THUTO YA 46
Baiseraele Thabeng ya Karmele
Maloko a leshome a Iseraele a bile le marena a mangata a kgopo empa Akabe o ne a le kgopo ho a feta kaofela. O ile a nyala mosadi ya kgopo ya rapelang Baale. Lebitso la hae e ne e le Jezebele. Batho ba naha ba ile ba rapela Baale ka lebaka la Akabe le Jezebele. Akabe le Jezebele ba ile ba boela ba bolaya baprofeta ba Jehova. Jehova o ile a etsang? O ile a roma moprofeta Elia hore a fe Akabe molaetsa.
Elia o ile a bolella Akabe hore pula ha e tlo na Iseraele ka lebaka la dintho tse mpe tseo a di etsang. Ka dilemo tse fetang tse tharo, dijalo ha di a ka tsa hola mme batho ba lapa. Jehova a boela a romela Elia ho Akabe. Morena Akabe a re ho yena: ‘O dikgathatso! Ke wena ya entseng hore ho be le komello.’ Elia a re: ‘Ha se nna ya entseng hore ho be le komello. E tlisitswe ke wena ka ho rapela Baale. E le hore re bone hore na ke mang ya buang nnete, bokella setjhaba le baprofeta ba Baale Thabeng ya Karmele.’
Ka hoo, Baiseraele ba ya thabeng. Elia a re ho bona: ‘Iketsetseng qeto. Haeba Jehova ke Modimo wa nnete, mo lateleng. Empa haeba Baale ke yena, mo lateleng. Re tla bona hore na ke mang ya tla hlola. Baprofeta ba Baale ba 450 ba lokela ho lokisa sehlabelo sa bona mme ba rapele modimo wa bona. Le nna ke tla lokisa sehlabelo bakeng sa Jehova mme ke mo rapele. Modimo ya tla arabela ka ho tlisa mollo ke yena wa nnete.’ Baiseraele ba dumela.
Baprofeta ba Baale ba lokisa sehlabelo sa bona. Ba qeta letsatsi lohle ba ntse ba re: ‘Baale re arabe!’ Elia a soma Baale ha a sa ba arabe, a re: ‘Hweletsang haholo. Mohlomong o robetse mme e mong o lokela ho mo tsosa.’ Ya eba mantsiboya baprofeta ba Baale ba ntse ba mo bitsa. Empa o ne a ntse a sa ba arabe.
Yaba Elia o beha sehlabelo sa hae aletareng mme a se tshela ka metsi. A rapela a re: ‘Jehova, ka kopo thusa batho bana hore ba tsebe hore o Modimo wa nnete.’ Hanghang Jehova a tjhesa sehlabelo sa Elia ka mollo. Yaba setjhaba se a hweletsa, se re: ‘Jehova ke Modimo wa nnete!’ Elia a re: ‘Le se ke la dumella baprofeta ba Baale hore ba balehe!’ Yaba letsatsing leo, baprofeta ba 450 ba Baale ba a bolawa.
Qetellong komello e ile ya fela. Ha leru le lenyenyane le hlaha hodima lewatle, Elia o ile a re ho Akabe: ‘Pula ya tla. Palama kariki ya hao o ye hae.’ Lehodimo le ile la eba letsho ke maru, moya wa foka mme pula e matla ya qala ho na. Akabe a kganna kariki ya hae kapele ka moo a ka kgonang. Empa Jehova a thusa Elia hore a mathe ka lebelo a siye kariki eo ya Akabe. Na mathata a Elia a ne a fedile? A re bone.
“E se eka batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, ke wena feela Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.”—Pesaleme ya 83:18