LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 41 leq. 100-leq. 101 ser. 2
  • Davida le Saule

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Davida le Saule
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Kakaretso ya 1 Samuele
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Jesu o Kgetha Saule
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Phutheho ya “Eba le Kgotso”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 41 leq. 100-leq. 101 ser. 2
Davida o hweletsa Saule

THUTO YA 41

Davida le Saule

Ka mora hore Davida a bolaye Goliathe, Morena Saule o ile a mo kgetha hore e be molaodi wa sesole sa hae. Davida o ile a hlola dintwa tse ngata mme a tsebahala haholo. Ka mehla ha Davida a tswa ntweng, basadi ba ne ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba tantsha mme ba bina ba re: ‘Saule o bolaile ba dikete, ha Davida yena a bolaile ba dikete tse mashome.’ Saule a ba mona mme a batla ho mo bolaya.

Davida o ne a letsa harepa ha monate. Ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a letsetsa Saule harepa, Saule o ile a mo betsa ka lerumo. Davida o ile a le qoba yaba le otla leboteng. Ka mora moo, Saule o ile a leka ka makgetlo a mangata ho mo bolaya. Qetellong Davida a baleha yaba o ipata ka ntle ho motse.

Davida o nka lerumo la Saule ha a ntse a robetse

Saule o ile a tsamaya le masole a 3 000 ho ya tsoma Davida. A kena ka lehaheng leo Davida le banna ba hae ba neng ba ipatile ka ho lona. Banna ba tsamayang le Davida ba re: ‘Ona ke monyetla wa hore o bolaye Saule.’ Yaba Davida o atamela pela Saule o seha seaparo sa hae. Empa Saule ha a ka a utlwa. Ka mora moo, Davida a ikwahlaela hore ebe ha a hlompha morena eo Jehova a mo kgethileng. O ile a hanela banna ba hae ho lwantsha Saule. A hweletsa Saule a mo bolella hore a ka be a mo bolaile ha a ne a batla ho mo bolaya. Na Saule o ile a fetola maikutlo a hae ka Davida?

Tjhe. Saule o ile a tswela pele ho tsoma Davida. Ka bosiu bo bong Davida le Abishai ba ile ba ya tenteng ya Saule. Ba fumana le molebedi wa Saule ya bitswang Abnere a robetse. Abishai a re: ‘Re fumane monyetla jwale. Ere ke mo bolaye.’ Davida a re: ‘Jehova ke yena ya tla ahlola Saule. A re nke lerumo la hae le jeke ya hae ya metsi.’

Davida a hlwella thabeng e haufi le moo Saule a neng a robetse teng. Yaba o a hweletsa o re: ‘Abnere, ke hobaneng ha o sa sireletsa morena wa hao? Lerumo la morena le jeke ya hae ya metsi di kae?’ Saule a tseba lentswe la Davida mme a re: ‘O ka be o mpolaile empa ha o a etsa jwalo. Ke a tseba hore o tlo ba morena ya latelang wa Iseraele.’ Ka mora moo, Saule a kgutlela ntlong ya hae ya borena. Le ha ho le jwalo, ha se bohle lelapeng la Saule ba neng ba hloile Davida.

“Le etse sohle seo le ka se kgonang e le hore le be le kgotso le batho bohle. Baratuwa, le se ke la iphetetsa empa le dumelle Modimo hore a bontshe kgalefo ya hae.”​—Baroma 12:​18, 19

Dipotso: Ke hobaneng ha Saule a ne a batla ho bolaya Davida? Ke hobaneng ha Davida a ile a hana ho bolaya Saule?

1 Samuele 16:​14-23; 18:​5-16; 19:​9-12; 23:​19-29; 24:​1-15; 26:​1-25

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share