THUTO YA 67
Marako a Jerusalema
A re bueng hanyane ka se ileng sa etsahala Jerusalema. Nehemia ya neng a sebeletsa Morena Artaseksese, e ne e le Moiseraele ya dulang motseng wa Persia o bitswang Shushane. Ngwanabo Nehemia ya tswang Juda o ile a mo tlisetsa ditaba tse bohloko, a re: ‘Baiseraele ba Jerusalema ha ba a sireletseha. Dikeiti le marako a motse ao Bababilona ba a sentseng a ntse a eso tsosoloswe.’ Taba ena e ile ya utlwisa Nehemia bohloko. Ka hoo, a rera ho kgutlela Jerusalema ho ya thusa. O ile a kopa Jehova hore a etse hore morena a mo lokolle.
Ka mora matsatsi a seng makae, morena o ile a hlokomela hore Nehemia ha a thaba. Yaba o re: ‘Ke qala ho o bona o le tjena. Bothata keng?’ Nehemia a re: ‘Nka tlohela ho utlwa bohloko jwang empa marako a motse wa heso wa Jerusalema a wele?’ Ka hoo, morena a re: ‘O batla ke o thuse ka eng?’ Hanghang Nehemia a rapella ka pelong. Yaba o re ho morena: ‘Ke kopa o ntumelle hore ke kgutlele Jerusalema ho ya tsosolosa marako.’ Morena Artaseksese a re Nehemia a tsamaye mme a etsa bonnete ba hore o tla sireletseha ha a le tseleng. A boela a beha Nehemia e le mmusisi wa Juda mme a mo fa mapolanka a ho etsa dikeiti tsa motse.
Ha Nehemia a fihla Jerusalema, o ile a hlahloba marako a motse. Ka mora moo, a bokella baprista le baetapele mme a re ho bona: ‘Taba ena ha e hantle. Re lokela ho tsosolosa marako.’ Ba dumellana le yena mme ba qala ho a tsosolosa.
Empa dira tsa Baiseraele tsa qala ho ba soma, tsa re: ‘Le phokojwe e ka diha lerako lena leo le le hahang.’ Baiseraele ba iphapanyetsa dira tsa bona ha di ntse di ba soma mme ba tswela pele ba haha. Lerako la nna la nyoloha.
Yaba dira tsa Baiseraele di rera ho hlasela Jerusalema ka tshohanyetso. Ha Bajuda ba utlwa seo, ba tshoha. Empa Nehemia a re: ‘Le se ke la tshoha. Jehova o na le rona.’ Ka hoo, a beha balebedi ho kata basebetsi mme dira tsa sitwa ho ba hlasela.
Ba ile ba nka matsatsi a 52 feela hore ba qete marako le dikeiti tsa motse. Ka mora moo, Nehemia a bitsa Balevi bohle hore ba tle Jerusalema ha marako a bulwa ka molao. A ba hlophisa hore e be dihlopha tse pedi tsa dibini. Ba hlwella lerakong ka ditepisi tse Keiting ya Sediba, yaba ba pota motse ba o hlaha ka mahlakoreng a sa tshwaneng. Ba binela Jehova mme ba letsa diterompeta, disimbala le diharepa. Esdrase a tsamaya le sehlopha se seng mme Nehemia a tsamaya le se seng, ho fihlela ba kopana tempeleng. Batho bohle e leng banna, basadi le bana, ba etsetsa Jehova mahlabelo mme ba keteka. Motho o ne a utlwa a le hole hore ba thabile.
“Ha ho na sebetsa se etseditsweng ho o lwantsha se tla atleha.”—Esaia 54:17