LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 48 leq. 116-leq. 117 ser. 1
  • Mora wa Mohlolohadi o Tsoswa Bafung

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mora wa Mohlolohadi o Tsoswa Bafung
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Jehova o Matlafatsa Elia
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • O ile a Mamella ho isa Qetellong
    Etsisa Tumelo ya Bona
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 48 leq. 116-leq. 117 ser. 1
Elia o ya ho mohlolohadi ya ntseng a bokella patsi

THUTO YA 48

Mora wa Mohlolohadi o Tsoswa Bafung

Nkgo ya phofo le nkgo ya oli

Nakong ya komello, Jehova o ile a re ho Elia: ‘Eya Sarepta. O tla fumana mohlolohadi ya tla o fa dijo.’ Ha Elia a fihla hekeng ya motse, a fumana mohlolohadi e mong ya futsanehileng a ntse a bokella patsi. A mo kopa metsi. Ha mohlolohadi eo a yo mo latela metsi, Elia a re: ‘Ke kopa o ntlele le bohobe.’ Empa mohlolohadi eo a re: ‘Ha ke na bohobe boo nka o fang bona. Ke na le phofo le oli e ka etsang dijo tse lekaneng nna le mora wa ka feela.’ Elia a re ho yena: ‘O se ke wa tshwenyeha. Jehova o tshepisitse hore haeba o ka nketsetsa bohobe, phofo le oli ya hao di ke ke tsa fela ho fihlela pula e na.’

Ka hoo, mohlolohadi eo a ya hae mme a etsetsa moprofeta wa Jehova bohobe. Mohlolohadi eo le mora wa hae ba ile ba dula ba ena le dijo nakong ya komello feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse. Phofo ya bona le oli ha di a ka tsa fela.

Yaba ho etsahala ntho e nngwe e bohloko. Mora wa mohlolohadi eo a kula hoo a ileng a shwa. Mohlolohadi eo a kopa Elia hore a mo thuse. Yaba Elia o nka moshanyana eo matsohong a hae, a ya le yena kamoreng e ka hodimo. A mo beha betheng yaba o a rapela o re: ‘Jehova, ke kopa o tsose ngwana enwa.’ Na o a tseba hore na ke hobaneng ha oo e bile mohlolo o ikgethang? Hobane ho ya ka moo re tsebang ka teng, ha ho motho ya neng a kile a tsoswa bafung pele ho moo. Hape, mohlolohadi eo le mora wa hae e ne e bile e se Baiseraele.

Le ha ho le jwalo, moshanyana eo o ile a tsoha. Elia a re ho mohlolohadi: ‘Bona, mora wa hao o a phela.’ O ile a thaba haholo mme a re ho Elia: ‘O fela o le monna wa Modimo. Ke tseba sena hobane o bua feela seo Jehova a o bolellang hore o se bue.’

Elia o fa mohlolohadi mora wa hae ya tsositsweng bafung

“Shebang makgwaba, ha a jale peo, ha a kotule ebile ha a na ditoro kapa moo a bokellelang dijo teng empa Modimo o a a fepa. Na ha le bohlokwa haholo ho feta dinonyana?”​—Luka 12:24

Dipotso: Mohlolohadi wa Sarepta o ile a bontsha jwang hore o tshepa Jehova? Re tseba jwang hore Elia e ne e le moprofeta wa Modimo?

1 Marena 17:​8-24; Luka 4:​25, 26

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share