LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 15 leq. 42-leq. 43 ser. 3
  • Jehova ha a ka a Lebala Josefa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova ha a ka a Lebala Josefa
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Lekgoba le Ileng la Mamela Modimo
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Jehova o a o Thusa ha o Ena le Mathata
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 15 leq. 42-leq. 43 ser. 3
Josefa o hlalosetsa Faro ditoro tsa hae

THUTO YA 15

Jehova ha a ka a Lebala Josefa

Ha Josefa a ntse a le teronkong, morena wa Egepeta ya bitswang Faro o ile a lora ditoro tseo ho neng ho se motho ya ka di hlalosang. Mohlanka e mong wa Faro a mo bolella hore Josefa a ka kgona ho hlalosa ditoro tseo. Yaba Faro o re Josefa a bitswe hanghang.

Faro a mo botsa a re: ‘Na o ka kgona ho hlalosa ditoro tsa ka?’ Josefa a re ho Faro: ‘Egepeta e tla ba le dijo tse ngata ka dilemo tse supileng mme ka mora moo ho be le tlala ka dilemo tse ding tse supileng. Kgetha motho ya bohlale hore a bokelle dijo e le hore setjhaba sa hao se se ke sa bolawa ke tlala.’ Faro a re: ‘Ke kgetha wena. Ka mora ka, e tla ba wena motho ya phahameng haholo mona Egepeta.’ Josefa o tsebile jwang hore na ditoro tsa Faro di bolelang? O ne a thusitswe ke Jehova.

Josefa o bontsha batho hore na ba behe dijo hokae

Josefa o ile a qeta dilemo tse supileng a ntse a bokella dijo. Ka mora moo, ha eba le tlala hohle feela jwalo ka ha a buile. Batho ba tswang dibakeng tse ding ba tla ho tla reka dijo ho yena. Jakobo ntate wa Josefa o ne a utlwetse hore ho na le dijo Egepeta, yaba o roma bara ba hae ba leshome hore ba yo di reka.

Bara ba Jakobo ba ile ba ya ho Josefa mme hanghang a bona hore ke bana babo. Empa bona ba ne ba sa tsebe hore ke Josefa. Ba mo kgumamela feela jwalo ka ha Josefa a ne a lorile ha a sa le monyenyane. Josefa o ne a batla ho bona hore na bana babo ba ntse ba le pelo e mpe kapa tjhe. Yaba o re ho bona: ‘Le dihlwela. Le batla ho bona hore na naha ya rona e fokola hokae.’ Ba re: ‘Tjhe. Re tswa Kanana ebile re bana ba motho ba 12. Ngwanabo rona e mong o hlokahetse, athe e monyenyane o setse hae le ntate wa rona.’ Josefa a re ho bona: ‘Ha le bue nnete. Tloong le yena ke mo bone.’ Ka hoo, ba kgutlela hae ho ntate wa bona.

Ha dijo tseo di fela, Jakobo a boela a roma bara ba hae Egepeta. Lekgetlong lena ba tsamaya le Benjamine ngwanabo bona e monyenyane. E le ho ba leka, Josefa a pata kopi ya hae ya silevera ka mokotleng wa Benjamine mme a re bana babo ba e utswitse. Ba ile ba tshoha ha bahlanka ba Josefa ba fumana kopi eo ka mokotleng wa Benjamine. Ba kopa Josefa hore a mpe a fe bona kotlo ho ena le ho e fa Benjamine.

Jwale Josefa a bona hore bana babo ba fetohile. O ne a se a sa kgone ho itshwara. A qala ho lla haholo mme a re: ‘Ke nna Josefa, ngwanabo lona. Na ntate o ntse a phela?’ Bana babo ba makala haholo. A re ho bona: ‘Le se ke la utlwa bohloko ka seo le nkentseng sona. Modimo o ntlisitse mona hore ke kgone ho le thusa. Jwale potlakang mme le tle le ntate.’

Ba kgutlela hae, ba bolella ntate wa bona sohle se etsahetseng mme ba ya le yena Egepeta. Ka mora dilemo tse ngata, Josefa le ntate wa hae ba boela ba kopana.

Josefa le ntate wa hae Jakobo ba a dumedisana

“Haeba le sa tshwarele batho diphoso tsa bona, Ntate wa lona le yena a ke ke a le tshwarela.”​—Matheu 6:15

Dipotso: Jehova o ile a thusa Josefa jwang? Josefa o ile a bontsha jwang hore o tshwaretse bana babo?

Genese 40:1–45:​28; 46:​1-7, 26-34; Pesaleme ya 105:​17-19; Diketso 7:​9-15

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share