LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 47 leq. 114-leq. 115 ser. 3
  • Jehova o Matlafatsa Elia

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Matlafatsa Elia
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • O ile a Mamella ho isa Qetellong
    Etsisa Tumelo ya Bona
  • Baiseraele Thabeng ya Karmele
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Tshepa Jehova ha o le Tlasa Kgatello
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 47 leq. 114-leq. 115 ser. 3
Elia o eme ka ntle ho lehaha le Thabeng ya Horebe mme o mametse lengeloi la Modimo

THUTO YA 47

Jehova o Matlafatsa Elia

Ha Jezebele a utlwa ka se etsahetseng ho baprofeta ba Baale, o ile a kwata haholo. A romela Elia molaetsa o reng: ‘Hosane o tla be o shwele jwalo ka baprofeta bao ba Baale.’ Elia o ile a tshoha haholo mme a balehela ka ntle ho motse. A rapela a re: ‘Jehova, ha ke kgone ho mamella boemo bona. Ntlohele ke shwe.’ Ka ha o ne a kgathetse, o ile a robala tlasa sefate.

Ha Elia a ntse a robetse, lengeloi la mo tsosa la re: ‘Tsoha o je.’ Elia a bona bohobe le jeke ya metsi. O ile a ja le ho nwa mme a robala hape. Lengeloi la mo tsosa hape la re: ‘Tsoha o je hobane o hloka matla bakeng sa leeto la hao.’ Ka hoo Elia a ja dijo tse eketsehileng. Yaba o tsamaya matsatsi a 40 le masiu a 40 ho fihlela a fihla Thabeng ya Horebe. Ha a le moo a kena ka lehaheng mme a robala. Empa Jehova a bua le yena a re: ‘Elia, o batlang moo?’ Elia a re: ‘Baiseraele ha ba a phethahatsa seo ba o tshepisitseng sona. Ba sentse dialetare tsa hao mme ba bolaile baprofeta ba hao. Le nna ba batla ho mpolaya.’

Jehova a re ho yena: ‘Tsamaya o ye thabeng.’ Ho ile ha eba le moya o matla lehaheng. Ka mora moo, ha eba le tshisinyeho ya lefatshe le mollo. Qetellong, Elia a utlwa lentswe le buelang tlase. A ikwahela sefahleho ka seaparo sa hae mme a tswela ka ntle. Jehova a mo botsa hore na ke hobaneng ha a baleha. Elia a re: ‘Ke setse ke le mong.’ Empa Jehova a re ho yena: ‘Ha o mong. Ho na le batho ba 7 000 Iseraele ba ntseng ba nthapela. Tsamaya o kgethe Elisha hore e be moprofeta ya tla o nkela sebaka.’ Hanghang Elia a etsa seo Jehova a mo laetseng sona. Na o nahana hore Jehova a ka o thusa ha o etsa seo a batlang hore o se etse? E, a ka o thusa. A re boneng hore na keng e ileng ya etsahala nakong ya komello.

“Le se ke la tshwenyeha ka letho. Ho ena le hoo, le rapele Modimo ka mehla, le mo kope ka tiyo hore a le tataise dinthong tsohle mme le mo lebohe ka mehla.”​—Bafilipi 4:6

Dipotso: Ke hobaneng ha Elia a ile a baleha? Jehova o ile a reng ho Elia?

1 Marena 19:​1-18; Baroma 11:​2-4

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share