LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 8 maq. 60-67
  • Phutheho ya “Eba le Kgotso”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Phutheho ya “Eba le Kgotso”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “Ekaba o Ntlhorisetsang?” (Diketso 9:​1-5)
  • “Saule, Ngwaneso, Morena . . . o Itse ke Tle ho Wena” (Diketso 9:​6-17)
  • ‘A Bolella Batho ka Jesu’ (Diketso 9:​18-30)
  • “Ba Bangata ba Dumela ho Morena” (Diketso 9:​31-43)
  • Jesu o Kgetha Saule
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Davida le Saule
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Morena wa Pele wa Iseraele
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 8 maq. 60-67

KGAOLO YA 8

Phutheho ya “Eba le Kgotso” Saule, ya neng a hlorisa

Bakreste ka sehloho, o fetoha mmoledi ya tjhesehang

E Thehilwe ho Diketso 9:​1-43

1, 2. Saule o ne a ikemiseditse ho etsa eng Damaseka?

BANNA ba hlokofetseng ba atamela Damaseka moo ba rerileng ho etsa bokgopo! Ba tla ntsha barutuwa ba Jesu malapeng ka ntshwe di sa fohlwa, ba ba tlame, ba ba hobose ebe ba ba hulanyetsa Jerusalema ho ya ahlolwa ke Lekgotla le Phahameng la Bajuda.

2 Saule, moetapele wa sehlopha sena o se a ntse a le madi matsohong.a Nakwana pele ho mona, o ne a thabetse ho bona ha batho ba tjhesehelang bodumedi jwalo ka yena ba tlepetsa Setefane ka majwe. Setefane e ne e le morutuwa wa Jesu ya inehetseng. (Dik. 7:​57–8:1) Ka ha Saule ha a kgotsofalla ho hlorisa balatedi ba Jesu ba dulang Jerusalema, o hlohlelletsa hore ba hloriswe le dibakeng tse ding. O batla ho fiela lequlwana lena le lenyokonyane le bitswang “Tsela ya Morena.”​—Dik. 9:​1, 2; sheba lebokose la sehlooho se reng: “Matla ao Saule a Neng a Ena le wona Damaseka.”

3, 4. (a) Saule o ile a etsahallwa ke eng? (b) Re tla tshohla dipotso dife?

3 Ka tshohanyetso, lesedi le kganyang le potoloha Saule. Ba tsamayang le yena ba bona lesedi empa ba ema tlekelele! Saule o a foufala mme o wela fatshe. Saule ha a sa bona, mme o utlwa lentswe le tswang lehodimong le re: “Saule, Saule, ekaba o ntlhorisetsang?” Saule o maketse, mme o re: “O mang Morena?” E tlameha ebe karabo eo Saule a e fumanang e mo tshosa haholo: “Ke nna Jesu, eo o mo hlorisang.”​—Dik. 9:​3-5; 22:9.

4 Re ka ithuta eng mantsweng a pele ao Jesu a a bolellang Saule? Ho hlahloba se ileng sa etsahala ha Saule a sokoloha ho ka re tswela molemo jwang? Seo phutheho e ileng ya se etsa ha ho eba le kgotso ka mora hore Saule a sokolohe se re ruta eng?

MATLA AO SAULE A NENG A ENA LE WONA DAMASEKA

Ho tlile jwang hore Saule a be le matla a ho tshwara Bakreste naheng eo e seng ya habo? Lekgotla le Phahameng la Bajuda le moprista ya phahameng ba ne ba ena le matla a ho bolella Bajuda hohle hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng, mme ho bonahala eka matla a moprista ya phahameng a ne a akarelletsa le matla a ho fana ka batho ba tlotseng molao. Ka hoo, mangolo a tswang ho moprista ya phahameng a ne a tla etsa hore baholo ba matlong a thapelo a Damaseka ba etse seo ba se bolellwang.​—Dik. 9:​1, 2.

Ho feta moo, Baroma ba ne ba file Bajuda matla a ho sebetsa dinyewe tsa bona. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore Bajuda ba shape moapostola Pauluse “dithupa tse 39.” (2 Bakor. 11:​24) Buka ya 1 Maccabees e bua ka lengolo leo lenģosa la Roma le ileng la le ngolla Ptolemy VIII wa Egepeta ka 138 B.C.E., mme lengolo leo le ne le ena le taelo e reng: “Haeba ho ena le banna le ha e le bafe ba kotsi ba balehileng naheng ya habo bona [ya Judea] ba tla moo, o nehelane ka bona ho moprista ya phahameng Simone, e le hore a ka ba ahlola ho latela molao wa bona.” (1 Macc. 15:​21) Ka 47 B.C.E., Juliase Sesare o ile a tiisa hore moprista ya phahameng o ntse a ena le matla ao a neng a ena le wona pele esita le tokelo ya ho rarolla ditsekisano tse amanang le meetlo ya Bajuda.

“Ekaba o Ntlhorisetsang?” (Diketso 9:​1-5)

5, 6. Re ka ithuta eng mantsweng ao Jesu a ileng a a bolella Saule?

5 Ha Jesu a emisa Saule tseleng e yang Damaseka, ha a ka a re: “Ekaba o hlorisetsang barutuwa ba ka?” Jwalo ka ha re bone, o itse: “Ekaba o ntlhorisetsang?” (Dik. 9:4) Ka sebele diteko tse hlahelang balatedi ba Jesu di mo ama ka ho toba.​—Mat. 25:​34-40, 45.

6 Haeba o hatellwa ka lebaka la ho dumela ho Kreste, kgodiseha hore Jehova le Jesu ba tseba seo. (Mat. 10:​22, 28-31) Mohlomong teko eo e ke ke ya tloha hona jwale. Hopola hore Jesu o ile a bona ka moo Saule a neng a kentse letsoho ka teng lefung la Setefane, a ba a bona ha Saule a ntsha barutuwa ba tshepahalang ka ntshwe di sa fohlwa matlong a bona Jerusalema. (Dik. 8:3) Le ha ho le jwalo, Jesu ha a ka a etsa letho ka nako eo. Empa Jehova o ile a sebedisa Kreste yaba o matlafatsa Setefane le barutuwa ba bang hore ba dule ba tshepahala.

7. Ke eng seo o lokelang ho se etsa hore o mamelle mahloriso?

7 Le wena o ka mamella mahloriso haeba o etsa dintho tse latelang: (1) Ikemisetse ho dula o tshepahala ho sa tsotellehe hore o hlahelwa ke eng. (2) Kopa thuso ya Jehova. (Bafil. 4:​6, 7) (3) Tlohella phetetso ho Jehova. (Bar. 12:​17-21) (4) Kgodiseha hore Jehova o tla o fa matla a ho mamella ho fihlela a bona ho loketse hore a tlose teko eo.​—Bafil. 4:​12, 13.

“Saule, Ngwaneso, Morena . . . o Itse ke Tle ho Wena” (Diketso 9:​6-17)

8, 9. Ho ka etsahala hore Ananiase o ile a ikutlwa jwang ka mosebetsi oo a o filweng?

8 Ha a qeta ho araba potso ya Saule e reng, “O mang Morena?” Jesu o ile a re ho yena: “Ema o ye motseng, o tla bolellwa hore na o etseng.” (Dik. 9:6) Saule ya foufetseng o ile a tataisetswa moo a dulang teng Damaseka, mme a itima dijo a ba a rapela ka matsatsi a mararo. Ka yona nako eo, Jesu o ile a bolella Ananiase ka Saule. Ananiase e ne e le morutuwa ya dulang motseng oo mme o ne “a buuwa hantle ke Bajuda bohle” ba dulang Damaseka.​—Dik. 22:12.

9 A ko nahane hore na Ananiase o ile a ferekana hakaakang! Hlooho ya phutheho, e leng Jesu Kreste ya tsositsweng bafung, o bua le yena ka ho toba, o mo kgethela hore a etse mosebetsi o kgethehileng. Ke tlotla e kaakang empa ke mosebetsi o boima hakaakang! Ha Ananiase a bolellwa hore o lokela ho bua le Saule, o ile a re: “Morena, ke utlwile batho ba bangata ba bua ka monna enwa le ka dintho tsohle tse mpe tseo a di entseng ho barutuwa ba hao Jerusalema. Hona jwale, baprista ba baholo ba mo file matla a ho tshwara bohle ba tshepetseng lebitsong la hao.”​—Dik. 9:​13, 14.

10. Ke eng seo re ithutang sona ka Jesu tseleng eo a ileng a tshwara Ananiase ka yona?

10 Jesu ha a ka a kgalemela Ananiase ha a mo tsebisa se mo tshwenyang. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a mo bolella ka ho hlaka hore na o lokela ho etsa eng. A ba a mo hlompha ka hore a mo bolelle lebaka leo ka lona a batlang hore a etse mosebetsi ona o sa tlwaelehang. Jesu o ile a re ka Saule: “Ke kgethile monna enwa hore a tsebise ditjhaba, marena le Baiseraele lebitso la ka. Ke tla mo hlakisetsa hore na ke dintho tse ngata tse bohloko hakae tse tla mo hlahela hobane e le morutuwa wa ka.” (Dik. 9:​15, 16) Hanghang Ananiase o ile a etsa seo Jesu a mo laetseng sona. O ile a batla Saule wa mohlorisi mme ha a mo fumana a re ho yena: “Saule ngwaneso, Morena Jesu ya hlahileng ho wena ha o le tseleng e tlang mona o itse ke tle ho wena e le hore o ka boela wa bona mme wa tlala moya o halalelang.”​—Dik. 9:17.

11, 12. Re ithuta eng diketsahalong tse amanang le Jesu, Ananiase le Saule?

11 Re ithuta dintlha tse mmalwa diketsahalong tse amanang le Jesu, Ananiase le Saule. Ka mohlala, Jesu o laola mosebetsi wa boboledi ka mafolofolo, jwalo ka ha a tshepisitse. (Mat. 28:​20) Le hoja Jesu a sa bue ka ho toba le batho kajeno, o laola mosebetsi wa boboledi ka mohlanka ya tshepahalang eo a mo kgethileng hore a okamele bahlanka ba hae ba ntlo. (Mat. 24:​45-47) Ba tataiswa ke Sehlopha se Busang, bahweletsi le bopulamadiboho ba romelwa ho ya batla ba batlang ho tseba ho eketsehileng ka Kreste. Jwalo ka ha ho boletswe kgaolong e fetileng, bongata ba bona ba rapetse Modimo hore a ba tataise yaba ka mora moo ba etelwa ke Dipaki Tsa Jehova.​—Dik. 9:11.

12 Ka boikokobetso Ananiase o ile a etsa mosebetsi oo a o filweng mme a hlohonolofatswa. Na o mamela taelo ya ho fana ka bopaki bo hlakileng, esita le ha mosebetsi oo o sa o jese ditheohelang? Ba bang ba tshaba ho ya ka ntlo le ntlo le ho kopana le batho bao ba sa ba tsebeng. Ba bang ba thatafallwa ke ho pakela batho dibakeng tsa kgwebo, seterateng, ka fono kapa ka ho ngola mangolo. Ananiase o ile a hlola tshabo ya hae mme a ba le tlotla ya ho thusa Saule hore a amohele moya o halalelang.b Ananiase o ile a atleha hobane o ne a tshepile Jesu mme a nka Saule e le ngwanabo. Re ka hlola tshabo haeba jwalo ka Ananiase, re dumela hore Jesu o laola mosebetsi wa boboledi, re utlwela batho bohloko mme re nka hore esita le batho bao re ba tshabang haholo ba ka fetoha bara ba bo rona.​—Mat. 9:36.

‘A Bolella Batho ka Jesu’ (Diketso 9:​18-30)

13, 14. Haeba o ithuta Bibele empa o eso kolobetswe, o ka ithuta eng mohlaleng wa Saule?

13 Saule o ile a potlakela ho sebedisa seo a ithutileng sona. Ha a se a bona mahlong, o ile a kolobetswa mme a qala ho sebedisana mmoho le barutuwa ba Damaseka. Empa o ile a etsa ho eketsehileng. “Hanghang feela a ya matlong a thapelo mme a bolella batho hore Jesu ke Mora wa Modimo.”​—Dik. 9:20.

14 Haeba o ntse o ithuta Bibele empa o eso kolobetswe, na jwalo ka Saule o tla sebedisa seo o ithutang sona ka hore o kolobetswe? Ke nnete hore Saule o ile a bona mohlolo oo Kreste a ileng a o etsa, mme ha ho pelaelo hore sena se ile sa mo susumelletsa hore a nke kgato. Empa le ba bang ba ile ba bona mehlolo ya Jesu. Ka mohlala, sehlopha se seng sa Bafarisi se ile sa shebella ha a fodisa monna ya omeletseng letsoho mme ka kakaretso Bajuda ba bangata ba ne ba tseba hore Jesu o tsositse Lazaro bafung. Le ha ho le jwalo, bongata ba bona ba ile ba iphapanyetsa mohlolo oo mme ba bang ba ba ba mo hanyetsa. (Mar. 3:​1-6; Joh. 12:​9, 10) Empa Saule o ile a fetoha. Ke hobaneng ha Saule a ile a fetoha empa ba bang ba sa ka ba fetoha? Hobane o ne a tshaba Modimo ho feta batho mme a ananela ka ho teba mohau oo Kreste a mo bontshitseng wona. (Bafil. 3:8) Haeba le wena o etsa jwalo, o ke ke wa dumella letho hore le o sitise ho etsa mosebetsi wa boboledi le ho tshwaneleha hore o kolobetswe.

15, 16. Saule o ile a etsang matlong a thapelo, mme Bajuda ba Damaseka ba ile ba etsa jwang?

15 Na o ka inahanela ka moo bongata bo ileng ba makala, ba tshoha ba ba ba halefa ka teng ha Saule a ba bolella ka Jesu matlong a thapelo? Bo ile ba re: “Na monna eo ha se yena ya neng a hlasela barutuwa ba Jesu ba Jerusalema?” (Dik. 9:​21) Ha Saule a hlalosa lebaka le fetotseng tsela eo a neng a ikutlwa ka yona ka Jesu, o ile “a paka ka ho hlaka hore Jesu ke Kreste.” (Dik. 9:​22) Empa hase bohle ba kgodiswang ke mabaka a utlwahalang. A ke ke a fetola monahano wa batho ba tsitlellang ho latela dineano kapa ba sa batleng ho fetoha ka lebaka la boikgohomoso. Le ha ho le jwalo, Saule ha a ka a tela.

16 Dilemo tse tharo ha morao, Bajuda ba Damaseka ba ne ba ntse ba hanyetsa Saule. Qetellong, ba ile ba leka ho mo bolaya. (Dik. 9:​23; 2 Bakor. 11:​32, 33; Bagal. 1:​13-18) Ha morero oo o tsebahala, Saule o ile a tloha motseng oo ka lenyele, a theolwa ka baskete lesobeng la lerako la motse. Luka o re ba ileng ba balehisa Saule bosiung boo e ne e le “barutuwa ba [Saule].” (Dik. 9:​25) Ho bonahala mantswe ana a bontsha hore bonyane ba bang ba ileng ba utlwa ha Saule a bolela ditaba tse monate Damaseka ba ile ba amohela molaetsa wa hae mme ya eba balatedi ba Kreste.

17. (a) Batho ba etsa jwang ha ba utlwa nnete ya Bibele? (b) Re lokela ho tswela pele re etsang, hona hobaneng?

17 Ha o ne o qala ho bolella ba lelapa, metswalle le ba bang ditaba tse monate tseo o ithutang tsona, mohlomong o ne o lebelletse hore bohle ba tla amohela nnete ya Bibele hobane e a utlwahala. Ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba e amohela empa ba bangata ha ba a ka ba e amohela. Ha e le hantle, e ka nna yaba ba lelapa ba ile ba o nka o le sera. (Mat. 10:​32-38) Le ha ho le jwalo, haeba o tswela pele ho ntlafatsa bokgoni ba hao ba ho beha mabaka ka Mangolo, mme o dula o itshwere jwalo ka Mokreste, esita le ba o hanyetsang ba ka nna ba qetella ba fetohile.​—Dik. 17:2; 1 Pet. 2:​12; 3:​1, 2, 7.

18, 19. (a) Ha Barnabase a tiisa hore Saule ke morutuwa, phello e bile efe? (b) Re ka etsisa Barnabase le Saule jwang?

18 Ha Saule a kena Jerusalema, ho a utlwahala hore ebe barutuwa ba ne ba sa dumele hore e se e le morutuwa. Le ha ho le jwalo, ha Barnabase a tiisa hore Saule e se e le morutuwa, baapostola ba ile ba mo amohela, mme a dula le bona ka nakwana. (Dik. 9:​26-28) Saule o ne a le masene mme a se dihlong ka ditaba tse monate. (Bar. 1:​16) Ka sebete o ile a bolela ditaba tse monate Jerusalema, e leng hona moo a neng a kile a hlorisa barutuwa ba Jesu Kreste ka sehloho. Bajuda ba Jerusalema ba ile ba tshoha haholo ha ba hlokomela hore moetapele wa bona o se a ba kwenehetse, mme jwale ba qala ho batla ho mo bolaya. Bibele e re: “Ha barutuwa ba bang ba utlwa taba ena, ba mo isa Sesarea ya re ha a le moo, ba mo romela Tarsase.” (Dik. 9:​30) Saule o ile a ikokobelletsa ditaelo tseo Jesu a ileng a di fetisa ka phutheho. Sena se ile sa ruisa Saule le phutheho molemo.

19 Hlokomela hore Barnabase ke yena ya ileng a ithaopela ho thusa Saule. Ha ho pelaelo hore mosa ona o ile wa etsa hore bahlanka bana ba Jehova ba tjhesehang e be metswalle e meholo. Na jwalo ka Barnabase, o ikemiseditse ho thusa ba batjha ka phuthehong ka ho sebetsa le bona tshebeletsong ya tshimo le ho ba thusa hore ba hatele pele moyeng? Haeba o etsa jwalo, o tla putswa haholo. Haeba o mohweletsi e motjha wa ditaba tse monate, na jwalo ka Saule o amohela thuso eo o e fuwang? Ka ho sebetsa le bahweletsi ba nang le phihlelo e eketsehileng, o tla ntlafatsa bokgoni ba hao tshebeletsong, thabo ya hao e tla eketseha mme o tla fumana metswalle ya hlooho ya kgomo.

“Ba Bangata ba Dumela ho Morena” (Diketso 9:​31-43)

20, 21. Bahlanka ba Modimo ba nakong e fetileng le ba hona jwale ba nnile ba sebedisa nako ya kgotso ha molemo jwang?

20 Ka mora hore Saule a sokolohe a be a tlohe sebakeng seo a sireletsehile, “barutuwa bohle ba Judea, Galilea le Samaria ba eba le kgotso.” (Dik. 9:​31) Barutuwa ba ile ba sebedisa nako ee ya “ha ho le monate” jwang? (2 Tim. 4:2) Bibele e re ba ne ‘ba matlafala.’ Baapostola le bara ba bang ba bo rona ba ikarabellang ba ile ba matlafatsa tumelo ya barutuwa mme ba etella pele ha phutheho ‘e ntse e tsamaya ditseleng tsa Jehova ebile e kgothatswa ka moya o halalelang.’ Ka mohlala, Petrose o ile a sebedisa nako eo ho matlafatsa barutuwa ba motseng wa Lyda Thoteng ya Sharone. Ka lebaka la sena ba bangata ba dulang moo ba ile “ba dumela ho Morena.” (Dik. 9:​32-35) Barutuwa ha ba a ka ba kgeloswa ke mesebetsi ya botho empa ba ile ba ikitlaetsa hore ba hlokomelane ba be ba bolele ditaba tse monate. Phello e bile hore phutheho e ile ‘ya nna ya eketseha.’

21 Ho elella bofelong ba lekgolo la bo20 la dilemo, Dipaki Tsa Jehova dinaheng tse ngata le tsona di ile tsa “eba le kgotso .” Mebuso e nnileng ya hatella batho ba Modimo ka dilemo tse mashome e ile ya wa ka tshohanyetso, mme ha eba bonolo ho bolela ditaba tse monate dinaheng tseo ho tsona mosebetsi o neng o thibetswe kapa maemong a mang thibelo ya tloswa ka ho felletseng. Dipaki tse mashome a dikete di ile tsa sebedisa monyetla oo ho paka phatlalatsa mme ha eba le diphello tse babatsehang.

22. O ka sebedisa tokoloho eo o nang le yona ha molemo jwang?

22 Na o sebedisa tokoloho eo o nang le yona ha molemo? Haeba o dula naheng e nang le tokoloho ya bodumedi, Satane o batla ho o hokahoka hore o lelekise maruo ho ena le ho hahamalla mesebetsi e amanang le Mmuso. (Mat. 13:​22) O se ke wa kgeloswa. Sebedisa ha molemo nako le ha e le efe ya kgotso e lekanyeditsweng e teng hona jwale. E nke e le monyetla wa ho fana ka bopaki bo hlakileng le ho haha phutheho. Hopola hore maemo a hao a ka fetoha ka ho panya ha leihlo.

23, 24. (a) Re ithuta dintlha dife tlalehong e buang ka Tabitha? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?

23 Nahana ka se ileng sa etsahalla Tabitha kapa Dorkase. O ne a dula motseng wa Jopa o neng o se hole le wa Lyda. Moradi enwa wa bo rona ya tshepahalang o ile a sebedisa nako le matlotlo a hae ka bohlale, “a etsa mesebetsi e mengata e metle a bile a phallela bafutsana.” Le ha ho le jwalo, o ile a kula ka tshohanyetso mme a shwa.c Barutuwa ba Jopa, haholoholo bahlolohadi bao a neng a ba etsetsa dintho tse molemo ba ile ba sarelwa haholo ha a shwa. Ha Petrose a fihla ntlong eo setopo sa hae se neng se lokiswa teng bakeng sa lepato, o ile a etsa mohlolo oo baapostola ba Jesu Kreste ba neng ba eso ka ba o etsa. Petrose o ile a rapela yaba o tsosa Tabitha bafung! Inahanele feela hore na bahlolohadi bao le barutuwa ba bang ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a ba bitsetsa ka kamoreng eo mme a ba bontsha hore Tabitha o a phela! Ruri diketsahalo tsena di ile tsa ba matlafatsa hore ba tobane le diteko tse larileng ka pele. Hase feela mohlolo oo o ileng wa “tsejwa hohle Jopa mme batho ba bangata ba dumela ho Morena.”​—Dik. 9:​36-42.

Moradi wa bo rona o fa moradi wa bo rona ya tsofetseng a bile a kula dipalesa.

O ka etsisa Tabitha jwang?

24 Re ithuta dintlha tse pedi tsa bohlokwa tlalehong ena e thabisang e buang ka Tabitha. (1) Bophelo bo feta ka potlako. Ka hoo, ke ha bohlokwa hakaakang hore re iketsetse lebitso le letle le Modimo ha monyetla o sa le teng! (Moek. 7:1) (2) Re na le tshepo e tiileng ya hore bafu ba tla tsoha. Jehova o ile a hlokomela diketso tse ngata tseo Tabitha a di entseng, mme a mo putsa. O tla hopola boikitlaetso ba rona mme a re tsose bafung haeba re ka shwa pele ho Armagedone. (Baheb. 6:​10) Ka lebaka leo, ebang hona jwale re phela ka thata kapa ha monate, a re phehelleng ho fana ka bopaki bo hlakileng ka Kreste.​—2 Tim. 4:2.

SAULE WA MOFARISI

“Mohlankana ya bitswang Saule” ya bolelwang tlalehong ya Diketso e buang ka ho tlepetswa ha Setefane ka majwe o ne a tswa motseng wa Tarsase. E ne e le motsemoholo wa profinse ya Roma ya Silisia, e ka borwa ho seo kajeno e leng Turkey. (Dik. 7:​58) Bajuda ba bangata ba ne ba dula motseng oo. Saule ka boyena o ile a ngola hore o ‘boloditswe ka letsatsi la borobedi, ke wa setjhaba sa Iseraele, ke wa leloko la Benjamine, ke Moheberu ya tswetsweng ke Baheberu, ke Mofarisi ya latelang molao.’ Ke ka lebaka leo ho ka etsahalang hore o ne a nkwa e le Mojuda ya hlomphehang!​—Bafil. 3:5.

Saule wa Mofarisi.

Saule o ne a dula motseng o moholo o atlehileng moruong, oo ho wona ho neng ho atile setso sa Bagerike. Ka ha Saule o holetse Tarsase, o ne a tseba Segerike. Mohlomong o kene sekolo sa mathomo sekolong sa Bajuda. O ile a ithuta ho etsa ditente, e leng mosebetsi o neng o tlwaelehile sebakeng seo a tswaletsweng ho sona. Ho ka etsahala hore ntate wa Saule o ile a mo ruta mosebetsi ona e sa le moshanyana.​—Dik. 18:​2, 3.

Tlaleho ya Diketso e boetse e senola hore Saule e ile ya eba moahi wa Roma ka tswalo. (Dik. 22:​25-28) Sena se bolela hore ha a tswalwa, e mong wa baholoholo ba hae o ne a se a fumane tokelo ya ho ba moahi wa Roma. Ha ho tsejwe hore na ho tlile jwang hore lelapa labo Saule le fumane tokelo ya ho ba baahi ba Roma. Ho sa tsotellehe seo, boemo boo bo ile ba etsa hore e be ba bang ba batho ba phahameng setjhabeng profinseng ya habo bona. Semelo sa Saule le thuto ya hae e ile ya etsa hore a tsebe ditso tse tharo ka botlalo​—e leng Sejuda, Segerike le Seroma.

Mohlomong ha Saule a le dilemo di 13 kapa ka tlase ho moo, o ile a ya dula Jerusalema e bohole ba dikhilomithara tse 840 ho ya ntshetsa thuto ya hae pele. Ha a le motseng oo, o ile a ithuta maotong a Gamaliele, eo e neng e le mosuwe ya hlomphehang wa dineano tsa Bafarisi.​—Dik. 22:3.

Thuto ena e eketsehileng, e tshwanang le ho ya univesithing kajeno, e ne e akarelletsa ho ithuta Mangolo le molao wa Bajuda wa molomo esita le ho o tshwara ka hlooho. Seithuti se hlwahlwa sa Gamaliele se ne se ka lebella ho fumana mosebetsi o hlamatsehang, mme ho bonahala hore Saule e ne e le seithuti se jwalo. Ha morao o ile a re: “Ke ne ke tseba dintho tse ngata ka bodumedi ba Bojuda ho feta dithaka tsa ka tse ngata setjhabeng sa heso hobane ke ne ke tjhesehela dithuto tsa baholoholo ba ka.” (Bagal. 1:​14) Ho hlakile hore lebaka le ileng la etsa hore Saule a hlorise phutheho e ntjha ya Bakreste haholo ke hobane o ne a tjhesehela moetlo wa Sejuda.

TABITHA​—“O NE A ETSA MESEBETSI E MENGATA E METLE”

Tabitha o fa motho ya hlokang mpho.

Tabitha e ne e le setho sa phutheho ya Bakreste e motseng wa Jopa o pela kou ya lewatle. Badumedimmoho le yena ba ne ba mo rata hobane “o ne a etsa mesebetsi e mengata e metle a bile a phallela bafutsana.” (Dik. 9:​36) Jwalo ka Bajuda ba bangata ba neng ba dula dibakeng tseo ho tsona ho neng ho dula Bajuda le Baditjhaba, Tabitha o ne a ena le mabitso a mabedi​—la Seheberu kapa Searame le la Segerike kapa Selatine. Lebitso la hae la Segerike la Dorkase e ne e le “Tabitha” ha le fetolelwa ka Searame. Mabitso ana ka bobedi a bolela “Tshephe.”

Ho bonahala eka Tabitha o ile a kula a ba a shwa ka tshohanyetso. Jwalo ka ha ho ne ho tlwaelehile, setopo sa hae se ile sa hlatsuwa mme sa lokisetswa lepato. Se ne se behilwe kamoreng e ka hodimo, mohlomong ntlong ya hae. Ka lebaka la motjheso wa Botjhabela bo Hare, batho ba ne ba patwa letsatsing leo ba hlokahetseng ka lona kapa letsatsing le hlahlamang. Bakreste ba Jopa ba ne ba utlwetse hore moapostola Petrose o Lyda e haufi le moo. Petrose o ne a ka kgona ho tla Jopa pele Tabitha a patwa, hobane metse eo e ne e arohane ka dikhilomithara tse 18 feela​—e leng hoo e ka bang leeto la dihora tse nne ka maoto. Ka hoo, phutheho e ile ya romela banna ba babedi ho ya kopa Petrose hore a tle hanghang. (Dik. 9:​37, 38) Setsebi se seng se re: “Bajuda ba boholoholo ba ne ba tlwaetse ho roma manqosa ka bobedi, mme lebaka le leng e ne e le hore le leng le tle le tiise seo le leng le se buang.”

Ho ile ha etsahalang ha Petrose a fihla? Bibele e re: “Ba mo isa kamoreng e ka hodimo. Bahlolohadi bohle ba tla ho yena ba lla, ba mo bontsha diaparo tse ngata tseo Dorkase a di rokileng ha a ntse a phela.” (Dik. 9:​39) Tse ding tsa dintho tse ileng tsa etsa hore Tabitha a ratwe haholo ke ditho tsa phutheho ke hore o ne a tlwaetse ho di rokela diaparo. O ne a roka diaparo tsa ka hare le tsa ka ntle. Bibele ha e re bolelle hore na ebe Tabitha o ne a reka masela ao kapa a mpa a ba rokela feela. Le ha ho le jwalo, o ne a ratelwa mosa wa hae le ho “phallela bafutsana.”

E tlameha ebe Petrose o ile a angwa maikutlo ke seo a ileng a se bona kamoreng eo e ka hodimo. Setsebi se bitswang Richard Lenski se re: “Tsela eo batho bana ba neng ba lla ka yona e ne e fapane hole le eo batho ba neng ba lla ka yona tlung ya Jairuse, moo ho neng ho hirilwe basadi le batho ba lerata ba letsang makodilo. Ba ne ba sa iketsise.” (Mat. 9:​23) Ba ne ba siame e le ka nnete. Ba bangata ba entse qeto ya hore Tabitha e ne e le lesoha hobane ha ho moo ho buuwang ka monna wa hae.

Ha Jesu a roma baapostola ba hae, o ile a ba fa matla a ho ‘tsosa bafu.’ (Mat. 10:8) Petrose o ne a bone ha Jesu a etsa mehlolo e jwalo, e akarelletsang ho tsosa moradi wa Jairuse, empa ha ho moo ho bolelwang hore ho na le moapostola ya kileng a tsosa motho pele ho mona. (Mar. 5:​21-24, 35-43) Empa jwale Petrose o ile a ntsha batho kamoreng e ka hodimo, yaba o rapela ka tieo mme ka mora moo Tabitha a bula mahlo a ba a dula. E tlameha ebe Bakreste ba Jopa ba ile ba thaba hakaakang ha Petrose a hlahisa Tabitha a phela ho bahalaledi le bahlolohadi!​—Dik. 9:​40-42.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Saule wa Mofarisi.”

b Ka ho tlwaelehileng, baapostola e ne e le bona ba neng ba fetisa mpho ya moya o halalelang ho tswa ho Modimo. Le ha ho le jwalo, ketsahalong ena ho bonahala eka Jesu o ile a fa Ananiase matla a ho fetisetsa mpho ya moya o halalelang ho Saule. Ha Saule a qeta ho sokoloha, ho ile ha feta nako e telele pele a kopana le baapostola ba 12. Le ha ho le jwalo, mohlomong o ne a ntse a bolela ditaba tse monate ka nako eo yohle. Ka moo ho bonahalang ka teng, Jesu o ile a etsa bonnete ba hore Saule o fumana matla ao a a hlokang hore a phethe mosebetsi wa hae wa boboledi.

c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Tabitha ​—‘O ne a Etsa Mesebetsi e Mengata e Metle.’”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share