LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 8 leq. 26-leq. 27 ser. 1
  • Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Na o Emetse “Motse o Nang le Metheo ya Sebele”?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Abrahama o ne a Ena le Tumelo e Matla
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • “O Mosadi ya Nang le Ponahalo e Ntle”
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Abrahama le Sara ba ba le Mora
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 8 leq. 26-leq. 27 ser. 1
Abrahama le Sara ba nka dintho tsa bona ba tloha Ure

THUTO YA 8

Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo

Haufi le Babele ho ne ho ena le motse o bitswang Ure. Batho ba moo ba ne ba rapela medimo e meng eseng Jehova. Empa ho ne ho ena le monna ya neng a rapela Jehova feela. Lebitso la hae e ne e le Abrahama.

Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Tloha motseng wa heno le ho batho ba heno, o ye naheng eo ke tla o bontsha yona.’ Yaba Modimo o re ho yena: ‘O tla fetoha setjhaba se seholo mme ke tla etsetsa batho kaofela lefatsheng dintho tse ntle ka lebaka la hao.’

Abrahama o ne a sa tsebe hore na Jehova o mo roma hokae empa o ile a tshepa Jehova. Yaba Abrahama, mosadi wa hae Sara, ntate wa hae Tera le ngwana wa abuti wa hae ya bitswang Lota, ba mamela taelo ya Jehova. Ba ile ba nka dintho tsohle tsa bona yaba ba a tsamaya.

Abrahama o ne a le dilemo di 75 ha yena le ba lelapa la hae ba fihla naheng eo Jehova a ba isitseng ho yona. Naha eo e bitswa Kanana. Ha ba le moo Modimo o ile a tshepisa a re: ‘Naha ena kaofela eo o e bonang ke tla e fa bana ba hao.’ Jehova o ne a tla fa bana ba Abrahama naha eo jwang hobane yena le Sara ba ne ba se ba tsofetse hape ba se na bana?

Abrahama le lelapa la hae ba leetong le yang Kanana

“Ka ha Abrahama o ne a ena le tumelo, . . . o ile a mamela ka hore a ye sebakeng seo a neng a tlo se fuwa e le lefa. O ile a tsamaya le hoja a ne a sa tsebe hore na o ya hokae.”​—Baheberu 11:8

Dipotso: Jehova o ile a re Abrahama a etseng? Jehova o ile a tshepisa Abrahama eng?

Genese 11:​29–12:9; Diketso 7:​2-4; Bagalata 3:6; Baheberu 11:8

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share