LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 11 leq. 32-leq. 33 ser. 2
  • Abrahama o ne a Ena le Tumelo e Matla

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Abrahama o ne a Ena le Tumelo e Matla
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Modimo
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Na o Emetse “Motse o Nang le Metheo ya Sebele”?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 11 leq. 32-leq. 33 ser. 2
Abrahama le Isaka ba ya Moria

THUTO YA 11

Abrahama o ne a Ena le Tumelo e Matla

Abrahama o ile a ruta mora wa hae Isaka hore a rate Jehova le hore a tshepe ditshepiso tsohle tsa hae. Empa ha Isaka a le dilemo di ka bang 25, Jehova o ile a re Abrahama a etse ntho e boima haholo. O ile a re a etseng?

Modimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore o nke mora wa hao ya mong, o mo etse sehlabelo ho e nngwe ya dithaba tse naheng ya Moria.’ Abrahama o ne a sa tsebe hore na ke hobaneng ha Jehova a ne a re a etse jwalo. Empa o ile a etsa seo Jehova a itseng a se etse.

Letsatsi le latelang hoseng, Abrahama o ile a kena tseleng le Isaka le bahlanka ba hae ba babedi, ba ya thabeng ya Moria. Ka mora matsatsi a mararo, ba bonela thaba eo hole. Abrahama o ile a re bahlanka ba hae ba sale moo, ha yena le Isaka ba ilo etsa sehlabelo. O ile a fa Isaka patsi mme yena a nka thipa. Isaka o ile a botsa ntate wa hae a re: ‘E hokae nku eo re tlo etsa sehlabelo ka yona?’ Abrahama a re: ‘Mora wa ka, Jehova o tla re fa yona.’

Qetellong ha ba fihla thabeng eo, ba haha aletare. Yaba Abrahama o tlama Isaka maoto le matsoho, o mo beha hodima aletare.

Isaka o tlameletswe aletareng mme Abrahama o tshwere thipa

Abrahama o ile a ntsha thipa. Hanghang lengeloi la Jehova la hweletsa Abrahama le le lehodimong, la re: ‘Abrahama! O se ke wa bolaya mora wa hao. Jwale ke a tseba hore o na le tumelo ho Modimo hobane ha wa hana ho etsa sehlabelo ka mora wa hao.’ Abrahama o ile a bona nku e le hara sehlahla. Yaba o fasolla Isaka maoto le matsoho mme o etsa sehlabelo ka nku eseng ka Isaka.

Ho tloha letsatsing leo, Jehova o ile a bitsa Abrahama motswalle wa hae. Hobaneng? Abrahama o ne a etsa ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a re a e etse, le ha a ne a sa utlwisise hore na ke hobaneng ha Jehova a re a e etse.

Abrahama o fasolla Isaka

Jehova o ile a tshepisa Abrahama a re: ‘Ke tla o hlohonolofatsa mme bana ba hao ba tla ba bangata.’ Sena se bolela hore Jehova o ne a tla sebedisa lelapa la Abrahama ho hlohonolofatsa batho bohle ba lokileng.

“Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya mong e le hore e mong le e mong ya bontshang hore o dumela ho yena a se ke a timetswa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”​—Johanne 3:16

Dipotso: Abrahama o ile a bontsha jwang hore o tshepa Jehova? Jehova o ile a tshepisa Abrahama eng?

Genese 22:​1-18; Baheberu 11:​17-19; Jakobo 2:​21-23

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share