LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb22 January leq. 13
  • Re Ithutang Bophelong ba Samuele?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re Ithutang Bophelong ba Samuele?
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dintlha tse Ding
  • Jehova o Bua le Samuele
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Morena wa Pele wa Iseraele
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
mwb22 January leq. 13
Ditshwantsho: Ditshwantsho tse hlahang videong ya “Re Ithutang Mohlaleng wa Bona?​—Samuele.” 1. Dillo. 2. Samuele ya monyenyane.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Re Ithutang Bophelong ba Samuele?

Samuele o ile a tshepahalla Jehova bophelo bohle ba hae. Ha a ntse a hola ha a ka a itshwara hampe jwalo ka bara ba Eli e leng Hofni le Finease. (1Sa 2:22-26) Samuele o ile a tswela pele ho hola mme Jehova o ne a na le yena. (1Sa 3:19) Ha e se e le monna ya hodileng, o ile a tswela pele ho sebeletsa Jehova ka botshepehi le hoja bara ba hae ba sa ka ba etsa jwalo.​—1Sa 8:1-5.

Mohlala wa Samuele o re rutang? Haeba o motjha, kgodiseha hore Jehova o utlwisisa mathata ao o bang le ona le ka moo o ikutlwang ka teng. A ka o thusa hore o be sebete. (Esa 41:10, 13) Haeba o motswadi mme ngwana wa hao ha a sa sebeletsa Jehova, o ka kgothatswa ke mohlala wa Samuele ya sa kang a qobella bara ba hae ho sebeletsa Jehova. Samuele o ile a tlohella taba ena matsohong a Jehova, a dula a tshepahala le ho etsa dintho tse thabisang Ntate wa hae ya lehodimong Jehova. Ngwana wa hao a ka kgutlela ho Jehova ha a bona mohlala wa hao o motle.

SHEBELLANG VIDEO YA RE ITHUTANG MOHLALENG WA BONA?​—SAMUELE EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video ya “Re Ithutang Mohlaleng wa Bona?​—Samuele.” Samuele ya monyenyane o nkile patsi lebaleng la tabernakele.

    Samuele o ile a bontsha sebete jwang e sa le moshanyana?

  • Karolo ya video ya “Re Ithutang Mohlaleng wa Bona?​—Samuele.” Dillo o ya ho abuti wa hae mme o mo botsa ka tsela eo a phelang ka yona.

    Dillo o ile a bontsha sebete jwang?

  • Karolo ya video ya “Re Ithutang Mohlaleng wa Bona?​—Samuele.” Moprofeta Samuele ha e se e le monna ya hodileng.

    Samuele o ile a bontsha mohlala o motle jwang ha e se e le monna ya hodileng?

  • Karolo ya video ya “Re Ithutang Mohlaleng wa Bona?​—Samuele.” Batswadi ba Dillo ka mora hore ba etse bopaki ba phatlalatsa le Dillo.

    Jehova o tshehetsa batho ba dulang ba emela se nepahetseng

    Batswadi ba Dillo ba ile ba beha mohlala o motle jwang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share