LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 53 leq. 128
  • Jehojada o Bontsha Hore o Sebete

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehojada o Bontsha Hore o Sebete
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Ke Hobaneng ha re Lokela ho Hlompha Jehova?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Sebete
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Mosadi ya Kgopo ya Ratang Botumo o Fumana Kotlo
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Selelekela sa Karolo ya 9
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Tse Ding
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 53 leq. 128
Moprista ya Phahameng Jehojada o hlahisa Morena Joase e monyenyane ka pela setjhaba

THUTO YA 53

Jehojada o Bontsha Hore o Sebete

Jezebele o ne a ena le moradi ya bitswang Athalia, ya neng a le kgopo jwalo ka mme wa hae. Athalia o ne a nyetswe ke morena wa Juda. Ha monna wa hae a shwa, mora wa hae e ile ya eba morena. Ha mora eo wa hae a shwa, Athalia a ipeha boreneng ba Juda. Yaba o leka ho bolaya lelapa lohle la boreneng, esita le ditloholo tsa hae, hobane a batla hore ho buse yena feela. Batho bohle ba ne ba mo tshaba.

Moprista ya Phahameng Jehojada le mosadi wa hae, Josheba, ba ne ba tseba hore seo Athalia a se etsang se fosahetse. Ka hoo, ba ipeha kotsing ka ho pata setloholo se seng sa Athalia se bitswang Joase. Ba mo hodisetsa tempeleng.

Ha Joase a le dilemo di supileng, Jehojada a bokella balaodi le Balevi mme a re ho bona: ‘Lebelang menyako ya tempele e le hore ho se be le motho ya kenang.’ Yaba Jehojada o etsa Joase morena wa Juda mme a mo rwesa moqhaka hloohong. Batho ba Juda ba hweletsa ba re: ‘Morena o re phelele!’

Mofumahadi Athalia o a hweletsa

Mofumahadi Athalia a utlwa hore ho na le se etsahalang yaba o mathela tempeleng. Eitse ha a bona morena e motjha, a re: ‘Le entse bolotsana! Le entse bolotsana!’ Yaba balaodi ba tshwara mofumahadi eo ya kgopo, ba a mo bolaya. Empa na bokgopo ba hae setjhabeng bo ile ba fela?

Jehojada o ile a thusa setjhaba hore se etse selekane le Jehova, se mo tshepise hore se tla rapela Yena feela. Jehojada o ile a re se senye tempele ya Baale mme se tjhwatle medimo ya ditshwantsho. A beha balebedi dihekeng ho kata tempele e le hore ho se ke ha kena motho le ha e le ofe ya sa hlwekang. Yaba Jehojada le balebedi ba isa Joase ntlong ya borena mme ba mo etsa morena. Batho ba Juda ba thaba. Ba ne ba se ba ka kgona ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi, ho se ho se na Athalia ya kgopo le borapedi ba Baale. Na o a bona ka moo Jehojada a ileng a thusa batho ba bangata ka teng hobane a ne a le sebete?

“Le se ke la tshaba ba ka le bolayang empa ba ke ke ba le sitisa ho phela hape. Ho ena le hoo, le tshabe ya ka le fedisang Gehena.”​—Matheu 10:28

Dipotso: Jehojada o ile a etsang ho bontsha hore o sebete? Na o nahana hore Jehova a ka o thusa hore o be sebete?

2 Marena 11:1–12:​12; 2 Dikronike 21:​1-6; 22:​10-12; 23:1–24:16

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share