LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb18 August leq. 3
  • Hopola Mosadi wa Lota

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Hopola Mosadi wa Lota
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Dintlha tse Ding
  • Hopolang Mosadi wa Lota
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Pele ke ne ke le Mofutsana, Empa Jwale ke Morui
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Tshehetsa ba Bang ha ba Tobane le Mathata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
mwb18 August leq. 3
Mosadi wa Lota o hetla morao mme o sheba Sodoma ebe o fetoha seemahale sa letswai

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Hopola Mosadi wa Lota

Ke hobaneng ha mosadi wa Lota a ile a hetla morao ha a ne a baleha Sodoma? Bibele ha e bolele. (Ge 19:17, 26) Le ha ho le jwalo, mantswe a Jesu a lemosang a bontsha hore e ka nna yaba o ne a nahana ka dintho tseo a di siileng morao. (Lu 17:31, 32) Ho fapana le mosadi wa Lota, re lokela ho etsang e le hore Modimo a dule a re amohela? Ho lelekisa maruo ha ho a lokela ho tla pele bophelong ba rona. (Mat 6:33) Jesu o ile a ruta hore re ke ke ra “ba makgoba a Modimo le a Maruo.” (Mat 6:24) Empa re lokela ho etsang ha re lemoha hore maruo a qala ho sitisa tsela eo re sebeletsang Modimo ka yona? Re lokela ho rapela Jehova hore a re thuse ho lemoha moo re lokelang ho etsa diphetoho le hore a re fe sebete le matla a ho di etsa.

NAHANA KA VIDEO E NANG LE DIKAROLO TSE THARO YA HOPOLA MOSADI WA LOTA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Anna o mosebetsing; Gloria o na le malome wa hae; Brian and Gloria ba rapela mmoho

    Nka bontsha jwang ka diketso hore ke ‘hopola mosadi wa Lota’?

    Kgatello ya hore Gloria a etse tjhelete e ngata e ile ya ama monahano, dipuo le diketso tsa hae jwang?

  • Mohlala wa mosadi wa Lota o re lemosa jwang kajeno?

  • Ho sebedisa melaomotheo ya Bibele ho thusitse Joe le lelapa la hae jwang?

  • Metswalle ya Anna ya mosebetsing e ile ya sitisa tsela eo a sebeletsang Jehova ka yona jwang?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho bontsha sebete ha re le tlasa kgatello ya ho lelekisa tjhelete?

  • Brian le Gloria ba ile ba etsang e le hore ba boele ba sebeletse Modimo ntle ho tshitiso?

  • O hlokometse melaomotheo efe videong ee?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share