LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 29 leq. 74-leq. 75 ser. 2
  • Jehova o Kgetha Joshua

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Kgetha Joshua
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Dihlwela Tse 12
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 29 leq. 74-leq. 75 ser. 2
Baprista ba tshela Noka ya Jordane ba jere areka ya selekane

THUTO YA 29

Jehova o Kgetha Joshua

Joshua o bala Molao

Moshe o ne a qetile dilemo tse ngata e le moetapele wa setjhaba sa Iseraele mme jwale a le haufi le ho shwa. Jehova o ile a re ho yena: ‘Ha se wena ya tla kenya Baiseraele Naheng e Tshepisitsweng. Empa ke tla o dumella hore o e bone.’ Moshe a kopa Jehova hore a kgethe moetapele e motjha ya tla hlokomela setjhaba. Jehova o ile a re ho yena: ‘Eya ho Joshua, o mo bolelle hore e tla ba yena moetapele.’

Moshe o ile a bolella setjhaba hore o haufi le ho shwa le hore Jehova o kgethile Joshua hore e be moetapele wa bona ho ba kenya Naheng e Tshepisitsweng. Yaba Moshe o re ho Joshua: ‘O se ke wa tshoha. Jehova o tla o thusa.’ Nakwana ka mora moo, Moshe a nyolohela Thabeng ya Nebo mme ha a le moo Jehova a mo bontsha naha eo a e tshepisitseng Abrahama, Isaka le Jakobo. Moshe o shwele a le dilemo di 120.

Moshe o hlahisa Joshua ka pela baprista le banna ba bang

Jehova o ile a re ho Joshua: ‘Tshela Noka ya Jordane mme o kene Kanana. Ke tla o thusa feela jwalo ka ha ke ile ka thusa Moshe. Etsa bonnete ba hore o bala Molao wa ka letsatsi le leng le le leng. O se ke wa tshoha. Eba sebete. Eya mme o etse seo ke o laetseng sona.’

Joshua o ile a romela dihlwela tse pedi motseng wa Jeriko. Kgaolong e latelang, re tlo ithuta hore na ho ile ha etsahalang ha ba le moo. Ha ba kgutla, ba ile ba mo bolella hore eo ke nako e loketseng ya hore ba kene Kanana. Letsatsi le latelang, Joshua o ile a bolella setjhaba hore se itokisetse ho tsamaya. Yaba o re baprista ba jereng areka ya selekane e be bona ba tshelang pele Nokeng ya Jordane. Noka e ne e tletse. Empa hang ha baprista ba kenya maoto ka metsing, noka ya kgaotsa ho phalla mme metsi a oma. Baprista ba tsamaya moo ho ommeng mme ba fihla ba ema bohareng ba noka ho fihlela setjhaba sohle sa Iseraele se tshetse. Na ebe mohlolo oo o ile wa ba hopotsa seo Jehova a ileng a se etsa Lewatleng le Lefubedu?

Qetellong ya dilemo tseo tse ngata, Baiseraele ba ile ba kena Naheng e Tshepisitsweng. Ba ile ba haha matlo le metse. Ba lema masimo, difate tsa morara le tsa ditholwana tse ding. E ne e le naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.

“Ka mehla Jehova o tla le etella pele, a le kgotsofatse esita le ha le le naheng e otluweng ke komello.”​—Esaia 58:11

Dipotso: Ke mang ya ileng a etella Baiseraele pele ka mora lefu la Moshe? Ho ile ha etsahalang Nokeng ya Jordane?

Numere 27:​12-23; Deuteronoma 31:​1-8; 34:​1-12; Joshua 1:1–3:17

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share