LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 39 leq. 96
  • Morena wa Pele wa Iseraele

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Morena wa Pele wa Iseraele
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Kakaretso ya 1 Samuele
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Jesu o Kgetha Saule
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Davida le Saule
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 39 leq. 96
Morena Saule o tshwara Samuele ka seaparo mme se a taboha

THUTO YA 39

Morena wa Pele wa Iseraele

Jehova o ne a kgethile baahlodi hore ba etelle Baiseraele pele empa bona ba ne ba batla morena. Ba re ho Samuele: ‘Ditjhaba tse ding tsohle di na le marena. Le rona re batla morena.’ Taba eo ha e a ka ya tshwara Samuele hantle, ka hoo a rapela Jehova ka taba ena. Jehova a re ho yena: ‘Batho bana ha ba lahle wena. Ba lahla nna. Ba bolelle hore ba tla ba le morena empa morena eo o tla ba batla dintho tse ngata.’ Ho ntse ho le jwalo, Baiseraele ba re: ‘Ha ho na taba. Re batla morena.’

Jehova a bolella Samuele hore monna ya bitswang Saule e tla ba yena morena wa pele. Ha Saule a etetse Samuele motseng wa Rama, Samuele a mo tlotsa ka oli hloohong hore e be morena.

Ha morao Samuele a bitsa Baiseraele ho tla ba bontsha morena wa bona e motjha. Empa ha ba fihla, ba fumana Saule a le siyo. Na o a tseba hore na o ne a le hokae? O ne a ipatile hara thoto. Qetellong ha ba mo fumana, ba mo emisa ka pela setjhaba. Saule o ne a le molelele ho feta batho bohle mme a le motle haholo. Samuele a re: ‘Bonang motho eo Jehova a mo kgethileng hore e be morena wa lona.’ Baiseraele ba hweletsa ba re: ‘Morena a ke a phele!’

Qalong, Morena Saule o ne a mamela Samuele mme a hlompha Jehova. Empa ha nako e ntse e ya a fetoha. Ka mohlala, morena o ne a sa tshwanela ho etsa mahlabelo. Ka lekgetlo le leng, Samuele o ile a re Saule a mo emele empa a dieha ho tla. Yaba Saule o etsa qeto ya hore o tla etsa sehlabelo seo. Samuele o ile a reng? O ile a re: ‘O ne o sa lokela ho tlola molao wa Jehova.’ Na Saule o ile a ithuta phosong ya hae?

Ha morao ha Saule a ilo lwantsha Baamaleke, Samuele o ile a mo bolella hore a ba bolaye kaofela. Empa Saule a kgetha ho se bolaye Morena Agage. Jehova o ile a re ho Samuele: ‘Saule o mphuraletse, ha a sa mmamela.’ Samuele o ile a utlwa bohloko haholo mme a re ho Saule: ‘Ka ha ha o batle ho mamela, Jehova o tlo kgetha morena e mong.’ Ha Samuele a furalla a tsamaya, Saule a mo tshwara ka seaparo mme sa taboha. Yaba Samuele o re ho Saule: ‘Jehova o tlo o amoha mmuso.’ Jehova o ile a fela a mo amoha ona mme a o fa motho ya mo ratang le ya mo mamelang.

“Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.”​—1 Samuele 15:22

Dipotso: Baiseraele ba ile ba kopa eng? Ke hobaneng ha Jehova a ile a lahla Saule?

1 Samuele 8:​1-22; 9:​1, 2, 15-17; 10:​8, 20-24; 13:​1-14; 15:​1-35

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share