THUTO YA 50
Jehova o Sireletsa Josafate
Morena wa Juda ya bitswang Josafate o ile a fedisa dialetare tsa Baale le ditshwantsho tse rapelwang naheng eo. O ne a batla hore batho ba tsebe melao ya Jehova. Ka hoo, a romela babusi le Balevi dibakeng tsohle tsa Juda hore ba rute batho melao ya Jehova.
Ditjhaba tse haufi di ne di tshaba ho hlasela Juda ka ha di ne di tseba hore Jehova o tshehetsa batho ba hae. Ka hoo, tsa tlisetsa Morena Josafate dimpho. Empa Bamoabe, Baamone le batho ba ditjhaba tse ding ba tswang sebakeng se dithaba sa Seire, ba tla ho tla hlasela Juda. Josafate o ne a tseba hore o hloka thuso ya Jehova. Ka hoo, a bokella banna, basadi le bana Jerusalema. A rapela ka pela bona a re: ‘Jehova, re kopa o re thuse. Re kopa o re bolelle hore na re etseng.’
Yaba Jehova o re ho bona: ‘Le se ke la tshoha. Ke tla le thusa. Emang dibakeng tsa lona mme le bone ha ke le pholosa.’ Jehova o ile a ba pholosa jwang?
Ka le hlahlamang hoseng, Josafate o ile a kgetha dibini mme a re di tsamaye ka pela masole. Yaba ba tloha Jerusalema ba ya ntweng e neng e lwanelwa sebakeng se bitswang Tekowa.
Ha dibini di ntse di rorisa Jehova ka pina, o ile a lwanela batho ba hae. A ferekanya Baamone le Bamoabe hoo ba ileng ba qala ho bolayana mme ha se ke ha eba le ya mong wa bona ya phonyohang. Empa Jehova a sireletsa batho bohle ba Juda. Batho ba ditjhaba tsohle ba utlwa seo Jehova a se entseng. Ka hoo, ba tseba hore Jehova o ne a sireleditse batho ba hae. Empa Jehova o sireletsa batho ba hae jwang? Ka ditsela tse ngata. Ha a hloke thuso ya batho.
“Ho ke ke ha hlokahala hore le lwane. Le eme feela mme le bone ha Jehova a le pholosa.”—2 Dikronike 20:17