LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w17 March maq. 18-22
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • PELO YA ASA “E NE E FELETSE HO JEHOVA”
  • JOSAFATE O ILE A BATLA JEHOVA
  • EZEKIASE O ILE A TSWELA PELE A ETSA SE NEPAHETSENG
  • JOSIASE O ILE A MAMELA DITAELO TSA JEHOVA
  • SEBELETSA JEHOVA KA PELO E FELETSENG
  • Na o Tla Tshepa Dintho Tse Ngotsweng?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Sebedisa Nako eo o Nang le Bolokolohi ba ho Sebeletsa Jehova ha Molemo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Barababo Rona ba Batjha, le ka Etsang Hore Batho ba Bang ba le Tshepe?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Eba Sebete Jwalo ka Asa
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
w17 March maq. 18-22
Asa, Josafate, Esekiase, le Josiase

Asa, Josafate, Esekiase, Josiase

Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng

“Ka kopo, hopola kamoo ke tsamaileng ka pela hao ka nnete le ka pelo e feletseng.”—2 MAR. 20:3.

DIPINA: 52, 65

O KA ARABA JWANG?

  • Ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng ho bolelang?

  • Re ithutang tabeng ya hore Jehova o ile a ananela marena a mane a Juda?

  • Ke morena o feng eo o ka batlang ho mo etsisa hara marena ao a mane, hona hobaneng?

1-3. Ho sebeletsa Jehova “ka pelo e feletseng” ho akarelletsang? Fana ka mohlala.

KAHA ha re ya phethahala re etsa diphoso. Empa ho thabisang ke hore Jehova ha a re shebe “ho ya ka dibe tsa rona,” ho feta moo, haeba re bakela diphoso tsa rona, Jehova o wa re tshwarela ka lebaka la sehlabelo sa Jesu. (Pes. 103:10) Leha ho le jwalo, e le hore Jehova a mamele dithapelo tsa rona re lokela ho mo ‘sebeletsa ka pelo e feletseng,’ jwalo ka ha Davida a ile a bolella Solomone. (1 Likron. 28:9) Re ka etsa seo jwang empa re sa phethahala?

2 Se ka re thusang ke ho bapisa bophelo ba Morena Asa le ba Morena Amazia. Marena ao a Juda ka bobedi a ile a sebeletsa Jehova, empa Asa o ile a mo sebeletsa ka pelo yohle. (2 Likron. 15:16, 17; 25:1, 2; Liprov. 17:3) Ba ne ba sa phethahala, kahoo ba ne ba etsa diphoso. Leha ho le jwalo, Asa ha aa ka a kgeloha ditsela tsa Modimo, hobane o ne a inehetse ho Modimo ka pelo e “feletseng.” (1 Likron. 28:9.) Amazia yena o ne a sa inehela ho Jehova ka ho feletseng. Ka mora ho hlola dira tsa Modimo, o ile a kgutlisa medimo ya dira tseo mme a qala ho e rapela.​—2 Likron. 25:11-16.

3 Ho sebeletsa Modimo “ka pelo e feletseng” ho bolela ho inehela ho yena ka pelo yohle. Hangata ka Bibeleng lentswe “pelo” le bolela seo motho a leng sona ka hare. Ho akarelletsa seo a se batlang, a se nahang, tsela eo a itshwarang ka yona, bokgoni ba hae, dintho tse mo kgothatsang, le dintho tseo a batlang ho di finyella. Kahoo, motho ya sebeletsang Jehova ka pelo yohle ha a etse seo ka boikaketsi. Ha a sebeletse Jehova bakeng sa ho intsha bodutu. Ho thweng ka rona? Jwalo ka ha le rona re sa phethahala, haeba feela re sebeletsa Modimo re sa ikgakanye re tla be re mo sebeletsa ka pelo yohle.​—2 Likron. 19:9.

4. Re tlo tshohlang?

4 E le hore re utlwisise se bolelwang ke ho sebeletsa Modimo ka pelo e feletseng, ha re ke re tshohleng bophelo ba Asa le ba marena a mang a Juda a ileng a sebeletsa Modimo ka dipelo tse feletseng, e leng—Josafate, Ezekiase, le Josiase. Kaofela ha bona ba ile ba etsa diphoso empa Jehova o ile a tswela pele a ba amohela. Ke hobaneng ha a ile a etsa jwalo, hona re ka ithutang ho bona?

PELO YA ASA “E NE E FELETSE HO JEHOVA”

5. Ke dintho dife tseo Asa a ileng a di etsa?

5 Asa e ne e le morena wa boraro wa Juda ka mora hore mmuso o ka leboya wa meloko e leshome o arohane. O ile a fedisa borapedi ba ditshwantsho a ba a tebela banna ba matekatse ba neng ba sebeletsa tempeleng. O ile a ba a tlosa le nkgono wa hae Maaka hore e se ke ya e ba “mofumahadi, hobane o ne a etseditse palo e halalelang setshwantsho se rapelwang.” (1 Mar. 15:11-13) Ho feta moo, Asa o ile a kgothalletsa Bajuda hore “ba batle Jehova Modimo wa baholoholo ba bona mme ba phethe Molao le taelo.” Ka nnete o ile a ba thusa hore ba rapele Jehova.​—2 Likron. 14:4.

6. Asa o ile a etsang ha Baethiopia ba hlasela motse?

6 Ka dilemo tse leshome Asa a busa Juda, ha ho a ka ha e ba le dintwa. Ha morao Zera wa Moethiopia o ile a hlasela Juda ka masole a 1 000 000 le ka dipere tse 300 tsa ntwa. (2 Likron. 14:1, 6, 9, 10) Asa o ile etsang? O ile a itshetleha ka Jehova. (Bala 2 Likronike 14:11.) Modimo o ile a arabela thapelo ya Asa, mme a hlola masole a Ethiopia. (2 Likron. 14:12, 13) Le hoja marena a ne a sa tshepahalle Jehova ka ho feletseng, o ne a ba thusa ho hlola dintweng tsa bona molemong wa lebitso la hae. (1 Mar. 20:13, 26-30) Leha ho le jwalo, Asa o ile a tswela pele a itshetlehile ka Jehova, mme Jehova o ne a araba dithapelo tsa hae. Ka maswabi, ha morao Asa o ile a etsa dintho ka bothoto. Ka mohlala o ile batla thuso ho morena wa Syria ho e na le ho e batla ho Jehova. (1 Mar. 15:16-22) Leha ho le jwalo, “pelo ya Asa e ne e feletse ho Jehova ka matsatsi ohle a hae.” Jwale re ka etsisa mohlala wa Asa jwang ka ho etsa dintho tse ntle?​—1 Mar. 15:14.

7, 8. O ka etsisa Asa jwang?

7 E mong le e mong wa rona a ka kgona ho itlhahloba hore na o inehetse ho Modimo ka pelo yohle kapa tjhe. Ipotse, ‘Na ke ikemiseditse ho thabisa Jehova, ho emela borapedi ba nnete le ho se silafatse phutheho ya Modimo?’ Nahana ka sebete seo Asa a ileng a se bontsha ha a ne a ema kgahlanong le Maaka “mofumahadi” wa motse. E ka nna ya ba ha o eso kopane le motho ya tshwanang le mofumahadi eo, empa ho na le boemo boo ho bona o ka etsisang Asa. Ka mohlala, o ka etsang haeba motswalle wa hao kapa setho sa lelapa se etsa sebe ebile se sa bake mme qetellong se kgaolwa? Na o tla tlohela ho buisana le yena? Kapa o tla etsang?

8 Kahoo, jwalo ka Asa o ka bontsha hore pelo ya hao e feletse ho Modimo ka ho mo tshepa ha o tobana le kganyetso esita le tlasa maemo a thata. O ka nna wa tshwarwa hampe sekolong ka lebaka la hore o e mong wa Dipaki Tsa Jehova. Kapa mohlomong basebetsi mmoho le wena ba ka nna ba o nka o le sephoqo ka ho nka matsatsi mosebetsing, hobane o batla ho ya kopanong le ha o sa sebetse ka dinako tseo e seng tsa mosebetsi molemong wa tjhelete. Maemong a jwalo, etsisa Asa ka hore o kope thuso ho Modimo. Ka sebete tshepa Jehova, mme o emele se nepahetseng. Kgodiseha hore Modimo o tla o matlafatsa jwalo ka ha a ile a matlafatsa Asa.

9. Ha re buisana le batho ka molaetsa wa Bibele, re ka bontsha jwang hore sebeletsa Modimo ka pelo yohle?

9 Bahlanka ba Modimo ha ba itjhebe bobona feela. Empa ba etsisa Asa mme ba thusa batho ba bang ho tla borapeding ba nnete. Le rona re lokela ho thusa batho “ho batla Jehova.” Ho feta moo, Jehova o wa thaba ha a bona re buisana le batho ka molaetsa wa hae, mme re etsa seo hobane re mo rata ebile re amehile ka bophelo ba batho ba bang.

JOSAFATE O ILE A BATLA JEHOVA

10, 11. Re ka etsisa Josafate jwang?

10 Josafate mora wa Asa o ile “a nna a tsamaya tseleng ya ntatae Asa.” (2 Likron. 20:31, 32) Hobaneng ha re tjho jwalo? Jwalo ka ntatae, Josafate o ile a kgothalletsa batho ho batla Jehova. O ile a etsa seo ka ho hlophisa hore Bajuda ba rutwe ho sebediswa “buka ya Molao wa Jehova.” (2 Likron. 17:7-10) O ile a ba a etela karolong e ka leboya ya Israele ho batho ba sebakeng se dithaba sa Efraime, ho ba “kgutlisetsa ho Jehova.” (2 Likron. 19:4) Josafate e ne e le morena “ya ileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae.”—2 Likron. 22:9.

11 Kaofela ha rona re ka kenya letsoho mosebetsing oo Jehova a o hlophisitseng kajeno wa ho bolela ditaba tse molemo. Na o ikemiseditse ho ruta batho Lentswe la Modimo kgwedi le kgwedi, le ho ba kgothalletsa ho sebeletsa Modimo? Na ke ntho eo o e rapellang? Ha o sebetsa ka thata hore o be le thuto ya Bibele, Modimo o tla o hlohonolofatsa. Na o nka seo e le sa bohlokwa hoo o ka telang nako ya hao? Hape, jwalo ka ha Josafate a ile a ya Efraime ho ya thusa batho hore ba kgutlele borapeding ba nnete, le rona re ka leka ho thusa ba seng ba kgaoditse ho sebeletsa Jehova. Ho ekelletsa moo, baholo ba etela batho ba kgaotsweng ho ba thusa ho kgutlela ho Jehova.

12, 13. (a) Josafate o ile a etsang ha a tobana le maemo a thata? (b) Ke hobaneng ha re lokela ho etsisa Josafate ka ho dumela hore re na le mefokolo?

12 Jwalo ka ntate wa hae, Josafate o ile a itshetleha ka Jehova le nakong eo dira di mo hlaselang. (Bala 2 Likronike 20:2-4.) Josafate o ne a tshohile. Leha ho le jwalo o ile a ‘batla Jehova.’ Ka boikokobetso thapelong ya hae o ile a dumela hore ha ba na “matla ka pela bongata bona bo boholo,” mme yena le batho ba hae ba ne ba sa tsebe seo ba ka se etsang. O ile a tshepa Jehova ka ho feletseng, mme a re: “Mahlo a rona a tadimile ho wena.”​—2 Likron. 20:12.

13 Ka dinako tse ding, le rona jwalo ka Josafate, re ka nna ra tshoha, le ho se tsebe seo re lokelang ho se etsa. (2 Bakor. 4:8, 9) Empa hopola hore Josafate o ile a bontsha phatlalatsa thapelong ya hae kamoo yena le batho ba hae ba ikutlwang ba fokola kateng. (2 Likron. 20:5) Ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela malapa a bona tumelong, ba ka etsisa Josafate ka ho kopa tataiso le matla ho Jehova, ha ba hloka thuso bothateng bofe kapa bofe boo ba ka kopanang le bona. O se ke wa swabela hore lelapa la hao le utlwe ha o kopa sena. Lelapa la hao le tla hlokomela hore o tshepa Jehova. Modimo o tla o thusa jwalo ka ha a ile a thusa Josafate.

EZEKIASE O ILE A TSWELA PELE A ETSA SE NEPAHETSENG

14, 15. Ezekiase o ile a bontsha jwang hore o tshepile Modimo ka pelo yohle?

14 Ezekiase o ile a tsebahala e le morena ya ileng “a nna a kgomarela Jehova” ho sa tsotellehe diketso tse mpe tsa ntate wa hae ya neng a rapela ditshwantsho. Ezekiase o ile “a tlosa dibaka tse phahameng mme a roba ditshiya tse halalelang dikoto yaba o rema palo e halalelang mme o silakanya noha ya koporo eo Moshe a neng a e entse,” e neng e se e sebedisetswa borapedi ba ditshwantsho ka nako eo. O ne a inehetse ho Jehova ka ho feletseng hoo a ileng “a tswela pele a boloka ditaelo . . . tseo Jehova a neng a di laetse Moshe.”—2 Mar. 18:1-6.

15 Ezekiase o ile a nna a dula a tshepile Jehova ka pelo yohle ya hae le nakong eo ka yona Baasyria ba neng ba le matla lefatsheng, ba hlasela Juda ebile ba tshosetsa ho timetsa Jerusalema. Morena wa Assyria Sankeribe o ile a nyefola Jehova, mme a leka ho tshosa Ezekiase e le hore a inehele. Leha ho le jwalo, thapelong ya hae Ezekiase o ile a bontsha kamoo a tshepang Jehova kateng. (Bala Esaia 37:15-20.) Modimo o ile a arabela thapelo ya hae ka ho romela lengeloi le ileng la bolaya Baassyria ba 185 000.​—Esa. 37:36, 37.

16, 17. O ka etsisa Ezekiase jwang?

16 Ha morao Ezekiase o ile a kulela lefu. O ile a kopa Jehova hore a hopole dinako tseo a ileng a mo sebeletsa ka tsona. (Bala 2 Marena 20:1-3.) Re ya tseba hore re phela dinakong tseo ka tsona re ke keng ra lebella hore Modimo a re thuse ka mohlolo haeba re kula kapa re batla ho lelefatsa bophelo ba rona. Kahoo, jwalo ka Ezekiase re ka rapela Jehova ra re: “Hopola kamoo ke tsamaileng ka pela hao ka nnete le ka pelo e feletseng.” Na o wa dumela hore Jehova a ka o thusa leha o kula?​—Pes. 41:3.

17 Ha re nahana ka mohlala wa Ezekiase, re ka nna ra bona e ka ho na le ntho eo re tlamehang ho e fetola e le hore e se ke ya senya setswalle sa rona le Modimo. Ho hlakile hore ha re batle ho tshwana le batho ba lefatshe lena ba sebedisang metjha ya puisano hampe, mme ba nkela batho ba bang hodimo. Ke nnete, Bakreste ba bang ba ka bona ho le molemo ho sebedisa metjha ena ho buisana le metswalle le ditho tsa lelapa. Empa ba bang lefatsheng mona ba e sebedisa hampe ka ho buisana le batho bao ba sa ba tsebeng. Kapa ba qeta nako ba shebane le dinepe tsa batho kapa ba bala ka bona. Seo se ka senya nako e ngata haholo. Mokreste a ka ikgohomosa hobane batho ba rata dintho tseo a di behang metjheng eo ya puisano, hape a ka nna a se thabe haeba ba sa di rate. Ako nahane feela moapostola Pauluse kapa Akuila le Prisilla ba qeta nako ya bona ba kenya dinepe tsa bona metjheng ya puisano kapa ba shebashebana le seo ba bang ba se kentseng metjheng eo. Bibele e re Pauluse o ne a ‘tshwarehile ka matla haholo ka lentswe.’ Hape Prisilla le Akuila ba ile ba qeta nako ya bona ba hlalosetsa ba bang “tsela ya Modimo ka mokgwa o nepahetseng haholwanyane.” (Lik. 18:4, 5, 26) Re ka ipotsa, ‘Na ke qoba ho nkela batho ba bang hodimo le ho se qete nako e ngata ke etsa dintho tse se nang thuso?’​—Bala Baefese 5:15, 16.

JOSIASE O ILE A MAMELA DITAELO TSA JEHOVA

18, 19. Ke ka ditsela dife o ka etsisang Josiase?

18 Morena Josiase, setloholo sa Ezekiase le yena o ile a mamela ditaelo tsa Jehova “ka pelo yohle ya hae.” (2 Likron. 34:31) Botjheng ba hae o ile “a qala ho batla Modimo wa moholoholo wa hae Davida.” Ha a le dilemo di 20 o ile a qala ho fedisa borapedi ba ditshwantsho Juda. (Bala 2 Likronike 34:1-3.) Josiase o ne a thabela ho kgahlisa Modimo ho feta marena a mang kaofela a Juda. Le nakong eo a ileng a ballwa Molao wa Moshe, o ile a bona ho hlokahala hore a sebeletse Modimo le ho feta. O ile a kgothalletsa ba bang hore ba sebeletse Jehova. Kahoo bophelong bohle ba hae, batho “ha baa ka ba kgeloha ho latela Jehova.”​—2 Likron. 34:27, 33.

19 Jwalo ka Josiase, ba batjha ba lokela ho sebeletsa Jehova botjheng ba bona. Morena Manase ya neng a bakile, e ka nna ya ba o ne a se a bolelletse Josiase ka mohau wa Modimo. Batjha ithuteng ho ba seng ba hodile ka malapeng a lona le ka phuthehong, mme le bone kamoo Jehova a ileng a ba thusa kateng. Hopola hore Josiase o ile a thuswa ke ho bala Mangolo mme seo se ile sa etsa hore a etse diphetoho. Ho bala Lentswe la Modimo ho ka etsa hore o etse diphetoho tse tla etsa hore o thabe, o matlafatse kamano ya hao le Modimo le tse tla etsa hore o batle ho thusa ba bang hore ba batle Modimo. (Bala 2 Likronike 34:18, 19.) Ho ka boetse ha o thusa ho ntlafatsa tshebeletso ya hao ho Modimo, haeba o ikitlaetsa jwalo ka Josiase.

SEBELETSA JEHOVA KA PELO E FELETSENG

20, 21. (a) Ke ntho efe eo marena ana a mane ao re buileng ka ona a tshwanang ka yona? (b) Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

20 Na o bona melemo ya ho sebeletsa Jehova ka pelo e feletseng, ha o hopola marena a mane ao re buileng ka ona a Juda a ileng a mo sebeletsa ka pelo yohle? Ba ne ba tjhesehela ho etsa thato ya Modimo mme ba ne ba inehetse ho Modimo ka ho feletseng. Ba ile ba tswela pele ba etsa seo Modimo a se batlang. Ba ile ba etsa seo le dinakong tse thata. Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore ba ne ba sebeletsa Jehova ka botshepehi.

21 Jwalo ka ha re tla bona sehloohong se latelang, marena ao re seng re buile ka ona a ile a etsa diphoso. Leha ho le jwalo, Mohlahlobi wa dipelo o ile a bona hore dipelo tsa ona di feletse ho yena. Le rona ha re ya phethahala. Na ha Jehova a re hlahloba, o kgona ho bona hore re mo sebeletsa ka pelo e feletseng? Ha re ke re boneng taba ena sehloohong se latelang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share