THUTO YA 96
Jesu o Kgetha Saule
Saule o ne a hlahetse toropong ya Tarsase e Roma. E ne e le Mofarisi ya tsebang Molao wa Bajuda. O ne a hloile Bakreste, a ba ntsha ka matlung a bona mme a ba kenya teronkong. O ne a bile a le teng ha morutuwa Setefane a otlwa ka majwe ho fihlela a shwa.
Empa Saule o ne a sa kgotsofalla ho tshwara Bakreste ba Jerusalema feela. O ile a kopa moprista ya phahameng hore a mo dumelle ho ya tshwara le Bakreste ba Damaseka. Jwale ha Saule a atamela Damaseka, ho ile ha hlaha kganya e fahlang hoo a ileng a wela fatshe. A utlwa lentswe le re ho yena: ‘Saule, o ntlhorisetsang?’ Saule a re: ‘O mang?’ Lentswe leo la re: ‘Ke nna Jesu. Tsamaya o ye Damaseka mme ha o le moo o tla bolellwa hore na o etseng.’ Ka yona nako eo Saule a foufala mme banna ba neng ba tsamaya le yena ba mo thusa ho ya motseng oo.
Motseng wa Damaseka ho ne ho ena le Mokreste ya bitswang Ananiase. Jesu a re ho yena ponong: ‘Tsamaya o ye Seterateng se Otlolohileng mme o ye ntlong ya Judase o batle monna ya bitswang Saule.’ Ananiase a re: ‘Morena, ke tseba monna eo hantle. Ke yena ya kenyang barutuwa ba hao teronkong!’ Empa Jesu a re: ‘Eya ho yena hobane ke mo kgethile hore a bolele ditaba tse monate ditjhabeng tse ngata.’
Ananiase a mo fumana mme a re: ‘Saule ngwaneso, Jesu o nthomile ho wena hore o boele o bone.’ Hanghang Saule a bona hape. O ile a ithuta ka Jesu mme ya eba morutuwa wa hae. Ha a se a kolobeditswe, Saule o ile a qala ho ruta ka disinagogeng le barutuwa ba bang. O ka nahana hore na Bajuda ba ne ba maketse hakae ha ba bona Saule a ruta batho ka Jesu. Ba re: ‘Na eo ha se yena monna ya neng a hlorisa barutuwa ba Jesu?’
Saule o ile a ruta batho ba Damaseka Lentswe la Modimo ka dilemo tse tharo. Bajuda ba ne ba hloile Saule hoo ba neng ba batla ho mo bolaya. Empa barutuwa ba bang ha ba utlwa ka seo, ba ile ba thusa Saule ho baleha. Ba ile ba mo kenya ka basketeng mme ba mo ntsha ka lesoba le lerakong la motse.
Ha Saule a fihla Jerusalema, o ile a leka ho ikopanya le barutuwa ba moo. Empa ba ne ba mo tshaba. Yaba morutuwa e mong ya mosa ya bitswang Barnabase o tla le Saule ho baapostola mme a ba kgodisa hore Saule o fetohile. Saule a qala ho ruta Lentswe la Modimo le Bakreste ba phutheho e Jerusalema. Ka mora moo o ile a bitswa Pauluse.
“Kreste Jesu o ile a tla lefatsheng ho pholosa baetsadibe . . . Hara baetsadibe bao bohle, ke nna ya ka pelepele.”—1 Timothea 1:15