le tla ba le mora.’ Sara o ne a le ka tenteng a mametse ha mangeloi a ntse a bua. O ile a tsheha mme a re ka pelong: ‘Na ka nnete nka ba le ngwana empa ke tsofetse tjee?’

Selemong se latelang, Sara o ile a ba le mora feela jwalo ka ha lengeloi la Jehova le ne le boletse. Abrahama o ile a mo reha Isaka, e bolelang ‘Thabo.’

Ha Isaka a le dilemo di ka bang hlano, Sara o ile a hlokomela hore Ishmaele o ne a soma Isaka. O ne a batla ho sireletsa mora wa hae. Ka hoo, a kopa Abrahama hore a leleke Hagare le mora wa hae Ishmaele. Qalong, Abrahama o ne a sa batle ho ba leleka. Empa Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Mamela seo Sara a se buang. Ke tla hlokomela Ishmaele. Ha e le hantle, ke tla phethahatsa ditshepiso tsa ka ka Isaka.’

Sara o tshwere Isaka ha Hagare le Ishmaele ba tsamaya

“Ka ha Sara le yena o ne a ena le tumelo, o ile a fuwa matla a ho ba le bana . . . hobane o ile a nka hore ya neng a tshepisitse o a tshepahala.”​—Baheberu 11:11

Dipotso: Sara o ile a utlwa mangeloi a reng ho Abrahama? Jehova o ile a sireletsa Isaka jwang?

Genese 16:​1-4, 15, 16; 17:​25-27; 18:​1-15; 21:​1-14; Baheberu 11:11

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share