LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 49 leq. 118-leq. 119 ser. 2
  • Mofumahadi ya Kgopo o Fuwa Kotlo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mofumahadi ya Kgopo o Fuwa Kotlo
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Na o Etsisa Toka ya Jehova?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • “Ntlo Yohle ya Akabe e Tla Timela”​—2Ma 9:8
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • O Ile a Bontsha Sebete, Boikemisetso le Tjheseho
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 49 leq. 118-leq. 119 ser. 2
Basebeletsi ba Jezebele ba mo dihela ka fensetere

THUTO YA 49

Mofumahadi ya Kgopo o Fuwa Kotlo

Morena Akabe o ne a kgona ho bona tshimo ya morara ya monna e mong ya bitswang Nabothe a le fensetereng ya ntlo ya hae ya borena e Jezriele. Akabe o ne a batla tshimo eo ya morara mme a re Nabothe a mo rekisetse yona. Empa Nabothe a hana ho mo rekisetsa yona kaha Molao wa Jehova o ne o hanela batho ho rekisa masimo ao ba a fuweng. Na Akabe o ile a utlwisisa hore Nabothe o ne a etsa se nepahetseng? Tjhe. Akabe o ile a kwata haholo. O ne a kwatile hoo a neng a sa batleng ho tswa ka kamoreng ebile a hana ho ja.

Mosadi wa Akabe ya bitswang Jezebele ya neng a le kgopo o ile a re ho yena: ‘O morena Iseraele. O lokela ho fumana ntho e nngwe le e nngwe eo o e batlang. Ke tla o fumanela tshimo eo.’ Yaba o ngolla baholo ba motse mangolo, o re ba qose Nabothe ka hore o rohakile Modimo mme o lokela ho bolawa ka ho tlepetswa ka majwe. Ka hoo, baholo bao ba bolaya Nabothe jwalo ka ha Jezebele a ba bolelletse mme Jezebele a re ho Akabe: ‘Nabothe o shwele. Jwale tshimo ya morara ke ya hao.’

Jezebele o ile a bolaya Nabothe a se na molato mme o ile a nna a bolaya le batho ba bang ba bangata ba ratang Jehova. O ne a rapela medimo ya ditshwantsho hape a etsa le dintho tse ding tse mpe. Jehova o ile a bona dintho tsohle tse mpe tseo Jezebele a di etsang. O ile a etsang ka seo?

Ka mora hore Akabe a shwe, mora wa hae ya bitswang Jorame e ile ya e ba morena. Jehova o ile a roma monna e mong ya bitswang Jehu ho ya otla Jezebele le ba lelapa la hae.

Jehu o ile a palama koloi ya hae a ya Jezriele, moo Jezebele a dulang teng. Jorame le yena a kena koloing ya hae a mo kgahlametsa mme a re: ‘Na o tlile ka kgotso ho rona?’ Jehu a re: ‘Ho ke ke ha e ba le kgotso ha feela mme wa hao Jezebele a ntse a etsa dintho tse mpe.’ Jorame a leka ho baleha. Empa Jehu a mo hlaba ka lerumo mme a shwa.

Jehu o re ba dihele Jezebele fatshe

Ka mora moo, Jehu a ya ntlong ya borena ya Jezebele. Ha Jezebele a utlwa hore Jehu o tseleng, a itlotsa ka makeup, a ikgabisa moriri mme a ema fensetereng e mokatong o ka hodimo. Ha Jehu a fihla, Jezebele a mo buisa hampe. Yaba Jehu o re ho basebeletsi ba Jezebele ba emeng le yena fensetereng: ‘Mo diheleng fatshe!’ Ka hoo, ba mo sutumetsa yaba o wela fatshe o a shwa.

Ka mora moo, Jehu a bolaya bara ba Akabe ba 70 mme a fedisa borapedi ba Baale naheng eo. Na o a bona hore Jehova o tseba dintho tsohle le hore ka nako ya hae e loketseng, o fana ka kotlo ho batho ba etsang dintho tse mpe?

“Ha motho a fumana maruo ka meharo, a ke ke a thaba qetellong.”​—Diproverbia 20:21

Dipotso: Jezebele o ile a etsang ho nka tshimo ya Nabothe ya morara? Ke hobaneng ha Jehova a ile a otla Jezebele?

1 Marena 21:​1-29; 2 Marena 9:1–10:30

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share