LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ijwia sehlooho 1
  • O ile a Mamella ho isa Qetellong

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ile a Mamella ho isa Qetellong
  • Etsisa Tumelo ya Bona
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • O ne a Lokela ho Ahlola Akazia
  • O Fana ka Mosebetsi wa Hae
  • Mosebetsi wa Hae wa ho Qetela
  • Jehova o Matlafatsa Elia
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Etsisa Tumelo ya Bona
ijwia sehlooho 1
Elia

ETSISA TUMELO YA BONA | ELIA

O ile a Mamella ho isa Qetellong

Elia o ile a utlwa ditaba tse reng: “Morena Akabe o hlokahetse.” O ka inahanela feela ha moprofeta Elia ya seng a tsofetse a itshwere ditedu, a ntse a qamaka kwana kwana ha a ntse a nahana ka dintho tse mpe tseo Morena Akabe a neng a di etsa. Elia o ile a mamella mathata a mangata! Ka nako e nngwe, Morena Akabe le mofumahadi wa hae Jezebele ba ile ba mo tsoma mme ba ne ba batla ho mo bolaya. Morena ha ka a thibela Jezebele ha a ne a bolaya baprofeta ba Jehova. Akabe le Jezebele ba ile bolaya Nabothe le bara ba hae ka lebaka la ho ba le meharo. Elia o ile a jwetsa Akabe ka kahlolo e tswang ho Jehova e reng o tla shwa ha mmoho le lelapa la hae kaofela. Ka hoo, mantswe a Jehova a phethahala! Akabe o ile a shwa feela jwalo ka ha Jehova a ile a bolela.​—1 Marena 18:4; 21:1-26; 22:37, 38; 2 Marena 9:26.

Le ha ho le jwalo, Elia o ne a tseba hore o lokela ho tswela pele ho mamella. Mofumahadi Jezebele o ne a ntse a phela ebile o ile a tswela pele ho susumetsa mekgwa e mebe lelapeng la hae le setjhabeng. Elia o ne a ntse a emetswe ke mathata a mangata hape ho ne ho na le dintho tseo a neng a lokela ho di ruta Elisha. Jwale, ha re boneng dintho tse tharo tseo Elia a neng a lokela ho di etsa. Ha re hlokomela hore tumelo e mo thusitse jwang hore a mamelle, seo se ka re thusa hore re bone hore na rona re ka matlafatsa tumelo ya rona jwang ha re kopana le mathata.

O ne a Lokela ho Ahlola Akazia

Akazia mora wa Akabe le Jezebele, e ne e se e le morena wa Iseraele. Ho e na le hore a ithute diphosong tsa batswadi ba hae, o ile a latela mohlala wa bona o mobe. (1 Marena 22:52) O ne a rapela Baale jwalo ka bona. Borapedi ba Baale bo ne bo susumetsa batho ho etsa dintho tse mpe tse kang, ho tshehetsa ketso e mpe ya ho etsa bofebe tempeleng le ho etsa mahlabelo ka bana. Na ho na le motho ya neng a ka etsa Akazia a fetohe mme a etse hore setjhaba sa hae se tlohelle ho etsa dintho tse mpe tse sa kgahliseng Jehova?

Hanghang morena enwa o ile a tlelwa ke tlokotsi. O ile a wa a le ka mokatong o ka hodimo wa ntlo mme o ile a lemala ha bohloko. Le hoja a ile a hlahelwa ke kotsi, ha a ka a batla thuso ya Jehova. Empa ho e na le hoo, o ile a romela bahlanka ba hae hore ba ye motseng wa Bafilista o Ekrone hore ba ilo botsa modimo ya bitswang Baale-zebube hore na a ka fola. Seo se ile sa halefisa Jehova haholo. O ile a romela lengeloi ho Elia hore a ilo thiba bahlanka ba Akazia. Elia o ile a kgutlisetsa bahlanka bana ho morena ka ditaba tse sa thabiseng. Akazia o ile a etsa phoso e kgolo ka ho etsa eka Iseraele ha e na Modimo. Jehova o ile a bolela hore Akazia a ke ke a theoha setulong se kang bethe seo a robetseng ho sona.​—2 Marena 1:2-4.

Akazia ha a ka a fetoha, o ile a re: “Ponahalo ya monna ya ileng a le kgahlanyetsa a ntano le bolella mantswe aa e ne e le jwang?” Bahlanka ba ile ba hlalosetsa Akazia hore monna eo o ne a apere seaparo feela sa baprofeta, mme hanghang Akazia o ile a re: “E ne e le Elia.” (2 Marena 1:7, 8) Ho hlakile hore Elia o ne a phela bophelo bo bobebe a shebile feela ho sebeletsa Modimo, hoo Akazia a ileng a hopola yena ha bahlanka ba hae ba mo hlalosa ka seaparo seo a neng a se apere. Ha e le Akazia le batswadi ba hae bona ho ne ho ke ke ha buuwa jwalo ka bona kaha ba ne ba le meharo. Mohlala wa Elia o re hopotsa ho phela ka keletso eo Jesu a ileng a re re phele ka yona e leng bophelo bo bobebe.​—Matheu 6:22-24.

Akazia o ile a tuka ke bohale mme a bokelletsa masole a 50 le moetapele wa ona hore a ilo tshwara Elia. Ba ile ba mo fumana “a dutse tlhorong ya thaba,”a moetapele wa masole o ile a laela Elia ka taelo ya morena hore a ‘theohe’ ha e le hantle o ne a bolela hore a theohe ba tlo mo bolaya. Le hoja masole ao a ne a tseba hore Elia ke ‘mohlanka wa Modimo’ ba ne ba nahana hore ke ntho e loketseng ho mo tshwara hampe. Ba ne ba fositse hakaakang! Elia o ile a re ho moetapele wa masole: ‘Jwale, haeba ke le mohlanka wa Modimo, mollo o ke o theohe mahodimong mme o tjhese wena le ba hao ba mashome a mahlano.’ (2 Marena 1:9, 10) Ketsahalo ena e re hopotsa hore Jehova a ke ke a tlohela bahlanka ba hae hore ba qholotswe kapa ba tshwarwe hampe.—1 Likronike 16:21, 22.

Akazia o ile a romela masole a mang a 50 le moetapele wa ona. Moetapele wa bobedi e ne e le lewatla ho feta wa pele. Ntlha ya pele, ha a ka ithuta phosong ya moetapele wa pele le masole a hae a ileng a tjha mme ho ka etsahala hore o ile a bona molora wa bona thabeng. Hape o ile a bua mantswe a tshwanang le a moetapele wa pele a tlontlollang a reng: “theoha” empa yena a ekelletsa ka hore “theoha kapele”! Ka tsela e tshwanang le bona ba ile ba shwa jwalo ka masole a pele. Ba ne ba tshwana le morena wa bona ya manganga. O ile a boela a romela masole a mang hape le moetapele wa ona. Ho thabisang ke hore moetapele enwa o ne a le bohlale. O ile a bua le Elia ka boikokobetso hore yena le masole a hae ba hauhelwe. Mohlanka wa Modimo e leng Elia, ha ho makatse hore o ile a bontsha monna eo mosa wa Modimo. Lengeloi la Jehova le ile la laela Elia hore a tsamaye le masole ao. Elia o ile a mamela mme a bolella morena eo ya kgopo kahlolo e tswang ho Jehova. Feela jwalo ka ha Jehova a boletse, Akazia o ile a shwa. O busitse dilemo tse pedi feela.—2 Marena 1:11-17.

Moetapele wa masole ya ikokobeditseng o kopa Elia hore a mo bontshe mosa

Elia o ile a bontsha moetapele wa masole ya ikokobeditseng hore Jehova o mosa

Ke eng e thusitseng Elia hore a dule a mamelletse ho sa tsotellehe ho ba hara batho ba kgopo le ba etsang dintho tse mpe? Le rona kajeno re ka kopana le boemo bo tshwanang. Na o kile wa ba boemong boo ho bona o reng o thusa motho eo o mo ratang empa a be a sa mamele? Re ka mamella boemo boo jwang? Re ka ithuta ho hong ka se ileng sa etsahala “tlhorong ya thaba” moo masole a ileng a fumana Elia. Ha ho tsebahale hore na ke hobaneng ha Elia a ne a le thabeng empa ka ha o ne a rata Modimo o ile a fumana sebaka seo e le se nepahetseng hore a ka bua le Jehova ka thapelo. (Jakobo 5:16-18) Ka tsela e tshwanang le rona re lokela ho ipha nako ya hore re be bang mme re bue le Jehova re mmolella dintho tse re kgathatsang. Seo se tla re thusa hore re mamelle le ha batho ba bang ba re tshwara hampe.

O Fana ka Mosebetsi wa Hae

Nako ya hore kabelo ya Elia e fele, e ne e se e fihlile. Hlokomela hore na o ile a etsang. Ha a ya le Elisha Gilgale o ile a mo kopa hore a sale moo ha yena a ya Bethele e bohole ba dikhilomithara tse 11. Ka tiyo Elisha o ile a re: “Ka Jehova ya phelang le ka moya wa hao o phelang, nke ke ka o tlohela.” Ha ba fihla Bethele, Elia o ile bolella Elisha hore o batla ho tsamaya a le mong ho ya Jeriko. Elisha o ile a boela a hana ka tiyo jwalo ka pele. Ka lekgetlo la boraro ha ba le Jeriko, ho ile ha etsahala se tshwanang ha ba le nokeng ya Jordane e ka bang bohole ba dikhilomithara tse 8. Le lekgetlong lena Elisha o ile a nna a hana, o ne a sa batle ho tlohela Elia!—2 Marena 2:1-6.

Elisha o ile a bontsha a mang a makgabane ao a neng a na le ona e leng lerato. Lerato leo ke leo Ruthe a ileng a le bontsha Naomi, mofuta wa lerato le mamellang le sa batleng ho tlohella. (Ruthe 1:15, 16) Bahlanka ba Modimo kajeno, ba lokela ho bontsha lerato leo ho feta le ha e le neng pele. Na re bona bohlokwa ba ho bontsha lerato jwalo ka ha Elisha a ile a bo bona?

E tlameha hore Elia o ile a ameha haholo ha motswalle wa hae Elisha a mo bontsha lerato. Elisha o ile a ba le monyetla wa ho bona mohlolo wa Elia wa ho qetela. Ha ba le lebopong la Noka ya Jordane e neng e tebile haholo, Elisha o ile a otla metsi ka seaparo sa hae se kgethehileng. Metsi a ile a arohana! Hape ho ne ho e na le “banna 50 ba bara ba baprofeta” ba ileng ba ya mme ba shebella ha Elia a etsa mohlolo oo, e ne e le banna ba kwetlisitsweng ho etella pele borapedi ba nnete. (2 Marena 2:7, 8) E ka nna yaba Elia o ile a bona ha banna bana ba kwetliswa. Ho ile ha e ba le nako eo ka yona Elia a ileng a ikutlwa e ka ke yena feela monna ya setseng ya sebeletsang Jehova a sebakeng seo. Ho tloha ka nako eo, Jehova o ile a putsa mamello ya Elia ka hore a mo dumelle ho bona batho ba bangata ba seng ba mosebeletsa.​—1 Marena 19:10.

Kamora hore ba tshele Noka ya Jordane, Elia o ile a re ho Elisha: “Kopa seo nka o etsetsang sona pele ke tloswa ho wena.” Elia o ne a tseba hore nako ya hore a tsamaye e ne e se e fihlile. Ha a ka a jella Elisha mona ka lebaka la hore mosebetsi oo a neng a o etsa o ne o se o tlo etswa ke yena. Ho e na le hoo, o ne a ikemiseditse ho mo thusa. Elisha o ile a etsa kopo ena: “Ke kopa hore dikarolo tse pedi tsa moya wa hao di tle ho nna.” (2 Marena 2:9) O ne a sa bolele hore o batla ho fumana moya o halalelang habedi oo Elia a neng a na le wona. Ho e na le hoo, o ne a kopa ho fumana lefa leo mora wa letsibolo a le fumanang, leo ka molao a fumanang dikarolo tse pedi nthong e nngwe le e nngwe e le hore a kgone ho nka boikarabelo ba ho ba hlooho ya lelapa hantle. (Deuteronoma 21:17) Jwalo ka ha e ne e tlaba mojalefa wa mosebetsi wa Elia, o ile a bona bohlokwa ba hore a be le sebete se tshwanang le sa Elia e le hore a kgone ho etsa mosebetsi oo.

Ka boikokobetso, Elia o ile a tlohella hore e be Jehova ya arabang. Haeba Jehova a ne a ka dumella Elisha ho bona Elia a nkuwa, jwale eo e ne e tlaba karabo ya hore Jehova o a dumela. Le pele ba ya ho kae, ha metswalle ena e ntse e “bua ba ntse ba tsamaya,” ho ile ha etsahala ntho e hlollang!​—2 Marena 2:10, 11.

Setswalle sa Elia le Elisha se ile sa ba thusa hore ba mamelle ha ba e na le mathata

Kganya e kgolo e sa tlwaelehang ya hlaha hodimo mme ya nna ya atamela. O ka nahana o se o bona banna bana ba babedi ba tshohile ha ba utlwa modumo o bakang lerata le leholo wa sefefo o tla ha mmoho le lehadima. Ba ile ba bona koloi e kang e entswe ka mollo. Elia o ne a tseba hore nako ya hae e ne e se e fihlile. Na o ile a palama koloi eo? Bibele ha e re bolelle. O ile a ikutlwa a se a le hodimo kwana moyeng a nkilwe ke sefefo!

Elisha o ne a hlolletswe ha a bona seo. Yaba o a hlokomela hore Jehova o mo fa karabo eo a neng a e lebelletse, ya hore a fumane “dikarolo tse pedi” tsa hore a be sebete jwalo ka Elia. Empa o ile a utlwa bohloko ha a bona seo. O ne a sa tsebe hore na motswalle wa hae o ne a ya hokae empa o ne a tseba hore mohlomong a ke ke a hlola a mo bona hape. O ile a lla a hweletsa a re: “Ntate, Ntate, koloi ya ntwa ya Iseraele le banna ba hae ba dipere!” O ile a bona ha mosuwe wa hae a falliswa yaba o hahola seaparo sa hae a utlwile bohloko haholo.​—2 Marena 2:12.

Ha Elia a nyolohela hodimo, na o ile a utlwa motswalle wa hae ha a lla mme le yena a qala ho lla? O ne a tseba hore ho ba le motswalle ya jwalo ho mo thusitse hore a hlole mathata a mangata. Re etsa hantle ha re ithuta mohlaleng wa Elia mme re etsa setswalle le batho ba ratang Modimo le ba batlang ho etsa thato ya hae!

Elisha o bona ha Elia a nkuwa ke sefefo se mo isa hodimo

Jehova o ile a isa Elia mosebetsing o motjha

Mosebetsi wa Hae wa ho Qetela

Elia o ile a ya hokae? Madumedi a mang a ruta hore o ile lehodimong ho Modimo. Empa seo se ka etsahala jwang? Dilemo hamorao, Jesu Kreste o ile a bontsha hore ha ho motho ya kileng a ya lehodimong pele ho yena. (Johanne 3:13) Ha re bala mantswe a reng: “Elia a nyolohela mahodimong ka sefefo,” re lokela ho ipotsa, ke mahodimo afe? (2 Marena 2:11) Bibele ha e sebedisa lentswe “mahodimo” ha e bue feela ka sebaka seo Modimo a dulang ho sona, empa e boetse e bua ka sepakapaka seo maru a dulang ho sona le moo dinonyana di fofang teng. (Pesaleme ya 147:8) Ka hoo, mahodimo ao Elia a ileng a nkelwa ho ona, ke sepakapaka. Jwale ho ile ha etsahalang ka mora moo?

Jehova o ne a isitse moprofeta enwa mosebetsing wa hae o ntjha, naheng ya boahelane ya Juda. Bibele e bontsha hore Elia o sebeditse moo dilemo tse ka hodimo ho tse supileng. Ka nako eo ho ne busa morena ya kgopo Juda e leng Jorame. O ne a nyetse moradi wa Akabe le Jezebele ka hoo tshusumetso ya bona e mpe e ne e ntse e le teng. Jehova o ile a re Elia a ngole lengolo le buang ka kahlolo ya Jorame. Jorame o ile a shwa lefu le bohloko jwalo ka ha Jehova a ne a boletse. Ntho e bohloko ka ho fetisisa ke hore Bibele e bolela hore ha hona motho ya ileng a utlwa bohloko ha a shwa.​—2 Likronike 21:12-20.

Phapang ebile e kgolo hakaakang pakeng tsa monna eo ya kgopo le Elia! Ha re tsebe hore na Elia o ile a shwa jwang le hore na neng. Empa re a tseba hore ha a shwa jwalo ka Jorame, eo ho neng ho sena motho ya ileng a mo hopola ha a shwa. Elisha o ile a hopola motswalle wa hae. Le baprofeta ba bang ba tshepahalang ba ile ba mo hopola. Jehova o ile a nna a dula a rata Elia le ka mora dilemo tse 1 000, o ile a mo sebedisa ponong eo Petrose, Jakobo le Johanne ba ileng ba e bona. (Matheu 17:1-9) Na o batla ho ithuta mohlaleng wa Elia le ho matlafatsa tumelo ya hao hore o mamelle ha o kopana le maemo a boima? Ka hoo, o se ke wa lebala ho etsa setswalle le batho ba ratang Modimo le ho etsa ho sebeletsa Jehova e be ntho ya bohlokwa bophelong ba hao ha mmoho le ho rapela ho tswa pelong. E se e ka le wena o ka ba eo Modimo a mo ratang ho tswa pelong!

a Ditsebi tse ding di re ho ka etsahala hore ebe thaba eo ho buuwang ka yona ke Thaba ya Karmele, moo Jehova a ileng a fa Elia matla a ho hlola baprofeta ba Baale dilemong tse fetileng. Le ha ho le jwalo, Bibele ha e bolele hore na e ne e le thaba efe eo ho buuwang ka yona.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share