LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 30 leq. 76
  • Rahaba o Pata Dihlwela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Rahaba o Pata Dihlwela
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 30 leq. 76
Rahaba o sireletsa dihlwela mme o supisa masole tsela esele

THUTO YA 30

Rahaba o Pata Dihlwela

Ha dihlwela tsa Baiseraele di fihla motseng wa Jeriko, di ile tsa dula ha mosadi e mong ya bitswang Rahaba. Morena wa Jeriko o ile a tseba hore di teng, yaba o romela masole ha Rahaba. Rahaba o ile a pata dihlwela tseo ka marulelong mme a supisa masole ao tsela esele. A re ho dihlwela tseo: ‘Ke tla le thusa ka ha ke a tseba hore Jehova o na le lona le hore le tlo hapa naha ena. Ke kopa le ntshepise hore le tla sireletsa ba lelapa leso.’

Dihlwela tseo tsa re ho Rahaba: ‘Re a o tshepisa hore bohle ba ka tlung ya hao ba tla sireletseha.’ Tsa boela tsa re: ‘O tlame thapo ena e kgubedu fensetereng ya hao mme ba lelapa leno ba tla sireletseha.’

Ntlo ya Rahaba e tlameletsweng thapo e kgubedu fensetereng, ha e a ka ya wa ha marako a Jeriko a wa

Rahaba o ile a ntsha dihlwela tseo ka fensetere mme tsa theoha ka thapo. Tsa balehela dithabeng. Di ile tsa ipata moo ka matsatsi a mararo, yaba di kgutlela ho Joshua. Yaba Baiseraele ba tshela Noka ya Jordane mme ba itokisetsa ho hapa naha. Jeriko ke motse wa pele oo ba ileng ba o hapa. Jehova o ile a re ba pote motse oo hanngwe ka letsatsi ka matsatsi a tsheletseng. Ka letsatsi la bosupa ba o pota ka makgetlo a supileng. Ka mora moo, baprista ba letsa diterompeta tsa bona mme masole a hweletsa. Marako a motse a ile a wa. Empa ntlo ya Rahaba, e neng e itshetlehile ka lebota, ha ya ka ya wa. Jehova a sireletsa Rahaba le ba lelapa labo ka ha Rahaba o ne a mo tshepile.

“Rahaba . . . le yena o ile a nkwa a lokile ka lebaka la diketso tsa hae ka mora hore a amohele baromuwa ha hae le ho ba thusa hore ba balehe.”​—Jakobo 2:25

Dipotso: Ke hobaneng ha Rahaba a ile a thusa dihlwela? Baiseraele ba ile ba hlasela Jeriko jwang? Ho ile ha etsahalang ka Rahaba le ba lelapa labo?

Joshua 2:​1-24; 6:​1-27; Baheberu 11:​30, 31; Jakobo 2:​24-26

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share