LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 37 leq. 90-leq. 91 ser. 1
  • Jehova o Bua le Samuele

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Bua le Samuele
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Re Ithutang Bophelong ba Samuele?
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Le Hoja Jehova a le Matla Ohle, o Nahanela Batho
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 37 leq. 90-leq. 91 ser. 1
Samuele o bula mamati a tabernakele

THUTO YA 37

Jehova o Bua le Samuele

Moprista ya Phahameng Eli o ne a ena le bara ba babedi ba neng ba sebeletsa tabernakeleng e le baprista. Mabitso a bona e ne e le Hofni le Finease. Ba ne ba sa hlomphe melao ya Jehova ebile ba tshwara batho ba bang hampe. Ha Baiseraele ba etsetsa Jehova sehlabelo, Hofni le Finease ba ne ba inkela nama e ntle. Eli o ne a utlwa hore na bara ba hae ba etsang empa a sa ba kgalemele. Jehova o ile a etsang?

Samuele ha a ka a etsisa Hofni le Finease le hoja a ne a le monyenyane haholo ho bona. Seo sa etsa hore Jehova a mo rate. Ka le leng bosiu ha Samuele a robetse, a utlwa motho a mo bitsa. Yaba o a tsoha o mathela ho Eli, o re: ‘Ke nna enwa!’ Empa Eli a re: ‘Ha ke a o bitsa. Tsamaya o yo robala.’ Ka hoo, Samuele a kgutlela dikobong. Yaba o utlwa motho a mo bitsa hape. Ha sena se etsahala ka lekgetlo la boraro, Eli a hlokomela hore Samuele o ntse a bitswa ke Jehova. Eli a bolella Samuele hore ha a utlwa motho a mo bitsa hape, a re: ‘Bua Jehova. Mohlanka wa hao o mametse.’

Samuele o bolella Eli hore na Jehova o itseng

Samuele a kgutlela dikobong. Yaba o utlwa motho a mo bitsa a re: ‘Samuele! Samuele!’ A araba a re: ‘Bua, mohlanka wa hao o mametse.’ Jehova a re ho yena: ‘Bolella Eli hore ke tlo mo fa kotlo, yena le ba lelapa la hae. O a tseba hore bara ba hae ba etsa dintho tse mpe tabernakeleng empa ha a ba kgalemele.’ Hoseng ka le hlahlamang, Samuele a bula mamati a tabernakele jwalo ka ha a tlwaetse. O ne a tshaba ho bolella moprista ya phahameng hore na Jehova o itseng. Empa Eli a mo bitsa mme a re: ‘Mora wa ka, Jehova o itseng ho wena? Mpolelle.’ Ka hoo, Samuele a bolella Eli ntho e nngwe le e nngwe.

Ha Samuele a ntse a hola, Jehova a tswela pele ho mo rata. Baiseraele bohle ba tseba hore Jehova o kgethile Samuele hore ebe moprofeta le moahlodi.

“O hopole Mmopi wa hao e Moholo o sa le motjha.”​—Moeklesia 12:1

Dipotso: Samuele o ne a fapane jwang le Hofni le Finease? Jehova o ile a reng ho Samuele?

1 Samuele 2:​12-17, 22-26; 3:​1-21; 7:6

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share