THUTO YA 14
Lekgoba le Ileng la Mamela Modimo
Josefa e ne e le e mong wa bara ba Jakobo. Boabuti ba hae ba ne ba tseba hore ntate wa bona o mo rata haholo. O nahana hore ba ne ba ikutlwa jwang? Ba ne ba le mona ebile ba mo hloile. Josefa o ile a lora ditoro tse sa tlwaelehang mme a di bolella bana babo. Ba ile ba nahana hore ditoro tseo di bolela hore ka le leng ba tla lokela ho mo kgumamela. Ka hoo, ba mo hloya le ho feta.
Ka letsatsi le leng, bana ba bo Josefa ba ne ba disitse dinku haufi le motse wa Shikeme. Yaba Jakobo o roma Josefa hore a yo ba sheba hore na ba ntse ba le hantle. Ba ile ba bona Josefa a sa tla le hole, yaba ba re: ‘Raditoro yane ke eo a tla. A re mo bolayeng.’ Ba mo tshwara, ba mo lahlela ka sekoting se tebileng. Empa abuti wa hae e mong ya bitswang Juda a re: ‘A re se keng ra mo bolaya. A re mo rekiseng hore e yo ba lekgoba.’ Ka hoo, ba mo rekisetsa Bamidiane ba neng ba ya Egepeta ka ditjhelete tse 20 tsa silevera.
Yaba boabuti ba Josefa ba kenya seaparo sa hae ka mading a podi, ba se isa ho ntate wa bona mme ba re: ‘Na seaparo see ha se sa mora wa hao?’ Jakobo o ne a nahana hore Josefa o bolailwe ke phoofolo e hlaha. Ka hoo, a utlwa bohloko haholo. Ho ne ho se na motho ya ka kgonang ho mo tshedisa.
Josefa o ile a rekisetswa molaodi wa Egepeta ya bitswang Potifaro. Empa Jehova ha a ka a mo lahla. Potifaro o ile a bona hore Josefa o sebetsa ka thata le hore o a tshepahala. Ka hoo, a mo beha hore a hlokomele dintho tsohle tsa ntlo ya hae.
Mosadi wa Potifaro o ile a bona hore Josefa o motle ebile o matla. Letsatsi le leng le le leng o ne a kopa Josefa hore a robale le yena. Josefa o ile a etsang? O ile a hana, a re: ‘Nke ke ka robala le wena hobane ho etsa jwalo e tla be e le ntho e fosahetseng. Potifaro o a ntshepa mme wena o mosadi wa hae. Haeba ke robala le wena, ke tla be ke entse sebe mahlong a Modimo.’
Ka letsatsi le leng, mosadi wa Potifaro a leka hape ho qobella Josefa hore a robale le yena. A mo tshwara ka diaparo empa Josefa a baleha. Ha Potifaro a fihla hae, mosadi wa hae a re Josefa o mo hlekefeditse. O ne a sa bue nnete. Potifaro a halefa haholo yaba o kwalla Josefa teronkong. Empa Jehova ha a ka a lebala Josefa.
“Le ikokobeletse Modimo ya matla e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.”—1 Petrose 5:6