LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 10 leq. 30
  • Hopolang Mosadi wa Lota

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Hopolang Mosadi wa Lota
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Tshehetsa ba Bang ha ba Tobane le Mathata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Hopola Mosadi wa Lota
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 10 leq. 30
Mosadi wa Lota o fetoha seemahale sa letswai ha Lota le baradi ba hae ba baleha motseng wa Sodoma

THUTO YA 10

Hopolang Mosadi wa Lota

Lota o ne a dula le rangwane wa hae Abrahama naheng ya Kanana. Ha nako e ntse e ya, Abrahama le Lota ba ile ba ba le diphoofolo tse ngata haholo mme ka lebaka leo makgulo a ne a haella. Abrahama o ile a re ho Lota: ‘Re ke ke ra kgona ho dula mmoho. Ke kopa o kgethe sebaka seo o batlang ho ya ho sona. Nna ke tla nka sebaka se setseng.’ Na o a bona hore Abrahama o ne a sa batle hore e be yena ya kgethang pele?

Lota o ile a bona sebaka se setle haufi le motse wa Sodoma. Se ne se ena le metsi a mangata le jwang bo botala. O ile a kgetha ho ya sebakeng seo mme a dula ho sona le ba lelapa la hae.

Batho ba Sodoma le ba motseng o mong o haufi le moo wa Gomora, ba ne ba etsa dintho tse mpe. Ba ne ba le babe hoo Jehova a ileng a kgetha ho ba fedisa. Modimo o ne a batla ho sireletsa Lota le ba lelapa la hae. Ka hoo, a romela mangeloi a mabedi hore a re ho bona: ‘Potlakang! Tswang sebakeng sena. Jehova o tlo fedisa motse ona.’

Lota ha a ka a tsamaya hanghang. O ile a dieha. Yaba mangeloi a tshwara Lota, mosadi wa hae le baradi ba hae ka matsoho a ba ntshetsa ka ntle ho motse, a re: ‘Balehang e le hore le pholohe! Le se ke la hetla, ha le ka hetla le tla shwa.’

Ho na mollo le sebabole motseng wa Sodoma le Gomora

Ha ba fihla motseng wa Zoware, Jehova a fedisa motse wa Sodoma le wa Gomora ka mollo le sebabole. Mosadi wa Lota ha a ka a mamela Jehova. O ile a hetla yaba o fetoha seemahale sa letswai. Empa Lota o ile a sireletseha ha mmoho le baradi ba hae, ka ha ba ile ba mamela Jehova. Mosadi wa Lota ha a ka a mamela Modimo mme e tlameha ebe seo se ile sa utlwisa Lota le baradi ba hae bohloko haholo. Le ha ho le jwalo, ba ne ba thabisitswe ke hore ebe bona ba ile ba mamela Jehova.

“Hopolang mosadi wa Lota.”​—Luka 17:32

Dipotso: Ke hobaneng ha Jehova a ile a fedisa motse wa Sodoma le wa Gomora? Ke hobaneng ha mosadi wa Lota a ile a fetoha seemahale sa letswai?

Genese 13:​1-13; 19:​1-26; Luka 17:​28, 29, 32; 2 Petrose 2:​6-9

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share